Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 maq. 28-29
  • Na Batho ba Lokela ho Lula ’Moho Pele ba Nyalana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Batho ba Lokela ho Lula ’Moho Pele ba Nyalana?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Nama e le ’Ngoe”
  • “Le Ile Bohlola”
  • Ho Nyalana Kapa ho Phela Hammoho—Ho Molemo ke Hofe?
    Tsoha!—1992
  • Na le Lokela ho Lula ’Moho Pele le Nyalana?
    Se ka Thusang Lelapa
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 10/09 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na Batho ba Lokela ho Lula ’Moho Pele ba Nyalana?

NA U ka reka sutu kapa mose u sa itekanya oona pele? Mohlomong u ke ke ua etsa seo. Etsoe haeba hamorao u fumana hore phahlo eo ha e u lekane, u tla be u itšenyelitse nako le chelete.

Batho ba bangata ba nahana hore hoa tšoana le tabeng ea lenyalo. Ba lumela hore ho molemo ha monna le mosali ba lula ’moho pele ba itlama ka lenyalo. Ba fana ka mabaka a hore ‘haeba lintho li sa ba tsamaele hantle, monna le mosali ba ka ’na ba arohana ho sa hlokahale hore ba latele methati e rarahaneng e bileng e leng litšenyehelo ea ho hlala.’

Mohlomong ba bang ba nahana ka tsela eo hobane ba bone metsoalle ea bona e sotloa ke balekane. Kapa mohlomong ba bone liphello tse bosula tsa batho ba nyalaneng empa ba se ba sa ratane. Ka lebaka leo, ba ka ’na ba nahana hore ha batho ba lula ’moho ba sa nyalana, eo ke tsela e bohlale ea ho qoba mathata.

Bibele e re’ng tabeng ee? E le hore re arabe potso eo, a re qaleng ka ho hlahloba seo Lentsoe la Molimo le se bolelang ka tokisetso ea lenyalo.

“Nama e le ’Ngoe”

Bibele e khothalletsa batho hore ba hlomphe lenyalo, ’me seo ha se makatse, kaha ke Jehova Molimo ea thehileng tokisetso eo. (Genese 2:21-24) Ho tloha qalong, Jehova o ne a rerile hore monna le mosali ba lenyalong e be “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Ha Jesu a qeta ho qotsa temana e ka Bibeleng eo mantsoe ao a hlahang ho eona, o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6.

Ke ’nete hore ba bang ba kenang lenyalong ba tla hlalana hamorao.a Ha seo se etsahala, hase hobane tokisetso ea lenyalo e e-na le bofokoli bo itseng; empa ke hobane molekane e mong kapa ka bobeli ba hlōlehile ho hlompha likano tsa lenyalo tseo ba li entseng.

Ka mohlala: A re nke hore monna le mosali ba na le koloi, empa ha ba e hlokomele ho latela litaelo tsa moetsi oa eona. Haeba koloi eo e robeha, ke mang ea molato? Na ke moetsi oa eona kapa ke beng ba eona ba hlōlehileng ho e hlokomela ka tsela e loketseng?

Molao-motheo o tšoanang oa sebetsa le tabeng ea lenyalo. Ha monna le mosali ba ntlafatsa kamano ea bona ’me ba ikemiselitse ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho rarolla mathata, ha ho bonolo hore ba hlalane. Ka bobeli ba ikutloa ba sireletsehile lenyalong, kaha e mong o entse kano ho e mong. Kahoo lenyalo e ba motheo oa kamano e nang le lerato.

“Le Ile Bohlola”

Empa ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Ke’ng se phoso ha batho ba lula ’moho pele ba nyalana? Na ha baa lokela ho bona hore na ba ka sebelisana ’moho pele ba itlama, ho bontša hore ba nka lenyalo le halalela?’

