Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 leq. 25
  • Lepheo la Lefehlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lepheo la Lefehlo
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokaholimo ba Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2012
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2014
  • Ha e le Hantle ke Mang ea li Qapileng?
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 leq. 25

Lepheo la Lefehlo

Na le Entsoe?

● Mafehlo a mang a khona ho qeta metsotsoana e 30 a sa uputse mapheo empa a sa theohe hakaalo bophahamong boo a leng ho bona. A khona ho etsa see joang? A na le mapheo ao moea o kubang ka holimo feela, a fapaneng le a sefofane leha e le sefe se kileng sa etsoa!

Ak’u nahane: Lepheo le lesesaane la lefehlo le na le lipoliti tse le thibelang ho kobeha. Bo-rasaense ba fumane hore lipoliti tseo li boetse li thusa lefehlo ho phahama ha le fofa. Makasine ea New Scientist e re: “Sena se etsoa ke hore moea o potoloha pakeng tsa lipoliti tseo ’me o thibela lepheo ho ea tlaase, e leng se thusang ho fehla moea o phaphamatsang lepheo.”

Ka mor’a hore Abel Vargas eo e leng moenjiniere oa lifofane le bo-mphato ba hae ba ithute ka lepheo la lefehlo, ba ile ba etsa qeto ea hore “ke habohlokoa ho etsisa mapheo a lintho tse phelang, ha ho etsoa lifofa-sebakeng tse nyenyane.” Kaha liroboto tse lekanang le letsoho ka boholo li na le k’hamera kapa thepa e ’ngoe, li thusa ka litsela tse ngata, tse kang ho fumana boitsebiso libakeng tsa likoluoa le ho hlahloba hore na sebaka se silafetse hakae.

U nahana’ng ka see? Na lepheo le lesesaane le nang le lipoliti la lefehlo le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Lefehlo le lenyenyane la maiketsetso (sefofa-sebakeng) le boima ba limiligrama tse 120 le bophara ba lisenthimithara tse tšeletseng ’me le na le mapheo a “silicon” a masesaane a sephara a uputsang ha a tsamaisoa ka motlakase

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Philippe Psaila/Photo Researchers, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela