Bo-’mè ba Phetseng Hantle, Masea a Phetseng Hantle
LESEANYANA le phetseng hantle, le khotsofetseng le ithobaletse hamonate liatleng tsa ’m’a lona. Ntate o motlotlo haholo ka seo. Kaha sena se etsahala ka makhetlo a limilione selemo le selemo, ho bonolo hore motho a nke hanyane taba ea ho hlaha ha lesea ka tsela e tloaelehileng. Etsoe ke ntho ea tlhaho—ke hobane’ng ha re ka ra tšoenyeha ka eona?
Ke ’nete hore hangata lintho li tsamaea hantle ha lesea le hlaha, empa hase kamehla. Kahoo, batsoali ba masene ba lebeletseng lesea ba leka ka hohle ho qoba mathata a ka ’nang a e-ba teng ho sa hlokahale. Ka mohlala, ba ithuta ka lisosa tsa mathata a ka ’nang a e-ba teng ha motho a pepa, ba batla tlhokomelo ea boleng bo botle pele ngoana a hlaha, ’me ba nka khato ho fokotsa likotsi tse ka ’nang tsa e ba teng nakong ea ho pepa. A re tšohleng lintlha tsena ka ho eketsehileng.
Lisosa Tsa Mathata a Bang Teng Nakong ea ho Pepa
Sesosa se seng sa mathata ao ’mè le ngoana ba ka bang le ’ona nakong ea ho pepa ke ho se fumane tlhokomelo e ntle nakong ea boimana. Dr. Cheung Kam-lau, e leng ngaka ea bana setsing sa tlhokomelo ea masea a sa tsoa hlaha, Sepetleleng sa Prince of Wales, Hong Kong, o re “ho se fumane tlhokomelo nakong ea boimana ho ka beha baimana kotsing e khōlō.” O boetse o re “ba bangata ba bo-’mè bana ba lebeletse hore ba be le masea a phetseng hantle, a shahlileng, empa hase kamehla ho bang joalo.”
Ha e bua ka mathata a ka hlahelang bo-’mè, makasine ea Journal of the American Medical Women’s Association e re “lisosa tse ka sehloohong tse etsang hore basali ba bangata ba shoe ha ba il’o pepa” ke ho lahleheloa ke mali a mangata, ho lula hampe ha lesea ka mpeng, ho kenoa ke tšoaetso le ho ba le khatello ea mali e phahameng ka mokhoa o sa tloaelehang. Leha ho le joalo, makasine eo e phaella ka ho bolela hore ho na le mekhoa e tsebahalang e atlehang ea phekolo, ’me maemong a mangata “mekhoa ea kajeno ea tlhokomelo ea meriana . . . ha e hloke thepa e rarahaneng ea theknoloji.”
Mekhoa e fumanehang habonolo ea tlhokomelo e ka boetse ea thusa masea a mangata. Tlaleho ea UN Chronicle e re “masea a mabeli ho a mararo a shoang ha a qeta ho hlaha a ne a ka pholosoa haeba bo-’mè bohle le masea” ba ne ba fuoa tlhokomelo ea meriana “eo ho tsebahalang hore ea sebetsa ebile ha e hloke mechine e rarahaneng.” Mokhatlo oa Litaba oa Philippines o tlaleha hore ka masoabi, bo-’mè ba bangata ha ba tsebe seo ba lokelang ho se etsa kapa ba tsoafa ho batla tlhokomelo pele ba pepa.
Tlhokomelo e Molemo ka ho Fetisisa ea ’Mè le Lesea le E-s’o Hlahe
UN Chronicle e re: “Bo-’mè ba phetseng hantle ba ba le masea a phetseng hantle.” E boetse e re ha ’mè a sa fumane tlhokomelo e lekaneng ea meriana kapa a sa e fuoe ho hang nakong ea ha e le moimana, ha a pepa le ka mor’a hore a be le ngoana, lesea la hae le lona le fumana tlhokomelo e fokolang ea meriana kapa ha le e fuoe ho hang.
Linaheng tse ling ho ka ’na ha e-ba thata hore moimana a fumane tlhokomelo e loketseng. E ka ’na eaba o lokela ho tsamaea sebaka se selelele kapa ha a khone ho lefella litšenyehelo tsa meriana. Leha ho le joalo, ha ho khoneha, moimana o lokela hore a leke ho fumana bonyane tlhokomelo e itseng ea litsebi. Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha ho basali ba phelang ka lithuto tse ka Bibeleng e Halalelang, e bolelang hore bophelo ba motho boa halalela, ho akarelletsa ba lesea le e-s’o hlahe.—Exoda 21:22, 23;a Deuteronoma 22:8.
Na ho fumana tlhokomelo e loketseng ho bolela hore motho a ee ngakeng beke e ’ngoe le e ’ngoe? Che. Mabapi le mathata a mang a bang teng nakong ea boimana le ha ’mè a pepa, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo “o fumane hore basali ba ileng ngakeng ka makhetlo a mane feela ha e ntse e le baimana” ba ne ba le boemong “bo tšoanang le ba ileng ngakeng ka makhetlo a 12 kapa ho feta.”
Seo Lingaka li ka ’Nang Tsa se Etsa
E le hore litsebi tsa tlhokomelo ea bophelo, haholo-holo tse sebetsanang ka ho khetheha le ho pepisa, li ntlafatse monyetla oa hore ’mè le lesea la hae le e-s’o hlahe ba phele hantle, li nka mehato e latelang:
◼ Li hlahloba tlaleho ea mokuli ea bophelo ’me li etsa liteko e le ho bona hore na ’mè kapa lesea le e-s’o hlahe ba ke ke ba e-ba le mathata ebe li nka khato ho thibela mathata ao.
◼ Li ka ’na tsa nka lisampole tsa mosese le mali ho ’mè, ho hlahloba hore na o na le bothata bo kang ba khaello ea mali, tšoaetso, ho loantšana ha lisele tsa mali le maloetse a mang. Maloetse ao a ka ’na a akarelletsa lefu la tsoekere, maselese, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate le bothata ba liphio, a ka ’nang a phahamisa khatello ea mali.
◼ Haeba ho le molemo ebile mokuli a lumela, li ka ’na tsa mo khothalletsa hore a enteloe lintho tse kang ntaramane, tetanus le bothata ba lisele tsa mali tse loantšanang.
◼ Li ka ’na tsa boela tsa mo khothalletsa hore a noe livithamine, haholo-holo tse nang le asiti ea folic.
Ha lingaka li elelloa mathata ao moimana a ka ’nang a ba le ’ona ’me li nka khato e loketseng—kapa li thusa ’mè hore a nke khato e loketseng—li ntlafatsa monyetla oa hore lintho li mo tsamaele hantle hammoho le lesea la hae le e-s’o hlahe.
Ho Fokotsa Likotsi Nakong ea ho Pepa
Joy Phumaphi, eo e neng e le motlatsi oa motsamaisi-kakaretso oa lefapha la Bophelo ba Lelapa le ba Sechaba, Mokhatlong oa Lefatše oa Bophelo, o re: “Nako eo moimana a bang kotsing ka ho fetisisa ka eona ke ha a le mothating oa ho pepa.” Ho ka etsoa’ng ho thibela mathata a tebileng, esita le a ka behang bophelo kotsing, nakong ee e thata? Ha e le hantle, ho na le lintho tse bonolo tse ka etsoang, empa li lokela ho etsoa nako esale teng.b Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha ho ba sa batleng ho tšeloa mali hobane ba latela se ka Bibeleng kapa ba sa batleng mali ka lebaka la likotsi tse tsamaisanang le ’ona.—Liketso 15:20, 28, 29.
Bakuli ba joalo ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho tiisa hore motho ea ba thusang, ebang ke ngaka kapa ke mopepisi, oa tšoaneleha o bile o na le tsebo ea ho sebelisa mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng tšelo ea mali. Batsoali ba lebeletseng ngoana ba boetse ba lokela ho tiisa hore ba sepetlele kapa moo ho pepeloang teng ba ikemiselitse ho sebelisana ’moho le bona.c Lipotso tse peli tsa bohlokoa tseo le lokelang ho li botsa ngaka ke: 1. U tla etsa’ng haeba ’mè kapa ngoana a lahleheloa ke mali a mangata kapa haeba ho e-ba le mathata a mang? 2. Haeba u tla be u le sieo ha ngoana a hlaha, u tla etsa litokisetso life ho tiisa hore maikutlo a rōna aa hlomphuoa?
Mosali ea masene o tla buisana le ngaka ho tiisa hore mali a hae a na le lisele tse khubelu le tse tšoeu tse ngata ka ho lekaneng ho ea ka tekanyo e tloaelehileng, pele ho fihla nako ea hore a pepe. Ka lehlakoreng le leng, ngaka e ka ’na ea mo khothalletsa hore a noe meriana e nang le asiti ea folic, le livithamine B tse ling, hammoho le tšepe.
Ngaka e tla boela e hlahlobe lintho tse ling tse ngata. Ka mohlala, na ho na le bothata leha e le bofe boo ho ka ’nang ha hlokahala hore bo eloe hloko, bo bonahetseng ha moimana a ntse a tla ngakeng? Na ’mè ea lebeletseng ngoana o lokela ho qoba ho ema nako e telele? Na o lokela ho phomola ka ho eketsehileng? Na o lokela ho eketsa boima ba ’mele kapa ho bo theola kapa na o lokela ho ikoetlisa ka ho eketsehileng? Hona na o lokela ho itlhoekisa ka ho eketsehileng ’meleng, ho akarelletsa le lehano?
Liphuputso li bontša hore ha baimana ba e-na le boloetse ba marenene ba atisa ho ba kotsing e khōlō ea ho ba le preeclampsia, e leng bothata bo tebileng boo har’a tse ling bo bonahalang ka hore moimana a be le khatello e phahameng ea mali ka tšohanyetso, a opeloe ke hlooho e bohloko le ho tlala metsi ’meleng.d Boemo bona bo ka etsa hore ngoana a hlahe pele ho nako ’me ke bona sesosa se ka sehloohong se bolaeang masea le batsoetse linaheng tse futsanehileng.
Ha e le hantle, ngaka e hlokolosi e tla ela hloko ntho leha e le efe e bontšang hore ’mè ea lebeletseng ngoana o na le tšoaetso. Haeba a e-ba le mahlaba pele ho nako, e tla mo khothalletsa hore a kene sepetlele, e leng se ka pholosang bophelo.
Dr. Quazi Monirul Islam, e leng motsamaisi oa Lefapha la Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo la Boimana bo Sireletsehileng, o re: “Basali ba ba kotsing ea ho shoa e le hore ba be le bana.” Empa tlhokomelo e loketseng ea meriana nakong ea boimana, ea ho pepa le ka mor’a ho pepa e ka u thusa ho phema mathata a mangata, esita le lefu. Ntlha ea bohlokoa le ho feta, ke hore u leke ho lula u phela hantle. Etsoe haeba u batla ho ba le lesea le phetseng hantle, u lokela ho etsa sohle se matleng a hao hore u be ’mè ea phetseng hantle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolo a pele a Seheberu a bua ka kotsi e ka bolaeang ’mè kapa lesea le e-s’o hlahe.
b Sheba lebokose le reng “Itokise Nakong ea Boimana.”
c Banyalani bao e leng Lipaki Tsa Jehova ba ka ’na ba kōpa keletso ho Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ea sebakeng sa habo bona, pele ngoana a hlaha. Litho tsa Komiti li isetsa lipetlele le lingaka boitsebiso ba bongaka bo mabapi le ho phekola bakuli ba Lipaki, li sa sebelise mali. Ho feta moo, Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele li ka ’na tsa ba thusa hore ba fumane ngaka e hlomphang seo mokuli a se lumelang le e nang le phihlelo ea ho sebelisa mekhoa e sa hlokeng tšelo ea mali.
d Le hoja ho hlokahala hore ho etsoe liphuputso tse eketsehileng ho tiisa hore na boloetse ba marenene bo baka preeclampsia kapa che, ke bohlale hore kamehla u hlokomele marenene le meno.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Ho ea ka lipalo tse lokolotseng ka October 2007, mosali a le mong oa shoa hoo e ka bang motsotso o mong le o mong—e leng ba 536 000 ka selemo—ka lebaka la mathata a tsamaisanang le boimana.—Letlōle la Baahi la Machaba a Kopaneng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
“Selemo le selemo, bana ba ka bang limilione tse 3,3 ba hlaha ba khathetse ’me ba fetang limilione tse 4 ba shoa le pele ba qeta matsatsi a 28 ba le lefatšeng.”—UN Chronicle
[Lebokose le leqepheng la 29]
ITOKISE NAKONG EA BOIMANA
1. Khetha ka bohlale sepetlele, ngaka, kapa mopepisi ka hore u fuputse esale pele.
2. Lula u etela ngaka kapa mopepisi, e le hore le thehe maqhama a botsoalle ’me le tšepane.
3. Hlokomela bophelo ba hao hantle. Haeba ho khoneha, noa livithamine tse loketseng, empa u qobe ho noa meriana (esita le e rekisoang mabenkeleng) ntle le haeba ngaka e u lumeletse. Ke bohlale hore u qobe tahi. Mokhatlo oa Sechaba oa Tšebeliso e Mpe ea Tahi le Bokhoba ba Tahi o re: “Le hoja bana ba kotsing e khōlō e le bao bo-’mè ba bona ba noang haholo, ha ho e-s’o hlake hore na ho kotsi kapa che hore mosali a sebelise tahi nakong ea boimana.”
4. Haeba u e-ba le mahlaba pele ho nako (pele ho feta libeke tse 37), e ea ngakeng hang-hang kapa moo ho pepeloang teng. Ho fumana thuso ka potlako ho ka ’na ha thibela hore ngoana a se ke a hlaha pele ho nako le ho thibela mathata a tsamaisanang le hona.e
5. Ngola fatše lintho tseo u li batlang tabeng ea tlhokomelo ea meriana. Ka mohlala, ba bangata ba fumane ho le molemo hore ba tlatse karete ea durable power of attorney (DPA) esale pele. Botsa hore na ho sebelisoa eng e amohelehang molaong, naheng ea heno.
6. Ha ngoana a se a le teng, itlhokomele hantle ’meleng u hlokomele le leseanyana la hao, haholo-holo haeba le hlahile pele ho nako. E-ea ngakeng ea bana hang-hang haeba u hlokomela mathata leha e le afe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
e Bana ba hlahang pele ho nako ba e-na le khaello ea mali, bao ’mele ea bona e hlōlehang ho hlahisa lisele tse lekaneng tse khubelu tsa mali, ba atisa ho tšeloa mali.