Bibele e araba lipotso tseo ka tsela e hlakileng. Pauluse o ile a ngola, a re: “Le ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Lentsoe “bohlola” le akaretsa liketso tsohle tsa ho kopanela liphate le motho eo u sa nyalanang le eena. Seo se akarelletsa ho kopanela liphate ha batho ba lulang ’moho ba sa nyalana, esita le haeba ba ikemiselitse ho nyalana. Ho ea ka Bibele, ke phoso hore batho ba sa nyalanang ba lule ’moho—esita le haeba ba ikemiselitse ho nyalana hamorao.

Na pono ee ea Bibele e siiloe ke nako? Ba bang ba ka ’na ba nahana joalo. Etsoe, libakeng tse ngata, ho nkoa e le ntho e tloaelehileng hore batho ba lule ’moho, ebang ba ikemiselitse ho nyalana kapa che. Empa nahana ka liphello tsa seo. Na batho ba lulang ’moho ba sa nyalana ba fumane lekunutu la katleho ea lelapa? Na ba thabile ho feta batho ba nyalaneng? Na batho ba bangata ba lulang ’moho pele ba nyalana ba tšepahalla balekane ba bona ha ba se ba nyalane? Liphuputso li bontša hore ha ho joalo. Ha e le hantle, ho fumanehile hore banyalani ba bangata ba lutseng ’moho pele ba nyalana, ba ba le mathata a mangata lenyalong ’me qetellong baa hlalana.

Litsebi tse ling li ka ’na tsa re liphuputso tseo li fosahetse. Setsebi se seng sa kelello, se re: “Ha e le hantle, batho ba khethang ho nyalana ba sa qala [ka ho lula ’moho] ba nahana ka tsela e fapaneng le ba khethang [ho lula ’moho] pele ba nyalana.” Se re ho lula ’moho hase hona hoo e leng habohlokoa, empa taba ke “ho ananela bohlokoa ba ho ba lenyalong.”

Esita le haeba seo ke ’nete, se mpa se hatisa bohlokoa ba ho ba le pono e tšoanang le ea Molimo ka lenyalo. Bibele e re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle.” (Baheberu 13:4) Ha monna le mosali ba itlama hore e tla ba nama e le ’ngoe ’me ba hlompha tokisetso ea lenyalo, ba theha maqhama a ke keng a khaoha habonolo.—Moeklesia 4:12.

Ha re khutlela papisong e boletsoeng qalong, ke ntho e utloahalang hore u itekanye sutu kapa mose pele u o reka. Empa papiso eo ha e bontše hore batho ba lokela ho lula ’moho pele ba nyalana. Ho e-na le hoo, e bontša hore u lokela ho ipha nako e lekaneng ea hore u tsebe motho eo u batlang ho nyalana le eena. Mohato ona oa bohlokoa oo batho ba atisang ho o hlokomoloha ke o mong har’a e mengata e lebisang katlehong ea lelapa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bibele e lumella motho hore a hlale a be a kene lenyalong hape, haeba molekane e mong a kopanetse liphate le motho eo a sa nyalanang le eena.—Matheu 19:9.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Ke hobane’ng ha Bibele e lumella banyalani hore e be bona feela ba kopanelang liphate?—Pesaleme ea 84:11; 1 Bakorinthe 6:18.

◼ U lokela ho sheba litšobotsi life ha u batla molekane?—Ruthe 1:16, 17; Liproverbia 31:10-31.

[Lebokose le leqepheng la 29]

“O SITELOA ’MELE OA HAE”

Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) Lilemong tse mashome tse sa tsoa feta, bonnete ba mantsoe ao bo bonahalitsoe ke batho ba limilione ba bolailoeng ke AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate. Empa sena ha se felle moo. Liphuputso li bontša hore bacha ba bangata ba kopanelang liphate ba tepeletse maikutlo ’me ba bang ba leka ho ipolaea. Boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate bo boetse bo fella ka ho ima ho sa batleheng, e leng hoo mabakeng a mang ho etsang hore bacha ba batle ho ntša mpa. Ha re nahana ka lintlha tsena tse boletsoeng, re ka etsa qeto ea hore melao ea Bibele ea boitšoaro ha ea siuoa ke nako.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela