Molimo o ’Nile a Ntšelisa Litekong Tsohle Tsa ka
Joalokaha ho boletse Victoria Colloy
Ngaka e ’ngoe e ile ea re ho ’Mè: “Ha ho letho leo re ka le etsetsang morali oa hao. O tla lokela ho tsamaea ka lithupa le ho kenya litšepe maotong bophelo bohle ba hae.” Ke ile ka utloa bohloko haholo! Ekaba ke tla etsa joang ha ke se ke sa tsebe ho tsamaea?
KE HLAHETSE motseng oa Tapachula o Chiapas, Mexico, ka la 17 November, 1949. Ke ne ke le lesea le thabileng le bileng le phetseng hantle, ’me ke le letsibolo baneng ba bane. Empa ha ke le likhoeli li tšeletseng, ka tšohanyetso ke ile ka khaotsa ho khasa ’me ka thatafalloa ho tšoara lintho. Ka mor’a likhoeli tse peli, ke ne ke sa khone ho sisinyeha. Lingaka tsa moo li ile tsa makatsoa ke hore bana ba bang ba Tapachula ba ne ba e-na le matšoao a tšoanang. Kahoo ngaka e ’ngoe ea masapo e tsoang Mexico City, e ile ea tla ’me ea re hlahloba. Ngaka eo e ile ea fumana hore re tšoeroe ke pholio.
Ha ke le lilemo li tharo, ke ile ka etsoa opereishene qholong, mangoleng le maqaqailaneng. Hamorao ke ile ka qhoala lehetla ka lehlakoreng le letona. Ha ke le lilemo li tšeletseng, ke ile ka isoa Mexico City, e le hore ke tsoele pele ho fumana phekolo sepetleleng sa bana. ’Mè o ne a sebetsa polasing e Chiapas, kahoo ke ile ka lula le Nkhono Mexico City. Leha ho le joalo, ke ne ke qeta nako e ngata ke le sepetlele.
Ha ke le lilemo li ka bang robeli, boemo ba ka bo ile ba ntlafala. Empa hamorao ba mpefala, ’me butle-butle ka thatafalloa ho tsamaea. Kahoo lingaka li ile tsa re ke tla tlameha ho tsamaea ka lithupa le ho sebelisa litšepe tse tšehetsang maoto bophelo bohle ba ka.
Ha ke le lilemo li 15, ke ne ke entsoe liopereishene tse 25. Li ne li akarelletsa lesapo la mokokotlo, maoto, mangole, maqaqailana le menoana ea maoto. Ka mor’a opereishene ka ’ngoe, ke ne ke qeta nako ke koetlisetsoa ho etsa lintho tse itseng. Ka lekhetlo le leng ha ke qeta ho buuoa, ke ile ka kenngoa samente maotong. Ha samente eo e ntšoa ke ile ka tlameha ho etsa boikoetliso bo bohloko.
Ke Fumana Matšeliso a Sebele
Ha ke le lilemo li 11, ’Mè o ile a nketela sepetlele ha ke ntse ke hlaphoheloa opereisheneng. O ne a ithutile hore Jesu o ile a folisa batho ba kulang le hore o bile a etsa hore motho ea shoeleng litho a tsamaee. O ile a mpha makasine ea Molula-Qhooa e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, eo a neng a ithutile lintho tseo ho eona. Ke ile ka e pata ka tlas’a mosamo, empa ka letsatsi le leng ea nyamela. Baoki ba ile ba e fumana eaba baa e nka. Ba ile ba nkomanyetsa ho e bala.
Hoo e ka bang selemo ka mor’a moo, ’Mè o ile a nketela a tsoa Chiapas. Ka nako eo o ne a ithuta Bibele le Lipaki. O ile a ntlisetsa buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape.a ’Mè o ile a re, “Haeba u batla ho phela lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng leo Jesu a tlang ho u folisa ho lona, u lokela ho ithuta Bibele.” Kahoo le hoja Nkhono a ne a hanyetsa, ha ke le lilemo li ka bang 14 ke ile ka qala ho ithuta le Lipaki. Selemo ka mor’a moo, ke ile ka tlameha ho tloha sepetleleng seo hobane e ne e le sa bana ba banyenyane feela.
Kamoo ke Ileng ka Sebetsana le Mathata Kateng
Ke ile ka nyahama haholo. Kaha Nkhono o ne a nkhanyetsa, ke ile ka tlameha ho khutlela Chiapas ho ea lula le batsoali ba ka. Empa ho ne ho e-na le mathata lapeng hobane Ntate e ne e le lekhoba la tahi. Ke ile ka qeta nako e itseng ke sa bone lebaka la hore na ke phelela’ng. Ke ne ke nahana ho ipolaea ka chefo. Empa maikutlo a ka a ile a fetoha ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta Bibele. Tšepiso e ka Bibeleng ea lefatše le lecha la paradeise e ne e nthabisa.
Ke ile ka qala ho bolella ba bang ka tšepo e hlollang eo Bibele e fanang ka eona. (Esaia 2:4; 9:6, 7; 11:6-9; Tšenolo 21:3, 4) Qetellong ka la 8 May, 1968, ha ke le lilemo li 18, ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ho tloha ka 1974, ke ’nile ka qeta lihora tse fetang 70 ka khoeli, e le hore ke bolelle ba bang ka tšepo e ntšusumelitseng hore ke tsoele pele ke phela.
Bophelo bo Atlehileng le bo Khotsofatsang
Ha nako e ntse e ea, ’na le ’Mè re ile ra fallela motseng oa Tijuana, o haufi le moeli oa Mexico le United States. Re ile ra lula sebakeng se re loketseng. Ha ke le lapeng ke kenya litšepe maotong ebe ke tsamaea ka lithupa, ’me ke sebelisa setulo sa likooa ha ke pheha, ha ke hlatsoa le ha ke aena liaparo tsa ka. Ha ke ea tšebeletsong, ke tsamaea ka koloeana ea motlakase, e loketseng maemo a ka.
Ntle le hore ke bua le batho seterateng le malapeng ke ba bolella ka seo Bibele e se rutang, ke lula ke ea sepetlele se haufi ho ea buisana le ba emetseng phekolo ka molaetsa oa Bibele. Ha ke qetile ho buisana le bona, ke ea ’marakeng ka koloeana ea ka ea motlakase ho ea reka ntho leha e le efe eo re e hlokang ke ntan’o khutlela hae e le hore ke thuse ’Mè ho pheha le ka mosebetsi oa ntlo.
Ke rekisa liaparo tsa khale e le hore re be le chelete eo re e hlokang. Hona joale ’Mè o lilemo li 78 ’me ha a sa khona ho etsa lintho tse ngata kaha o ile a hlaseloa ke pelo ka makhetlo a mararo. Kahoo ke hlokomela hore o noa meriana ka tsela e nepahetseng le hore o ja lijo tse nepahetseng. Le hoja re fokolloa ke bophelo, re leka ka matla ho ba teng libokeng tsa phutheho. Batho ba fetang 30 bao ke ithutileng Bibele le bona ho theosa le lilemo, hona joale ba kopanela tšebeletsong ea Bokreste.
Ke kholisehile hore tšepiso ena ea Bibele e tla qetella e phethahetse: “Ka nako eo [lefatšeng le lecha la Molimo] ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.” Hona joale, ke tšelisoa ke mantsoe a Molimo a reng: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”—Esaia 35:6; 41:10.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova ka 1958, empa hona joale ha e sa hatisoa.
b Victoria Colloy o hlokahetse ka la 30 November, 2009, a le lilemo li 60. ’Mè oa hae o hlokahetse ka la 5 July, 2009.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ha ke le lilemo li supileng, ke kentse litšepe maotong
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha ke le tšebeletsong, ke tsamaea ka koloeana ea motlakase, e loketseng maemo a ka