Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/10 leq. 19
  • “Mohlomong e ka ’na ea E-ba Pina”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mohlomong e ka ’na ea E-ba Pina”
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qoba Mekhoa ea Batho ba Lefatše ha U Hlophisa Lechato
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Ho Amohela Baeti ka Mofuthu ha Malta ho Tlisa Mahlohonolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Kula? (Karolo ea 2)
    Bacha Baa Botsa
  • Kopanelang Pineng ea ’Muso!
    Binelang Jehova Lithoriso
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 9/10 leq. 19

“Mohlomong e ka ’na ea E-ba Pina”

● Juliana e ne e le nkhono ea ratehang oa Mokreste ea neng a lula Philippines ’me a e-na le lefu la Alzheimer. O ne a se a bile a sa tsebe le bana ba hae. Leha ho le joalo, ke ne ke etela Juliana nako le nako ha ke le sebakeng seo.

Juliana o ne a sa tsohe liphateng ’me o ne a sheba ka ntle feela ka fensetere. Ho ne ho le thata ho qeta nako ke e-na le eena, kaha o ne a se a sa nkhopole. O ne a nkenya mahlo, empa ho sa bonahale eka oa mpona. Ke ile ka mo botsa, ka re: “Na u ntse u nahana ka Jehova?” Ke ile ka mo phetela phihlelo e ’ngoe eaba ke boetse ke mo botsa lipotso, empa ho ne ho bonahala eka ha a utloisise seo ke se buang. Ka ntan’o qala ho bina. Ka mor’a moo, ho ile ha etsahala ntho e amang maikutlo!

Juliana o ile a reteletsa hlooho, a ncheba eaba o qala ho bina le ’na! Ka mor’a nakoana, ke ile ka tlameha ho thola kaha ke ne ke sa tsebe mantsoe ’ohle a pina eo ka Setagalog se buuoang moo. Empa Juliana eena a tsoela pele ho bina. O ne a ntse a hopola mela eohle e meraro ea pina eo. Ka potlako, ke ile ka kōpa motho eo ke neng ke tsamaea le eena hore a il’o re alimela buka ea lipina ha Paki e ’ngoe e lulang haufi le moo. O ile a tla le eona. Ke ne ke sa tsebe nomoro ea pina eo empa eitse ha ke phetla feela ka e fumana. Lekhetlong lena re ile ra bina pina eo ra ba ra e qeta! Ha ke botsa Juliana hore na ho na le lipina leha e le life tseo a li hopolang, o ile a qala ho bina pina e ’ngoe ea khale ea Sefilipino ea lerato.

Ke ile ka re: “Che, Juliana, eseng eo u e utloileng seea-le-moeeng empa eo u e utloileng Holong ea ’Muso.”a Eaba ke qala ho bina pina e ’ngoe e bukeng ea rōna ea lipina ’me a bina hammoho le ’na. Mahlo a hae a ne a phatsima thabo. Sefahleho sa hae se ile sa ela ’me hlathe ea lelekisa tsebe.

Ka nako ena baahelani ba ne ba tsoile ho tla bona hore na ke bo-mang ba binang. Ba ile ba ema fensetereng ba re sheba ’me ba re mamela. Ho ne ho hlolla ho bona kamoo ’mino o neng o amme Juliana maikutlo kateng! O ne o mo hopolitse mantsoe a pina.

Phihlelo ena e nthutile hore ha ho mohla re ka tsebang se ka phunyelletsang lefifing hore se be se e’o ama batho bao boholo ba nako ba sa khoneng ho utloisisa kapa ho bua. Mohlomong e ka ’na ea e-ba pina.

Nakoana ka mor’a moo, Juliana o ile a hlokahala. Ke ile ka hopola phihlelo ena ha ke ne ke mametse lipina tse ncha tse susumetsang tse rekotiloeng ke Lipaki Tsa Jehova ka 2009. U ka ’na ua lakatsa ho botsa tse sebakeng sa heno hore na u ka fumana lipina tsena tse monate le tse susumetsang tse rekotiloeng joang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ke sebaka seo Lipaki Tsa Jehova li tšoarelang liboka ho sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela