Lintho Tsa Tlhaho li Bile Teng Pele
“Esita le mokotatsie maholimong—o tseba hantle linako tsa oona tse behiloeng.”—Jeremia 8:7.
JEREMIA o ile a ngola ka ho falla ha mokotatsie lilemong tse fetang 2 500 tse fetileng. Le kajeno batho ba ntse ba tsota liphoofolo tse fallang, tse kang litlhapi tsa salmon, tse ka sesang lik’hilomithara tse likete leoatleng, pele li khutlela nōkeng eo li hlahetseng ho eona le likolopata tse ling tsa leoatleng, tseo le tsona li nkang maeto a hlollang. Se seng se neng se hahetse Indonesia se ile sa saloa morao sebaka sa lik’hilomithara tse 20 000 ha se ne se fallela lebōpong la Oregon, United States. Likolopata tseo li atisa ho khutlela moo li neng li hahetse teng Indonesia.
Liphoofolo tse ling li khona ho khutlela libakeng tseo li hahetseng ho tsona, e leng bokhoni bo babatsehang ho feta ba liphoofolo tse fallang. Ka mohlala, bafuputsi ba ile ba nka linonyana tse 18 tsa li-albatross sehlekehlekeng se senyenyane se bohareng ba Leoatle la Pacific, ba li tsamaisa ka sefofane lik’hilomithara tse likete ’me tse ling ba li siea lebōpong le ka bophirimela la leoatle ha tse ling tsona ba ile ba li siea lebōpong le ka bochabela. Ka mor’a libeke tse seng kae, boholo ba linonyana tseo bo ne bo khutletse hae.
Maeba a mang a ile a isoa libakeng tseo a sa li tsebeng, tse bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 150 a robalitsoe kapa a kentsoe ka meqomong e ntseng e bilika, empa ka mor’a ho potoloha ka makhetlo a seng makae, a ile a lekanyetsa sebaka seo a leng ho sona ’me a nka tsela e nepahetseng a khutlela hae. Kaha maeba a khona ho khutlela hae esita leha a roesitsoe likhalase tse lerootho, bafuputsi ba lumela hore a lekanyetsa sebaka seo a leng ho sona ka hore a lemohe hore na a lokela ho leba hokae ho latela boitsebiso ba bohlokoa boo a bo fumanang ka tlhaho.
Lirurubele tse ling tse tsoang likarolong tse sabaletseng tsa Amerika Leboea li tsamaea lik’hilomithara tse fetang sekete ha li fallela sebakeng se senyenyane se Mexico. Le hoja li qala ho ea Mexico, li fumana tsela ’me li atisa ho ea lifateng tseo baholo-holo ba tsona ba neng ba lutse ho tsona selemong se fetileng. Bafuputsi ba ntse ba makatsoa ke hore na li etsa seo joang.
Le hoja mechine ea rōna e batlang tsela e ka ’na ea itšetleha ka ho feletseng ka lisathelaete, ho bonahala eka liphoofolo tse ngata li khona ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ho fumana tsela—tse ling li sheba matšoao a itseng ’me tse ling li latela letsatsi ha tse ling tsona li tataisoa ke matla a khoheli, menko e itseng e ikhethang esita le melumo. Moprofesa oa baeloji ea bitsoang James L. Gould o re: “Liphoofolo tse itšetlehileng ka ho fumana tsela e nepahetseng ha li falla, kaofela ha tsona li entsoe ka mokhoa o hlollang. . . . Ka tloaelo li sebelisa litsela tse fapa-fapaneng ho itšetlehile ka hore na ke efe e fanang ka boitsebiso bo tšepahalang ka ho fetisisa.” Mokhoa o rarahaneng oo liphoofolo li batlang tsela ka oona o tsoela pele ho makatsa bafuputsi.