Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Bomalimabe?
Koloi e tsoa taolong ’me e thula palo, mopalami o tsoa likotsi tse mpe. Hang-hang mokhanni o ntša selefouno, o kōpa thuso. Empa ke’ng se entseng hore koloi e tsoe taolong? Mokhanni o ile a tlosa mahlo tseleng ho se hokae e le ha a araba fono.
JOALOKAHA mohlala ona o bontša, lintho tsa theknoloji ea kajeno e ka ba tlhohonolofatso kapa bomalimabe—ho itšetlehile ka hore na re li sebelisa joang. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba rate ho boela ba sebelisa lintho tsa khale. Ka mohlala, lik’homphieutha li re fokoletsa mosebetsi o khathatsang, li re nolofalletsa ho reka lintho ka Inthanete le ho sebelisa banka, ’me li re thusa ho buisana le ba bang ka e-mail, ka melaetsa e rekotiloeng kapa ka video.
Nakong e fetileng, litho tsa lelapa li ne li arohana hoseng ’me li qeta letsatsi li sa buisane ho fihlela mantsiboea. Empa koranta ea USA Today e tlaleha hore hona joale “banyalani ba etsang karolo ea 70 lekholong ba nang le liselefouno, baa founelana letsatsi le letsatsi ho utloa hore na e mong o ntse a ea joang, ba etsang karolo ea 64 lekholong baa founelana ho hlophisa kemiso ea bona, ’me batsoali ba etsang karolo ea 42 lekholong ba founela bana ba bona ka selefouno letsatsi ka leng.”
U se ke Ua Lumella Ntho e Molemo Hore e U Sitise
Na ho sebelisa theknoloji ka tsela e feteletseng kapa e sa lokelang ho ka ntša motho kotsi kelellong le ’meleng? Nahana ka mohlala oa banyalani ba bang ba bacha, ba naheng e ’ngoe ea Bophirimela. Ho ea ka tlaleho ea litaba, “ba ne ba lula ba le fonong—ha ba tsamaea ka likoloi, ha ba le boikoetlisong, ba bile ba founelana le ha ba le ka likamoreng tse fapaneng.” Ka linako tse ling, ba ne ba qeta metsotso e ka bang 4 000 ka khoeli ba ntse ba bua fonong—e leng lihora tse fetang tse 66—’me ba re ba ke ke ba phela kantle ho lifono tsa bona. Dr. Harris Stratyner, eo e leng setsebi sa mafu a kelello o ile a re ba na le “matšoao a bontšang hore ba e lemaletse. Ho tšoana le ha ba phelisana ka fono.”
E ka ’na eaba mohlala ona ke oa boemo bo feteletseng, empa o bontša mokhoa o tšoenyang oo batho ba nang le oona. Batho ba bangata ha ba batle le ho nahana feela ka taba ea hore ba ka qeta hora ba sa sebelise theknoloji. Moroetsana e mong ea lilemo li fetang 20 o re: “Nako ena kaofela re lokela ho lula re sheba melaetsa ea e-mail, re le Inthaneteng, re romellana melaetsa le metsoalle.”
Dr. Brian Yeo o tlalehile ho The Business Times of Singapore hore haeba theknoloji “e u nkela nako e ngata ebile u khetha ho tlohella lintho tse ling kaofela u shebane le eona, boo ke bopaki bo totobetseng ba hore ho na le ho hong ho phoso.” Ho feta moo, batho ba qetang lihora tse ngata ba ntse ba sebelisa lintho tsa theknoloji ha ba fumane nako ea ho ikoetlisa ’me ba kotsing ea ho tšoaroa ke lefu la pelo, lefu la tsoekere, kapa maloetse a mang a kotsi.
Likotsi tse ling li etsahala ka potlako. Ka mohlala, phuputsong e ’ngoe e entsoeng morao tjena mabapi le liselefouno, ho hlokometsoe hore likelello tsa bakhanni ba buang ka fono, ebang ba e tšoere kapa ha baa e tšoara, li thethefetse joaloka tsa batho ba khannang ba tahiloe! Ho romela melaetsa le hona ha motho a ntse a khanna ho ka ba kotsi, ’me patlisisong e ’ngoe ho fumanoe hore bakhanni ba etsang hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong, ba lilemo li 16 ho isa ho 27 ba romela melaetsa ba ntse ba khanna. Ho feta moo, haeba u batla ho bua kapa ho romela molaetsa ka selefouno u ntse u khanna, tseba hore haeba u hlaheloa ke kotsi, mapolesa le batho ba inshorense ba ka ’na ba hlahloba hore na u ne u ntse u sa sebelise selefouno, nakoana pele kotsi e etsahala. Ho founa kapa ho romela molaetsa ho ka baka tahlehelo e khōlō!a Ha ho batlisisoa ka kotsi ea terene e etsahetseng ka 2008, California, U.S.A., eo ho eona ho ileng ha shoa batho ba 25, ho ile ha fumaneha hore moenjiniere o ne a rometse molaetsa ka selefouno, metsotsoana feela pele terene e soahlamana. O ne a bile a sa hata mariki.
Kaha bana ba bangata ba sebelisa liselefouno le lik’homphieutha, hammoho le lintho tse bapalang ’mino le livideo, ba lokela ho ithuta ho li sebelisa ka tsela e bohlale le e nang le boikarabelo. Ba ka thusoa joang? Ka kōpo, bala sehlooho se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bohle ba lekang ho phela ka lithuto tsa Bibele ba lokela ho ameha ka ho khetheha hore ba se ke ba sitisoa ke ntho leha e le efe e ka ’nang ea e-ba kotsi.—Genese 9:5, 6; Baroma 13:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Na lintho tsa theknoloji li u jella nako e ngata?