Pono ea Bibele
Na Molimo ke Motho oa Sebele?
KAHA batho ba bangata ba hlolloa ke lintho tsa tlhaho, ba ikutloa ba tlameha ho lumela matleng a itseng a phahametseng tlhaho, a nang le bomolimo. Na u hlolloa ke kamoo bokahohle bo rarahaneng kateng? Na u tsota lintho tse hlollang tsa tlhaho tse polaneteng ea rōna le tsela e rarahaneng eo ’mele oa motho o entsoeng ka eona?
Haeba ho joalo, mohlomong le uena u susumelelitsoe hore u lumele matleng a itseng a bomolimo. Malumeli a mang a ruta hore matla ao a lula lithabeng, lifateng, leholimong le likarolong tse ling tse bonahalang tsa tlhaho tse bokahohleng. Ba bang ba lumela hore meea ea baholo-holo, ebang ke e molemo kapa e mebe, e ikopanya le matla a itseng a sephiri, ao hammoho a fetohang Ea Phahameng ka ho Fetisisa—e leng Molimo!
Ebang ho joalo kapa che, batho ba bangata ba lumela hore matla ana a phahametseng tlhaho ha a na botho. Batho ba bang ba thatafalloa ho lumela hore Molimo o na le monahano, morero, maikutlo kapa litabatabelo. Na Molimo ke motho oa sebele? Bibele, e leng e ’ngoe ea libuka tse halalelang tsa khale ka ho fetisisa le e ajoang haholo kajeno, e fana ka karabo e hlakileng.
Batho ba Bonahatsa Seo Molimo a Leng Sona
Bibele e ruta hore motho o ne a bōpetsoe hore a bonahatse litšobotsi tsa Molimo. Genese 1:27 e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae.”
Ka ho hlakileng, mantsoe ao ha a bolele hore batho ba pele ba ne ba tšoana le Molimo ka tsela ea sebele. Bibele e re Molimo ke moea o sa bonahaleng, ha batho bona ba entsoe ka lintho tse bonahalang tsa lefatše. (Genese 2:7; Johanne 4:24) Ka ntle le phapang eo ea motheo e pakeng tsa Molimo le batho, ho hlahlobisisa litšobotsi tsa batho ho lokela ho re bontša seo Molimo a hlileng a leng sona.
Batho ba na le bokhoni ba ho sebelisa matla le ho etsa lintho tseo ba li nahanneng ka hloko le ka boikemisetso. Lintho tseo ba li etsang li susumetsoa ke litšobotsi tse kang mosa, matla a ho nahana, bohlale le toka. Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng a kang lerato le mofuthu kapa lehloeo le khalefo. Ho ba le litšobotsi tsena ka tsela e sa tšoaneng ho etsa hore re fapane le batho ba bang hanyenyane. Ka sebele, e mong le e mong oa rōna o na le botho bo ikhethang. Ha re tšoane le ba bang.
Na e ne e tla ba ntho e utloahalang hore Molimo a re bōpe ka tsela e rarahaneng, haeba eena e ne e le matla a se nang botho a ntseng a solla feela sebakeng sa moea? Haeba batho ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, joale botho ba Molimo bo ne bo tla tšoana le ba batho ka litsela tse ngata. Nahana ka lintlha tse latelang.
Molimo o na le lebitso le mo khethollang. Ho Esaia 42:8 Bibele e re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” Molimo o batla hore lebitso la hae le tsejoe. Bibele e boetse e re: “E se eka lebitso la Jehova le ka bokoa ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela lebitso la Jehova le lokela ho rorisoa.” (Pesaleme ea 113:2, 3) Ka lebaka leo, barapeli ba hae ba mo talima e le motho oa sebele ka hore ba sebelise lebitso la Molimo khafetsa.
Molimo oa ikhetha. Bibele e ruta hore ka sebele Molimo oa ikhetha. (1 Bakorinthe 8:5, 6) Bibele e re: ‘Ruri u moholo, ’Musi Morena Jehova; etsoe ha ho e mong ea tšoanang le uena, ’me ha ho Molimo haese uena.’ (2 Samuele 7:22) Mangolo a boetse a hlalosa hore Jehova ke “Molimo oa ’nete maholimong a holimo le lefatšeng tlaase. Ha ho e mong.”—Deuteronoma 4:39.
Jehova Molimo o hloile bobe. Ke motho feela ea ka hloeang ntho e itseng. Bibele e re bolella hore ’Mōpi o hloile lintho tse kang “mahlo a iphahamisang, leleme la bohata, le matsoho a tšollang mali a hlokang molato, pelo e rerang merero e kotsi, maoto a potlakelang ho mathela bobeng, paki ea bohata e phatlalatsang mashano, le mang kapa mang ea bakang ho hloka kutloano har’a bara ba motho.” (Liproverbia 6:16-19) Hlokomela hore Molimo o nyonya ha batho ba itšoara ka tsela e ka etsang hore ba bang ba utloe bohloko. Tabeng ena, rea hlokomela hore Molimo o amehile ka boiketlo ba rōna ebile o hloile lintho tse ka re ntšang kotsi.
Jehova ke Molimo ea lerato. Bibele e hlalosa hore Molimo ‘o rata lefatše haholo.’ (Johanne 3:16) E mo tšoantša le ntate ea bonolo ea batlelang bana ba hae se molemohali. (Esaia 64:8) Batho ba ka fumana litlhohonolofatso tse ngata haeba ba lemoha hore Molimo ke Ntate oa bona ea lerato.
U ka ba Motsoalle oa Molimo
Ka ho hlakileng, Bibele e ruta hore ’Mōpi o na le lebitso le botho bo mo khethollang. O na le bokhoni ba ho sebelisa matla le ho phethahatsa lintho tseo a li rerileng, a susumetsoa ke litšobotsi tsa bohlokoa, tse kang mosa, bohlale le toka. Ha a hōle kapa moo a ke keng a atameleha. Ho e-na le hoo, o re: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esaia 41:13.
Molimo o na le morero ka batho. Bibele e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ho tseba hore ha ho ea tšoanang le Jehova le hore o na le botho bo ikhethang ho re nolofalletsa hore re batle ho ba le kamano e haufi le eena ’me re thabele litlhohonolofatso tseo a li fang metsoalle ea hae.—Deuteronoma 6:4, 5; 1 Petrose 5:6, 7.
NA U KILE UA IPOTSA?
● Na Molimo o na le lebitso le mo khethollang?—Esaia 42:8.
● Na ho na le melimo e mengata?—1 Bakorinthe 8:5, 6.
● Na batho ba ka ba le kamano e haufi le Molimo oa ’nete?—1 Petrose 5:6, 7.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Na Molimo o ne a ka re bōpa ka tsela e rarahaneng haeba eena e ne e le matla a se nang botho?