“Ke Hōlisitsoe ke Lumela Hore Molimo ha eo”
MOPROFESA František Vyskočil oa Univesithi ea Charles, Prague, o tsebahala linaheng tse ngata ka phuputso eo a entseng mabapi le tšebetso ea methapo ea kutlo. Ka nako e ’ngoe o ne a lumela hore Molimo ha a eo, empa hona joale o lumela ka tieo hore o teng. Ha a buisana le Tsoha!, Moprofesa Vyskočil o hlalosa lebaka leo ka lona a ileng a fetola maikutlo.
U ne u nahana’ng ka bolumeli pele u qala ho ithuta saense?
Ke hōlisitsoe ke lumela hore Molimo ha a eo ’me Ntate o ne a atisa ho soma baruti. Ke ile ka fumana mangolo a thuto e phahameng thutong ea baeloji le ea k’hemistri k’holejeng ka 1963. Ha ke sa le sekolong, ke ne ke lumela hore thuto ea ho iphethola ha lintho e hlalosa lintho tse fapa-fapaneng tse phelang.
Ak’u re phetele ho se hokae ka mosebetsi oa hao oa saense.
Ka mor’a hore ke fumane lengolo la bongaka, ke ile ka ithuta ka tšebetso ea lik’hemik’hale le motlakase methapong ea kutlo. Ke ile ka boela ka ithuta ka lisele tsa kutlo, tsela eo limolek’hule li fetang ka eona lereng, ho kenya batho litho tsa ba bang le ho ba thethefatsa ka meriana. Lintlha tse ngata tseo ke ileng ka li fumana li ile tsa hatisoa, ’me lihlooho tse ling tsa khethoa hore e be litšupiso. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka ba setho sa Mokhatlo oa Lirutehi oa Czech Republic, e leng mokhatlo oa bo-rasaense ba khethiloeng ke ba bang. Ka mor’a “Phetohelo e se Nang Likhathatso” e bileng ka December 1989, ke ile ka ba moprofesa Univesithing ea Charles ’me ka lumelloa ho etela linaheng tsa Bophirimela e le hore nka kopana le bo-rasaense ba bang, bao ba bang ba bona ba neng ba hapile khau ea Nobel lithutong tsa saense.
Na u ne u ee u nahane ka Molimo?
E, ke ne ke ee ke nahane ka eena. Ka linako tse ling, ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba rutehileng, ho akarelletsa baprofesa ba bang ba neng ba nthuta, ba ne ba lumela hore Molimo o teng—le hoja ba ne ba sa bue ka seo ka lebaka la puso ea Bokomonisi. Leha ho le joalo, ke ne ke nka hore taba ea hore Molimo o teng e iqapetsoe ke batho. Ke ne ke boetse ke halefisoa ke liketso tse sehlōhō tse neng li etsoa ka lebitso la bolumeli.
Ke’ng e ileng ea etsa hore u fetole maikutlo ka thuto ea ho iphetola ha lintho?
Ke ile ka qala ho belaella thuto ea ho iphetola ha lintho nakong eo ke neng ke ithuta ka tšebetso ea methapo ea kutlo. Ke ile ka hlolloa ke kamoo methapo ena ea kutlo eo ho nkoang hore e sebetsa ka tsela e tloaelehileng, e rarahaneng kateng. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke joang methapo ea kutlo le boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso bo e laolang e ka bang lintho tse bileng teng ka tšohanyetso?’ Ka sebele e ne e le ntho e sa utloahaleng.
Mathoasong a bo-1970, ke ile ka ea thupelong e neng e tšoeroe ke rasaense le moprofesa ea tummeng oa Russia. O ile a hlalosa hore lintho tse phelang ha lia hlahisoa ke ho iphetola ha lintho le ho phonyoha ha tse ling li ntse li nyamela. Eaba motho e mong ea neng a mametse o botsa hore na karabo e ka fumanoa hokae. Moprofesa eo o ile a ntša Bibele e nyenyane ea Serussia ka pokothong, a e phahamisetsa holimo, eaba o re, “Bala Bibele—haholo-holo tlaleho ea Genese e buang ka pōpo.”
Hamorao, ha re le phasejeng, ke ile ka botsa moprofesa eo hore na ebe o ne a tiile ha a ne a bua ka Bibele. O ile a hatisa taba eo, a re: “Libaktheria li ka ikatisa hoo e batlang e le ka metsotso e meng le e meng e 20 ’me li na le liprotheine tse makholo-kholo, tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e nang le mefuta e 20 ea liasiti tsa amino tse entseng ketane ea tse ka bang makholo. E le hore ho iphetola ha lintho ho ntlafatse sebōpeho sa libaktheria, ho ne ho tla nka lilemo tse ngata haholo ho feta tse libilione tse tharo kapa tse ’nè, e leng nako eo bo-rasaense ba bangata ba lumelang hore bophelo bo bile teng ka eona lefatšeng.” Moprofesa eo o ne a nahana hore buka ea Bibele ea Genese e bua taba e utloahalang haholo.
Seo moprofesa eo a se buileng se ile sa u ama joang?
Lintho tseo a li hlokometseng hammoho le lipelaelo tseo ke neng ke e-na le tsona, li ile tsa ntšusumeletsa hore ke buisane le metsoalle le bo-rasaense ba ’maloa ba lumelang ho Molimo, empa maikutlo a bona tabeng ena a ne a sa nkhotsofatse. Eaba ke buisana le Paki e ’ngoe ea Jehova, eo e leng setsebi sa saense ea meriana. E ile ea qeta lilemo tse tharo e ntlhalosetsa Bibele hammoho le Ema, mosali oa ka. Ho na le lintlha tse peli tse ileng tsa re makatsa. Ntlha ea pele ke hore “Bokreste” ba neano ha bo latele Bibele hakaalo. Ea bobeli ke hore le hoja Bibele e se buka ea saense, ha e le hantle e lumellana le saense ea ’nete.
Na ho fetola maikutlo ho u sitisitse hore u etse lipatlisiso tsa saense?
Le hanyenyane. Rasaense e mong le e mong ea tšepahalang, ho sa tsotellehe hore na o lumela eng, o lokela ho qoba ho ba leeme ka hohle kamoo ho ka khonehang. Empa tumelo ea ka e fetotse seo ke leng sona. Ka lebaka leo, ho e-na le hore ke itšepe ho tlōla, ke rate tlhōlisano le ho ikhohomosa ka tsebo eo ke nang le eona litabeng tsa saense, hona joale ke leboha Molimo ka bokhoni leha e le bofe boo ke nang le bona. Ho phaella moo, ho e-na le hore ka leeme ke re lintho tse hlollang pōpong li bile teng ka tšohanyetso, ’na le bo-rasaense ba bang ba bangata re ipotsa sena, ‘Ebe Molimo o entse ntho ee joang?’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
’Na le bo-rasaense ba bang ba bangata re ipotsa sena, ‘Ebe Molimo o entse ntho ee joang?’