Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 leq. 24
  • Pone ea Shetland e Bonolo Empa e Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pone ea Shetland e Bonolo Empa e Matla
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lipapakhaie Tse Hlollang!
    Tsoha!—2016
  • Khomo e Phophomang Boea
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 leq. 24

Pone ea Shetland e Bonolo Empa e Matla

● Haeba u kile ua ea pontšong ea liphoofolo, e ka ’na eaba u kile ua bona—kapa ua palama—pone ea Shetland. Joalokaha lebitso lena le bontša, lipone tsa Shetland li tsoa Lihlekehlekeng tsa Shetland, tse ka leboea-bochabela ho Scotland. Ha e le hantle, baepolli ba lintho tsa khale ba sebetsang moo ba epolotse masapo a lipone tse nyenyane tsa lilemong tse likete tse fetileng.

Ho bonolo ho khetholla lipone tsa Shetland kaha li na le maoto a makhutšoanyane, moetse le mohatla o molelele le boea bo morumo, bo li sireletsang boemong bo bobe ba leholimo ba sebakeng seo li tsoang ho sona. Ka tloaelo, lipone li bolelele ba lisenthimithara tse pakeng tsa 70 le 107 ’me li atisa ho ba ntšo kapa li be thokoa ka ’mala. Ka molao ha li fete bolelele ba lisenthimithara tse 107, ntle le lipone tsa Shetland tsa Amerika, tseo tsona li sa feteng lisenthimithara tse 117.

Le hoja lipone tsa Shetland li le ’mele e menyenyane, li matla. Ha e le hantle, ho latela boholo ba tsona, ke tsona lipere tse matla ka ho fetisisa. Ke kahoo mehleng ea pele, lipone tsena li neng li sebelisetsoa ho hula lijalo tse senyehileng tseo ho etsoang libeso ka tsona, ho lema masimong le ho tsamaisa thepa limmaeneng tsa mashala, tse nang le lithanele tseo ho ka tsamaeang liphoofolo tse nyenyane feela ho tsona. Ha e le hantle, tse ngata li ile tsa qeta bophelo bohle ba tsona li le ka ’maeneng, ’me ha ho mohla li kileng tsa bona letsatsi.

Ha lipone tsa Shetland li koetlisitsoe hantle li bonolo ebile lia laoleha, e leng se etsang hore e be tse loketseng bakeng sa bana. Tsela e ntle eo li itšoarang ka eona e ka ’na eaba ke eona e thusitseng ho hlahisa liphello tse ntle ha li ne li sebelisoa mananeong a thusang batho ba holofetseng.

Kaha li na le litšobotsi tse khahlang ebile li khona ho ikamahanya le maemo a libakeng tse sa tšoaneng, lipone tsa Shetland li ’nile tsa romeloa likarolong tsohle tsa lefatše ’me ho thehiloe mekhatlo e mengata ea tsona le libaka tseo li tsoalisetsoang ho tsona. Empa lebitso la liphoofolo tsena le ntse le li amahanya le sehlekehleke seo li tsoang ho sona, moo lipone tsa Shetland li ntseng li phela hantle ka tsela e hlollang ’me liphatsa tsa tsona tsa lefutso li sa fetoloa.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho latela boholo ba tsona, lipone tsa Shetland ke tsona lipere tse matla ka ho fetisisa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

© S Sailer/A Sailer/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela