Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/11 maq. 14-16
  • ’Mino Iseraeleng ea Boholo-holo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mino Iseraeleng ea Boholo-holo
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meropa e Menyenyane, Lisistrame le Licymbala
  • Liharepa le Liletsa Tse Likhoele
  • Literompeta le Manaka
  • Liletsa Tsa Mefuta-futa
  • Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Libini le Liletsa Tsa Tsona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Morena Davida le ’Mino
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na u ne u Tseba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Tsoha!—2011
g 3/11 maq. 14-16

’Mino Iseraeleng ea Boholo-holo

’MINO o ne o phetha karolo ea bohlokoa Iseraeleng ea boholo-holo. Ho ne ho letsoa literompeta le manaka ha ho bitsetsoa batho borapeling le ha ho e-na le liketsahalo tsa bohlokoa. Ho ne ho letsoa liharepa ho thoba marena maikutlo. (1 Samuele 16:14-23) Ho letsoa meropa, licymbala le mangenengene ha ho ketekoa ketsahalo e thabisang.—2 Samuele 6:5; 1 Likronike 13:8.

Ka Bibeleng ho boleloa hore Jubale, e leng setloholo sa Kaine, e bile “mothehi oa bohle ba tšoarang harepa le phala.” (Genese 4:21) E ka ’na eaba ke eena ea ileng a qapa liletsa tse likhoele le tse letsoang ka ho bululoa.

Bibele e bua ka liketsahalo tse ngata tseo ho ileng ha letsoa ’mino ho tsona. Empa ha e bue hakaalo ka liletsa tse neng li sebelisoa. Leha ho le joalo, li itšetlehile ka lintho tse sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale le mengolo ea boholo-holo, litsebi li ’nile tsa leka ho fumana hore na mohlomong liletsa tsa boholo-holo li ne li shebahala joang li bile li lla joang. Liqeto tse ling tseo li li fihletseng ke khakanyo feela, empa a re ke re hlahlobe mehlala e seng mekae ea liletsa tse tlalehiloeng ka mokhoa o batsi.

Meropa e Menyenyane, Lisistrame le Licymbala

Ka mor’a hore Molimo a tšelise Moshe le Baiseraele ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu, Miriame, khaitseli ea Moshe, a e-na le “basali bohle,” ba ile ba tsoa “ka meropa e menyenyane ’me ba etsa metjeko.” (Exoda 15:20) Le hoja ho se na meropa e menyenyane ea mehleng ea Bibele e fumanoeng e kang eo re e tsebang kajeno, ho ’nile ha fumanoa liemahale tsa boholo-holo tse nyenyane tsa letsopa tsa basali ba tšoereng meropa e menyenyane libakeng tsa Iseraele tse kang Akzibe, Megido le Bethe-sheane. Seletsa sena seo hangata se bitsoang moropa o monyenyane liphetolelong tsa Bibele, mohlomong e ne e le lebili la lehong le koahetsoeng ka letlalo la phoofolo.

Mehleng ea bapatriareka, meropa e menyenyane e ne e letsoa ke basali ha ba le meketeng ea thabo ’me ho ne ho binoa ho bile ho tantšoa. Bibele e hlalosa hore ha Jafeta, moeta-pele oa Iseraele, a khutlela hae ka mor’a hore a hlōle ntoeng ea bohlokoa, morali oa hae o ile a matha a mo khahlanyetsa “a letsa moropa o monyenyane ’me a tjeka.” Ka lekhetlo le leng, basali ba ne ba thabetse katleho eo Davida a e finyeletseng ’me ba bontša seo “ka pina le metjeko” le “ka meropa e menyenyane.”—Baahloli 11:34; 1 Samuele 18:6, 7.

Ha Morena Davida a ne a tlisa areka ea selekane Jerusalema, batho “ba ne ba keteka ka pel’a Jehova ka liletsa tsa mefuta eohle tsa lehong la junipere le ka liharepa le ka liletsa tse likhoele le ka meropa e menyenyane le ka lisistrame le ka licymbala.” (2 Samuele 6:5) Hamorao, tempeleng e Jerusalema ho ile ha e-ba le sehlopha sa ’mino oa liletsa, se neng se kopanyelletsa libini tse letsang licymbala, literompeta, liharepa le liletsa tse ling tse likhoele.

Le hoja re e-na le leselinyana la hore na meropa e menyenyane e ne e shebahala joang, lisistrame tsona e ne e le eng? Ho bonahala eka e ne e le mangenengene a kentsoeng ka har’a bolo e nyenyane e motopo e nang le mofeng. Ha motho a e sisinya e ne e etsa molumo o bohale oa mashoehleshoehle. Bibele e bua ka lisistrame hanngoe feela. Ke nakong eo areka ea selekane e neng e tlisoa Jerusalema. Leha ho le joalo, ho ea ka neano ea Bajuda, lisistrame li ne li boetse li letsoa liketsahalong tse bohloko.

Ho thoe’ng ka licymbala tsa boholo-holo? U ka ’na ua nahana hore e ne e le litšepe tse khōlō tse neng li otlanngoa. Leha ho le joalo, licymbala tse ling tsa Iseraele ea boholo-holo, li ne li le bophara ba lisenthimithara tse ka bang leshome, li tšoana le liletsa tse bitsoang li-castanet ’me li ntša molumo o kang oa tšepe.

Liharepa le Liletsa Tse Likhoele

Seletsa se bitsoang kinnor, seo hangata se bitsoang “harepa” se ne se sebelisoa haholo Iseraeleng ea boholo-holo. Davida o ne a se letsa ho thoba Morena Saule maikutlo. (1 Samuele 16:16, 23) Litsebi li na le bonyane litšoantšo tse 30 tsa seletsa se kang harepa tseo li li fumaneng maboteng a boholo-holo a majoe, licheleteng tsa tšepe, litšoantšong tse entsoeng ka majoana a mebala-bala, tse khabisang le tse litiisong. Seletsa seo se ’nile sa fapana ka moetso ho theosa le makholo a lilemo. Seletsi se ne se se bapala ka menoana kapa se sebelisa ntho e thetsang likhoele.

Nebel e ne e tšoana le kinnor. Litsebi ha li kholisehe hantle hore na nebel e ne e e-na le likhoele tse kae, e le khōlō hakae le hore na e ne e letsoa joang. Empa litsebi tse ngata li lumela hore sebini se ne se ka khona ho tsamaea se tšoere nebel le kinnor.

Literompeta le Manaka

Molimo o ile a laela Moshe hore a etse literompeta tse peli. Li ne li lokela ho etsoa ka silevera e teiloeng ka hamore. (Numere 10:2) Baprista ba ne ba li letsa ho phatlalatsa liketsahalo tse ngata tse amanang le tempele le mekete e sa tšoaneng. Ba ne ba li letsa ka litsela tse sa tšoaneng, ho latela hore na li letsoa ka sepheo sefe ’me ba li letsa ka matla nako e telele kapa ba li letsa hakhutšoanyane ka molumo o matla. Le kajeno ho ntse ho sa tsejoe hore na literompeta tseo li ne li shebahala joang, kaha ha ho terompeta ea mehleng ea Bibele e fumanoeng. Ntho eo re nang le eona feela ke litšoantšo tseo batšoantšisi ba inahanelang tsona, joaloka se betliloeng Sefikeng sa Titus, Roma.

Ka Mangolong a Seheberu ho buuoa ka lenaka, kapa shofar, ka makhetlo a fetang 70. Seletsa sena se ne se etsoa ka lenaka la pōli kapa la pheleu. Ho ea ka lingoliloeng tsa Bajuda, ho ne ho e-na le mefuta e ’meli ea manaka—o mong e ne e le oa lenaka le otlolohileng ’me le kentsoe khauta molomong, ha o mong e le oa lenaka le kobehileng le khabisitsoeng ka silevera. Hangata lenaka le ne le sebelisetsoa ho fetisa melaetsa, hobane le ne le ntša melumo e ’meli kapa e meraro e neng e utloahala hōle.

Iseraeleng ea boholo-holo, lenaka le ne le sebelisetsoa ho phatlalatsa liketsahalo tse itseng tsa bolumeli, tse kang ho qaleha ha Sabatha le ho fela ha eona. Empa le ne le boetse le sebelisoa ka litsela tse ling—ka mohlala, nakong ea ntoa. Re ka inahanela feela hore na molumo oa manaka a 300 a ileng a letsoa ha lebotho la Gideone le tsometsa Bamidiane bosiu e ile ea e-ba o tšosang hakae.—Baahloli 7:15-22.

Liletsa Tsa Mefuta-futa

Mehleng ea Bibele ho ne ho boetse ho sebelisoa liletsa tse kang mangenengene, makolilo le lilute. Moprofeta oa Jehova ea bitsoang Daniele ea neng a isitsoe botlamuoeng Babylona ea boholo-holo, o ile a ngola ka sehlopha sa ’mino oa liletsa sa Morena Nebukadnezare oa Babylona. Se ne se e-na le liletsi tsa zitha, phala le mokotlana oa moea.—Daniele 3:5, 7.

Tlhahlobo ena e khutšoanyane ea liletsa tse seng kae tse boletsoeng ka Mangolong e tiisa ’nete ea hore ’mino o ne o phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba letsatsi le letsatsi ba Baiseraele ba boholo-holo, mohlomong le ba batho ba lichaba tse ling tsa boholo-holo. ’Mino o ne o utloahala mabaleng a borena le libakeng tsa borapeli, hammoho le metseng le malapeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Sistrame e ne e sisinngoa joaloka lengenengene

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Morena Davida o ne a ipabola ho letseng harepa

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Moropa o monyenyane o ’nile oa sebelisoa ho tloha mehleng ea bapatriareka

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Terompeta e ne e sebelisetsoa ho phatlalatsa liketsahalo tse ngata

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Seemahale sa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. sa mosali ea tšoereng seletsa sa ’mino

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Chelete ea tšepe ea lekholong la bobeli la lilemo C.E. e bontšang seletsa se likhoele

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lejoeng lena la lekholong la pele la lilemo B.C.E., le nkiloeng tempeleng e Jerusalema ho ngotsoe mantsoe a reng, “moo ho letsoang terompeta”

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]

Pottery figurine: Z. Radovan/BPL/Lebrecht; coin: © 2007 by David Hendin. All rights reserved; temple stone: Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela