Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Balang 2 Marena 4:8-10. Joale shebang setšoantšo sena. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase. Qetellang setšoantšo sena ka ho kopanya matheba a ho sona, ebe lea se taka.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
[Setšoantšo se Qanollang]
(Sheba sengoliloeng)
SE KA TŠOHLOANG:
Mosali eo o ile a bontša mosa ka tsela efe? Jehova o ile a hlohonolofatsa mosa oa mosali eo joang, ka hore ebe o thusitse moprofeta oa hae?
NTLHA E THUSANG: Balang 2 Marena 4:32-37.
Le ka bontša mosa joang ho basebeletsi ba Jehova kajeno?
NTLHA E THUSANG: Balang Baroma 12:13; Bagalata 6:10.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
E mong ka lapeng a ka etsisa e mong oa batho ba boletsoeng tlalehong e ka holimo ea Bibele, empa a sa bue. Ba bang ka lapeng ba leke ho bolela hore na o etsisa mang.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 2 DANIELE
LIPOTSO
A. Ke hobane’ng ha Daniele a ile a lahleloa ka sekoting sa litau?
B. Mabitso a Seheberu a metsoalle e meraro ea Daniele e ne e le afe?
C. Daniele o ile a sebeletsa mebusong efe e ’meli ea basele?
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela
tsa bo-600 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
Ha ba tloha Jerusalema ba isoa Babylona
Jerusalema
Babylona
DANIELE
PALE EA HAE EA BOPHELO
Ho ka etsahala hore ebe e ne e le khosana e hlahetseng molokong oa Juda. E ne e le moprofeta ea tšepahalang ea ileng a bululeloa hore a ngole buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemong tsa bocha ha Nebukadnezare a mo isa kholehong hammoho le litho tse ling tsa lelapa la boreneng le bahlomphehi ’me a fallela Babylona.
LIKARABO
A. O ile a rapela Jehova le hoja a ne a thibetsoe.—Daniele 6:6-17.
B. Hanania, Mishaele le Azaria.—Daniele 1:6, 7.
C. Babylona le Medo-Persia.—Daniele 5:30; 6:8.
Batho ba Libakeng Tse Ling
4. Mabitso a rōna ke Jorge, Nicolas le Priscilian. Re lula Belize e Amerika Bohareng. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Belize? Na li 600, 2 000, kapa li 3 500?
5. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Belize.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
● Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 30 le la 31 li leqepheng la 28
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Setulo se kang bethe.
2. Tafole.
3. Setulo.
4. Tse 2 000.
5. A.