Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/10 maq. 11-31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Etsahetse Hokae?
  • LE TSEBA’NG KA MORENA EZEKIASE?
  • TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
  • BANA BATLANG LITŠOANTŠO
  • Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2008
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 6/10 maq. 11-31

Se ka Tšohloang ke Lelapa

E Etsahetse Hokae?

1. Ketsahalo ee e etsahetse haufi le motse ofe?

NTLHA E THUSANG: Balang Liketso 6:7-9; 7:54-60. Tšoaeang karabo ka ho etsa selikalikoe ’mapeng.

Damaseka

Jerusalema

Bethlehema

2. Ke hobane’ng ha batho ba ile ba hlasela Setefane?

․․․․․

3. Setefane o ile a kōpa Molimo hore a etse’ng ka batho ba mo hlaselang?

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

U ikutloa joang ka tsela eo Setefane a ileng a itšoara ka eona ha batho ba mo hlasela? Haeba u ne u le boemong ba Setefane u ka be u ile ua etsa’ng, hona hobane’ng?

LE TSEBA’NG KA MORENA EZEKIASE?

4. Ntate oa Ezekiase ke mang?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Marena 18:1.

․․․․․

5. Le hoja ntate oa Ezekiase a ne a le mobe, Ezekiase eena o ile a iketsetsa lebitso la mofuta ofe?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Marena 18:5.

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Ke eng e ileng ea thusa Ezekiase hore a lule a le matla?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Marena 18:6.

Haeba e mong ka lapeng a tlohela ho sebeletsa Molimo, u ka etsisa Ezekiase joang?

TSE HLAHANG MAKASINENG ENA

Arabang lipotso tsena, le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.

LEQEPHE 5 Tsela eo ’mele ea rōna e sebetsang ka eona e tiisa eng? Pesaleme ea 139:․․․

LEQEPHE 8 Khotso ea Molimo e ka etsa eng? Bafilipi 4:․․․

LEQEPHE 13 Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta eng? Moeklesia 4:․․․

LEQEPHE 23 Molimo o rata motho ea joang? 2 Bakorinthe 9:․․․

BANA BATLANG LITŠOANTŠO

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

● Likarabo li leqepheng la 11

Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31

1. Jerusalema.

2. Ba ne ba qosa Setefane ka hore o nyefotse.

3. O ile a kōpa hore ba mo tšoarele.

4. Morena Akaze.

5. Tabeng ea ho chesehela borapeli ba ’nete, ha hoa ka ha e-ba le morena e mong ea tšoanang le eena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela