Tsela ea 1—E-ja Hantle
“U je. Empa u se ke ua ja haholo. Haholo-holo u je limela.” Ka mantsoe ana a seng makae, mongoli Michael Pollan o akaretsa keletso e bonolo mabapi le ho ja e pakiloeng ka nako e telele hore ea sebetsa. O bolela’ng?
◯ E-ja lijo tse foreshe. E-ja lijo tse matlafatsang—lijo tse foreshe tseo batho ba ’nileng ba li ja ka lilemo tse likete—ho e-na le ho ja lijo tsa kajeno tse rekisoang li se li ntse li phehiloe. Hangata lijo tse rekisoang li tšetsoe ka lipaketeng kapa makotikoting le tse rekisoang mabenkeleng a lijo, li na le tsoekere, letsoai le mafura a mangata, tse amahanngoang le lefu la pelo, setorouku, kankere le mafu a mang a kotsi. Ha u pheha, leka ho pheha lijo ka metsi, ho li kenya ka ontong kapa ho li besa mollong ho e-na le ho li halika. Leka ho sebelisa litlama tse natefisang le linōko e le hore u fokotse letsoai. Etsa bonnete ba hore u pheha nama ho fihlela e butsoa ’me le ka mohla u se ke ua ja lijo tse senyehileng.
◯ U se ke ua ja haholo. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tlaleha hore ho na le boemo bo kotsi bo ntseng bo ata lefatšeng ka bophara ba batho ba batenya le ba batenya haholo, ’me hangata e le ka lebaka la ho ja haholo. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng likarolong tse ling tsa Afrika ho fumanoe hore “bana ba batenya ba bangata ho feta bana ba sa fepehang hantle.” Bana ba batenya haholo ba kotsing ea ho tšoaroa ke maloetse hona joale esita le nakong e tlang, a akarelletsang lefu la tsoekere. Batsoali, behelang bana mohlala o motle ka hore le lekanyetse lijo tseo le li jang.
◯ Haholo-holo u je limela. Ho ja lijo tse nang le phepo e leka-lekaneng hantle ho akarelletsa ho ja litholoana tse sa tšoaneng, meroho le lijo-thollo, ho feta ho ja nama le setache. Hanngoe kapa habeli ka beke, leka hore u je tlhapi ho e-na le nama. Fokotsa lijo tse se nang litlheferetsi, tse kang pasta, bohobe bo bosoeu le raese e tšoeu, tse ntšitsoeng limatlafatsi tse ngata. Empa u qobe ho latela mekhoa e ratoang e kotsi ea ho itima lijo tse itseng. Batsoali, sireletsang bophelo ba bana ba lōna ka ho ba thusa hore ba rate lijo tse matlafatsang. Ka mohlala, ha ba batla ho ja lijo tse bobebe, ba feng linate le litholoana tse foreshe tse hlatsoitsoeng le meroho ho e-na le ho ba fa masimba kapa lipompong.
◯ E-noa metsi a mangata. Bana le batho ba baholo ba lokela ho noa metsi a mangata le maro a se nang tsoekere letsatsi ka leng. U a noe haholo ha ho chesa le ha u etsa mosebetsi o boima kapa u ikoetlisa. Ho a noa ho thusa ’mele ho sila lijo, ho ntša chefo ’meleng, ho ntlafatsa letlalo ho bile ho theola boima ba ’mele. Ho etsa hore u ikutloe u phetse hantle u bile u shebahala hantle. Qoba ho noa joala bo bongata le ho noa haholo lino-mapholi tse tsoekere. Ho noa lekotikoti le le leng la seno-mapholi ka letsatsi ho ka eketsa boima ba hao ba ’mele ka lik’hilograma tse ka bang supa ka selemo.
Linaheng tse ling, ha ho bonolo ho fumana metsi a hloekileng ebile ho bitsa chelete e ngata. Empa ho noa metsi ke habohlokoa haholo. Metsi a silafetseng a lokela ho belisoa kapa a hloekisoe ka lik’hemik’hale. Ho boleloa hore metsi a litšila a bolaea batho ba bangata ho feta ba bolaoang ke lintoa kapa litšisinyeho tsa lefatše; ho tlalehoa hore a bolaea bana ba 4 000 ka letsatsi. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o khothalletsa hore likhoeling tse qalang tse tšeletseng bana ba anyesoe feela, ebe ka mor’a moo ba fuoa le lijo tse ling ba ntse ba anyesoa ho fihlela bonyane ba e-na le lilemo tse peli.