Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/11 maq. 7-31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng e sa Tšoaneng Litšoantšong Tsee?
  • Li Bokelleng ’me le Ithute
  • Batho ba Libakeng Tse Ling
  • Bana Batlang Litšoantšo
  • LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ruthe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 3/11 maq. 7-31

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ke’ng e sa Tšoaneng Litšoantšong Tsee?

Na le ka bolela hore na ke lintho life tse tharo tse sa tšoaneng setšoantšong sa A le sa B? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase mona ’me le qetele litšoantšo tsena ka ho li taka.

NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 28:9-12, 33, 36, 37.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․

4. Ke setšoantšo sefe se nepahetseng, na ke se ka letsohong le letona kapa le letšehali?

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Poleloana ee “ho halalela” e bolela’ng? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore barapeli ba Jehova ba halalele? U ka bontša joang hore u leka ho halalela?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Bakorinthe 7:1.

SE KA ETSOANG KE LELAPA:

Kōpa e mong le e mong ka lapeng hore a etse lipatlisiso tsa hore na moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a phetha karolo efe. Ebe ka mor’a moo lea kopana ’me le buisana ka lintlha tseo le li hlokometseng. Ka mohlala, boikarabelo bo bong ba moprista ea phahameng e ne e le bofe?

NTLHA E THUSANG: Balang Levitike 9:7; Deuteronoma 17:9-11.

Ke’ng se bontšang hore Jesu Kreste ke Moprista ea Phahameng ea molemohali?

NTLHA E THUSANG: Balang Baheberu 4:14-16; 7:26-28; 9:11-14.

Li Bokelleng ’me le Ithute

E seheng, le e mene ’me le e boloke

KARETE EA BIBELE 3 RUTHE

LIPOTSO

A. Qetellang mantsoe ana ao Ruthe a ileng aa bua ho Naomi: “Batho ba heno e tla ba . . . ”

B. Ruthe o behetse batho ba hlokomelang ba kulang le ba hōlileng mohlala ofe o motle?

C. Tlatsang likheo tsena. Ruthe o ile a nyaloa ke ․․․․․ ’me ea e-ba moholo-holo oa ․․․․․ le ․․․․․.

[Chate]

4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.

Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela

tsa bo-1200 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa

[’Mapa]

Ha a tloha Moabe a ea Bethlehema

MOABE

Bethlehema

RUTHE

PALE EA HAE EA BOPHELO

Mohlolohali ea tšepahalang oa Momoabe ea ileng a tšehetsa matsale oa hae ea hōlileng, Naomi. Lerato le tšepahalang leo Ruthe a neng a rata Naomi ka lona le ho ikemisetsa ha hae ho rapela Jehova ho ile ha mo matlafatsa hore a tlohe naheng ea habo ’me a ee Bethlehema. Ba bang ba ile ba re ho Naomi, “Ngoetsi ea hao . . . e molemo ho uena ho feta bara ba supileng.”—Ruthe 4:14, 15.

LIKARABO

A. “. . . batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.”—Ruthe 1:16.

B. Ruthe o ile a bontša moea oa boitelo le ho ba mafolofolo.—Ruthe 2:7, 10-12, 17; 3:11.

C. Boaze, Morena Davida le Jesu Kreste.—Matheu 1:5, 6, 16.

Batho ba Libakeng Tse Ling

5. Lebitso la ka ke Shaé. Ke lula Brithani, e haufi le k’honthinente ea Europe. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Brithani? Na li 13 300, 133 000, kapa li 333 000?

6. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Brithani.

A

B

C

D

Bana Batlang Litšoantšo

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

● Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 30 le la 31 li leqepheng la 7

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31

1. Mongolo o tukung.

2. Majoe a onyxe a mahetleng.

3. Mangenengene a litjellaneng.

4. Se ka letsohong le letšehali.

5. Tse ka bang 133 000.

6. B.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela