Bacha Baa Botsa
Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
Mocha e mong ea bitsoang Allison,a ea lulang Australia o sithabetsoa ke hore hoseng ho hong le ho hong ka Mantaha ho etsahala ntho e tšoanang sekolong.
O re: “E mong le e mong o bua ka seo a se entseng ka mafelo-beke. Bacha bao ba bua ka lintho tse utloahalang eka lia thabisa, tse kang hore na ba ile liphathing tse kae le hore na ba sunne bashemane ba bakae—le kamoo ba ileng ba baleha mapolesa kateng . . . Seo se utloahala se tšosa empa se thabisa! Ba fihla malapeng ka hora ea bohlano hoseng, ’me batsoali ba bona ha ba tsotelle. Ke tlameha hore ke be ke robetse le pele ba qalella boithabiso ba bona ba bosiu!
“Ka mor’a hore liithuti-’moho le ’na li mpolelle lintho tseo li li entseng ka mafelo-beke, lia mpotsa hore na ’na ke entse’ng. Ke tla re ke entse’ng? Ke ile libokeng tsa Bokreste. Ka ea tšebeletsong ea tšimo. Ruri ke utloa eka ke fetiloe ke boithabiso. Kahoo, hangata ke re feela ha kea etsa letho. Ebe baa mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke sa tsamaee le bona.
“Ha letsatsi la Mantaha le fetile, u tla nahana hore lintho li tla tsamaea hantle. Empa ha ho be joalo. Ka Labobeli, e mong le e mong o se a ntse a bua ka mafelo-beke a tlang! Ke atisa ho itulela feela ebe kea ba mamela ha ba ntse ba bua. Ka sebele ke ikutloa ke le mokhelo!”
NA MEHLA ee ka Mantaha ha u le sekolong ho etsahala ntho e tšoanang? U ka ’na ua utloa eka ho na le boithabiso bo bongata ka ntle, empa batsoali ba hao ba u koaletse ka tlung—kapa eka u serapeng sa boikhathollo, empa ba u hanela ho bapala. Hase hore u batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo lithaka tsa hao li e etsang. Ke feela hore u batla hore u ke u ithabise ka linako tse ling! Ka mohlala, u ka rata ho ithabisa ka ho etsa eng mafelo-bekeng aa a tlang?
◯ ho tantša
◯ ho ea konsareteng ea ’mino
◯ ho ea filiming
◯ ho ea phathing
◯ tse ling ․․․․․
U hloka boithabiso. (Moeklesia 3:1, 4) Ha e le hantle, ’Mōpi oa hao o batla hore u thabele bocha ba hao. (Moeklesia 11:9) Le hoja ka linako tse ling u ka ’na ua belaella seo, batsoali ba hao le bona ba batla hore u ithabise. Leha ho le joalo, ka nepo batsoali ba hao ba ka ’na ba ameha ka lintho tsena tse peli: (1) seo u tla beng u se etsa (2) batho bao u tla beng u tsamaea le bona.
Leha ho le joalo, u lokela ho etsa’ng haeba u memeloa ho ea sebakeng se itseng le metsoalle empa u sa tsebe hantle hore na batsoali ba hao ba tla re’ng? Ha u tobane le ho etsa qeto, Bibele e u khothalletsa hore u nahane ka lintho tse ntle le tse mpe tseo u ka khethang ho li etsa, ebe u nahanisisa ka liphello tsa seo. (Deuteronoma 32:29; Liproverbia 7:6-23) Haeba metsoalle ea hao e u memela hore le ee sebakeng se itseng, u ka khetha ho etsa’ng?
U KA KHETHA A: HO SE BA KŌPE—U ITSAMAELE FEELA.
Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: U batla ho khahlisa metsoalle ea hao ka ho e bontša hore na u ikemetse hakae. U nahana hore u tseba haholo ho feta batsoali ba hao, kapa ha u hlomphe maikutlo a bona.—Liproverbia 15:5.
Liphello tsa seo: Metsoalle ea hao e tla ithuta ho hong ka uena—hore u motho ea bolotsana. Haeba u ka etsetsa batsoali ba hao bolotsana, le metsoalle ea hao u ka e etsetsa bolotsana. Ha batsoali ba hao ba tseba hore u entse joalo, ba tla utloa bohloko le ho soetseha, ’me ba ka ’na ba u behela lithibelo tse itseng! Ho se hlomphe batsoali le ho itsamaela feela e tla be e le booatla.—Liproverbia 12:15.
U KA KHETHA B: HO SE BA KŌPE—U ITULELE.
Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: U nahana ka memo eo ’me u etsa qeto ea hore lintho tse tla etsoa sebakeng seo ha li lumellane le melao-motheo eo u phelang ka eona le hore batho ba bang ba tla ba teng moo hase metsoalle e molemo. (1 Bakorinthe 15:33; Bafilipi 4:8) Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u batla ho ea, empa u tšaba ho kōpa batsoali ba hao.
Liphello tsa seo: Haeba u sa ee hobane u tseba hore ho tla ba kotsi ho etsa joalo, u tla ba sebete haholoanyane ha u araba metsoalle ea hao. Empa haeba u sa ee hobane u tšaba ho kōpa batsoali ba hao, u ka ’na ua qetella u lutse hae u hloname, u ntse u nahana hore ke uena feela ea sa ithabiseng.
U KA KHETHA C: HO BA KŌPA—U UTLOE HORE NA BA RE’NG.
Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: Ua elelloa hore batsoali ba hao ba na le matla a ho u laela ’me u hlompha maikutlo a bona. (Bakolose 3:20) Ua ba rata ’me ha u batle ho ba utloisa bohloko ka hore u ikutsoe, u tsamaee le metsoalle ea hao. (Liproverbia 10:1) Hape u na le monyetla oa ho ba tekela taba ea hao.
Liphello tsa seo: Batsoali ba hao baa elelloa hore ua ba rata ebile ua ba hlompha. Haeba ba nka hore kōpo ea hao ea utloahala ba ka ’na ba u lumella hore u tsamaee.
Lebaka Leo ka Lona Batsoali ba ka ’Nang ba Hana
Leha ho le joalo, u tla etsa’ng haeba batsoali ba hao ba hana? Seo se ka ’na sa u ferekanya. Empa ho utloisisa maikutlo a bona ho ka u thusa hore u amohele lithibelo tseo ba u behelang tsona. Ka mohlala, ba ka ’na ba u hanela ka lebaka le leng kapa a mang ho a latelang.
Ba na le tsebo le phihlelo ho u feta. Haeba u ne u e-na le boikhethelo, mohlomong u ne u tla khetha ho sesa lebōpong leo ho nang le basebetsi ba pholoso ho lōna. Hobane’ng? Hobane ha u ntse u thabela ho sesa, ha u khone ho lemoha kotsi ka ho feletseng. Empa basebetsi ba pholoso ba boemong bo botle ba ho bona maemo a kotsi.
Ka ho tšoanang, kahobane batsoali ba hao ba na le tsebo le phihlelo ho u feta, ba ka ’na ba hlokomela likotsi tseo u sa li boneng. Joaloka basebetsi ba pholoso ba lebōpong, sepheo sa batsoali ba hao hase ho u senyetsa monate, empa ke ho u thusa hore u qobe likotsi tse ka ’nang tsa u amoha thabo bophelong.
Baa u rata. Batsoali ba hao ba lakatsa ka tieo ho u sireletsa. Lerato le ba susumelletsa hore ba u lumelle ha ho khoneha empa ba u hanele ha ho loketse. Ha u ba kōpa hore ba u lumelle ho etsa ntho e itseng, baa ipotsa hore na ba ka u lumella ho etsa ntho eo ’me ka mor’a moo ba mamella liphello tsa seo. Ba tla u lumella hafeela ba kholisehile ka ho lekaneng hore ha u na ho hlaheloa ke kotsi.
Ha ba se na boitsebiso bo lekaneng. Batsoali ba lerato ba tla leka ka matla ho u qobisa maemo a ka ’nang a e-ba kotsi. Haeba ba sa utloisise seo u se kōpang kapa haeba ba nka hore ho na le lintlha tsa bohlokoa tse haellang ho sona, ba ka ’na ba u hanela.
Seo U ka se Etsang Hore Mohlomong ba U Lumelle
Ho na le lintlha tse ’nè tse amehang.
Botšepehi: Taba ea pele, u lokela ho ipotsa ka botšepehi: ‘Ha e le hantle, ke hobane’ng ha ke batla ho ea moo? Na ke hobane ke hlile ke thabela ntho e il’o etsoa moo, kapa ke hobane ke batla ho amoheloa ke lithaka tsa ka? Na ke hobane motho ea nkhahlileng o tla be a le teng moo?’ Joale, bolella batsoali ba hao ’nete. E kile ea e-ba bacha, ’me ba u tseba hantle. Ntle ho moo, ba ka ’na ba lemoha hore na ha e le hantle sepheo sa hao ke sefe. Ba tla ananela hore ebe ua tšepahala, ’me u tla rua molemo bohlaleng ba bona. (Liproverbia 7:1, 2) Ka lehlakoreng le leng, haeba u sa tšepahale u etsa hore ba se ke ba u tšepa ’me u fokotsa monyetla oa hore ba u lumelle ho ea moo.
Khetha nako e loketseng: U se ke ua emella batsoali ba hao ka ho ba kōpa hona le hoane, hang feela ha ba fihla ba tsoa mosebetsing kapa ba tsepamisitse maikutlo linthong tse ling. Buisana le bona ha ba phutholohile. Empa u se ke ua ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela ebe joale u leka ho ba hatella hore ba u arabe. Batsoali ba hao ba ke ke ba thabela ho etsa qeto ka lepotlapotla. Ba kōpe nako e sa le teng, ’me ba tla ananela tsela eo u ba nahanelang ka eona.
Seo u se kōpang: U se ke ua okola taba ka holimo feela. Ba hlalosetse hantle seo u batlang ho se etsa. Batsoali ha ba khotsofatsoe ke ha u araba ka ho re: “Ha ke tsebe,” haholo ha ba u botsa hore na, “Ke bo-mang ba tla beng ba le moo?” “Na ho tla ba le motho e moholo ea nang le boikarabelo moo?” kapa “Ho tla qetoa neng moo?”
Boikutlo ba hao: U se ke ua talima batsoali ba hao e le lira. Ba talime e le bathusi ba hao—hobane ha e le hantle baa u thusa. Haeba u nka hore batsoali ba hao ba ka lehlakoreng la hao, ba ke ke ba utloa eka u ngangisana le bona ’me mohlomong ba tla sebelisana le uena hantle. Haeba ba u hanela, ba botse ka tlhompho hore na lebaka ke lefe. Ka mohlala, haeba ba u hanela ho ea konsareteng, leka ho fumana hore na ba amehile ka eng. Na ba tšoenyehile ka motho ea tla beng a bina? sebaka seo le eang ho sona? batho bao u tla beng u e-na le bona moo? kapa chelete ea ho kena? Qoba ho bua lintho tse kang, “Ha le ntšepe,” “Bana ba bang kaofela ba ea,” kapa “Batsoali ba metsoalle ea ka ba e lumeletse ho ea!” Bontša batsoali ba hao hore u hōlile ka ho lekaneng hore u amohele qeto ea bona le ho e hlompha. Haeba u etsa joalo, ba tla u hlompha. Mohlomong nakong e tlang, ho tla ba bonolo hore ba amohele kōpo ea hao.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
“Batsoali ba ka baa ntšepa, kaha ke iketselitse lebitso le letle. Ha ke ba patele letho ka metsoalle ea ka. Ebile ha ke tšabe ho tloha ’mokeng haeba ke sa rate se etsahalang moo.”
[Setšoantšo]
Kimberly
[Lebokose le leqepheng la 12]
KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?
Na u batla ho tseba hore na batsoali ba hao ba ikutloa joang ka lintlha tse boletsoeng sehloohong see? Tsela feela eo u ka tsebang seo ka eona ke ka hore u ba botse! Ka nako e loketseng, buisana le bona ka lintho tseo ba amehileng ka tsona mabapi le boithabiso. Nahana ka potso eo u ka ratang ho ba botsa eona, ’me u e ngole ka tlaase mona.
․․․․․
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Joaloka basebetsi ba pholoso lebōpong, batsoali ba hao ba boemong bo botle ba ho u lemosa kotsi e ka ’nang ea u hlahela