U Tseba Eng ka Lipaki Tsa Jehova?
Motlalehi e mong oa litaba oa Denmark ea ntseng a koetlisoa, o ile a ngola a re: “Ke balile lintho tse ngata ka Lipaki Tsa Jehova Inthaneteng, ka utloa menyenyetsi e itseng le lintho tse ling tse ngata tse mpe ka tsona. Ka lebaka leo, ke ile ka ba le maikutlo a fosahetseng ka Lipaki Tsa Jehova.”
KA MOR’A moo, motlalehi eo oa litaba o ile a buisana le lelapa le leng la Lipaki. Phello e ile ea e-ba efe? O ile a re: “Tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona e ile ea fetoha hang ha ke kena lapeng leo! Mohlomong batho ha ba li tsebe hantle, kapa re mpa re potlakela ho li nyatsa feela. Kea tseba hore ke seo ke se entseng. ’Me ke hlokometse hore ke ne ke fositse.”—Cecilie Feyling, oa Jydske Vestkysten.
Se itšetlehile ka seo se ileng sa se hlokomela ha se ntse se sebetsana le Lipaki Tsa Jehova mosebetsing, setsebi se seng litabeng tsa khiro k’hamphaning e ’ngoe e nang le mabenkele a mangata Europe se ile sa lemoha hore Lipaki ke basebetsi ba tšepahalang. Ka lebaka leo, se rata ho li hira.
Ke ’nete hore Lipaki Tsa Jehova li tsebahala haholo ka mosebetsi oa boboleli. Li hlokometse hore batho ba bang ha ba rate ho bua ka Bibele, ha ba bang bona ba rata ho bua ka eona. Ha e le hantle, Lipaki li khannela batho ba fetang limilione tse supileng lithuto tsa Bibele, hoo e batlang e le linaheng tsohle, ’me ba bang ba bona hamorao e ba mesuoe ea Bibele. Ka mohlala, Lekhotla la Sechaba la Likereke, United States, le tlaleha hore malumeling a 25 a maholo ka ho fetisisa, Lipaki Tsa Jehova ke bo bong ba a mane a bileng le keketseho.
Ke hobane’ng ha batho ba limilione ba ithuta Bibele le Lipaki? Batho baa ba khanneloa thuto joang? Na ho lebeletsoe hore e be Lipaki? Bonyane u lokela ho fumana likarabo tse nepahetseng. Kahoo u se ke ua mamela litaba tsa bo-ba-re ba leeme, empa u batlisise ’nete. Ho Liproverbia 14:15, Bibele e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”
E se eka makasine ena ea Tsoha! e ka u thusa hore u utloisise hantle hore na Lipaki Tsa Jehova ke bo-mang. Ha e le hantle, taba ea hore u ntse u bala makasine ena e bontša hore u bulehetse likhopolo tse ncha ebile ha u ee ka leeme. Kahoo leka ho etsa sena: Ha u ntse u bala lihlooho tse ’nè tse latelang le mabokose a tsamaisanang le tsona, sheba mangolo a qotsitsoeng ka Bibeleng.a Ke bohlale ho etsa seo, ’me Bibele e boetse e re ke ho ba le ‘kelello e bulehileng.’—Liketso 17:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba ha u na Bibele empa u na le Inthanete, u ka sheba mangolo ao ho www.watchtower.org. Moo ho na le lebokose le reng “Read the Bible Online.” Mocha oo oa Inthanete o boetse o na le lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse fetang 380.