Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/10 leq. 29
  • Molomo oa Seinoli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molomo oa Seinoli
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seinoli se Mebala-bala
    Tsoha!—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • Terene e se Nang Mabili
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 4/10 leq. 29

Molomo oa Seinoli

Na o Entsoe?

● Terene e lebelo ea Majapane e tsamaeang sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 300 ka hora, ke e ’ngoe ea literene tse lebelo ka ho fetisisa lefatšeng. E ’ngoe ea lintho tse tlatselitseng katlehong ea eona ke nonyana e nyenyane e bitsoang seinoli. Hobane’ng?

Ak’u nahane: Ha seinoli se batla lijo tse hlabosang, se ikakhela ka metsing ’me se qaphatsa metsi a seng makae feela. Ntlha ena e ile ea khahla Eiji Nakatsu, e leng moenjiniere ea neng a eteletse pele liteko tsa terene e lebelo. O ne a ipotsa hore na seinoli se khona joang ho ikamahanya le maemo ka potlako ha se tloha moeeng se kena ka metsing. Ho fumana karabo ea potso eo ho ne ho tla thusa ho rarolla qaka e ikhethang ea terene e lebelo. Nakatsu o re: “Ha terene e kena ka tonnorong e le lebelong, seo se hlahisa maqhubu a kang a sepakapakeng ’me butle-butle a fetoha maqhubu a matla a kang a leoatle. A fihla qetellong ea tonnoro a tsamaea ka lebelo la molumo ’me a etsa lerata le leholo a bile a thothometsa sebaka hoo baahi ba limithara tse 400 thōko le moo ba ’nileng ba tletleba ka seo ho ba boholong.”

Ho ile ha etsoa qeto ea hore nko ea terene e lebelo e etsoe ka tsela e tšoanang le molomo oa seinoli. Phello e bile efe? Hona joale terene eo e ekelitse lebelo ka karolo ea 10 lekholong ’me e fokolitse matla ao e a sebelisang ka karolo ea 15 lekholong. Ho feta moo, khatello ea moea e hlahisoang ke terene eo e fokotsehile ka karolo ea 30 lekholong. Kahoo, terene eo ha e etse lerata ha e feta ka tonnorong.

U nahana’ng ka see? Na molomo oa seinoli o bile teng ka tšohanyetso? Kapa na o entsoe?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 29]

Kingfisher diving: Woodfall/Photoshot; bullet train: AP Photo/Kyodo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela