Leihlo la Sherimpi ea Peacock Mantis
Na le ENTSOE?
● Sherimpi ea peacock mantis e fumanehang karolong ea leoatle e nang le mafika a maholo, lebōpong la Australia, e na le mahlo a entsoeng ka tsela e rarahaneng ho feta phoofolo leha e le efe e ’ngoe. Dr. Nicholas Roberts o re: “Ka sebele aa ikhetha, a sebetsa hantle ho feta ntho leha e le efe eo rōna batho re kileng ra e etsa.”
Ak’u nahane: Sherimpi ea peacock mantis e ka lemoha polarized light le ho e fetola ka litsela tseo batho ba ke keng ba etsa ka eona. Maqhubu a khanya eo a ka ’na a tsamaea ka tsela e otlolohileng kapa e potolohang. Ho fapana le liphoofolo tse ling, sherimpi ena e bona khanya eo e tsamaea ka litsela tseo tse sa tšoaneng ’me e boetse e khona ho fetola khanya ho tloha mofuteng o mong ho ea ho o mong. Sena se etsa hore sherimpi e bone ka tsela e hlakileng.
Mechine e bapalang DVD le eona e sebetsa ka tsela e tšoanang. E le hore mochine o bapalang DVD o hlahise boitsebiso, o lokela ho fetola khanya e tobisitsoeng ho disc hore e tsamaee ka tsela e potolohang, o ntan’o e fetola hore e tsamaee ka tsela e otlolohileng. Empa sherimpi ea peacock mantis eona e etsa se fetang seo. Le hoja mechine e tloaelehileng ea DVD e fetola mahlaseli a mafubelu a khanya—kapa mahlaseli a maputsoa mechineng e tsoetseng pele—leihlo la sherimpi lona le khona ho fetola mahlaseli a mebala eohle ea khanya.
Bafuputsi ba lumela hore ha lienjiniere li ka sebelisa leihlo la sherimpi ea peacock mantis e le mohlala, li ka etsa mechine ea DVD e bapalang li-disc tse nang le boitsebiso bo bongata ho feta li-DVD tsa kajeno. Roberts o re: “Ho thahasellisang ke hore le shebahala le entsoe ka tsela e bonolo haholo. Le sebetsa hantle ho feta ntho leha e le efe eo re kileng ra leka ho e etsa.”
U nahana’ng ka see? Na leihlo le ikhethang la sherimpi ea peacock mantis le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Courtesy Stephen Childs