Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 maq. 26-28
  • Na ke Hlōlehile Bophelong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Hlōlehile Bophelong?
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Abuti o Halefetse Ngoan’abo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Moshe o Fuoa Kabelo e Khethehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 maq. 26-28

Bacha Baa Botsa

Na ke Hlōlehile Bophelong?

“Ke ne ke ikhalala ha ke ipapisa le motsoalle e mong oa ka. Lintho li ne li mo tsamaela hantle—ho sa bonahale eka o li sebeletsa ka thata hakaalo! Seo se ne se etsa hore ke ipotse hore na ke hobane’ng ha ’na lintho li sa ntsamaele hantle joalo. Ke ne ke ithatafalletsa lintho.”—Annette.a

NA HO ikhalala ho u sitisa ho etsa lintho tse ncha bophelong? Na ka linako tse ling u nyahamisoa ke lintho tseo batho bao u ba hlomphang ba li buang, le hoja ba li bua ka sepheo se setle? Na u nyahamisoa ke liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng, hoo u sitoang ho leka hape? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng haeba u hlōlehile ho etsa lintho tse itseng, ebang u hlōlehile e le kannete kapa u nahana joalo?

U tla rua molemo ka ho araba potso eo ea ho qetela, kaha batho bohle ba hlōleha ho etsa lintho tse itseng ka linako tse ling. (Baroma 3:23) Empa batho ba nang le boikemisetso ba khona ho sebetsana le maemo ha ba hlōlehile. Seo se bolela hore ba talima liphoso tsa bona ka tsela e leka-lekaneng, ebe baa ema ba leka hape. Nakong e tlang ba ka ’na ba atleha ha ba leka! Kahoo a re bone hore na u ka etsa’ng maemong ana a mararo—e leng lintho tseo u ka ’nang ua hlōleha ho li etsa, tseo u nahanang hore u hlōleha ho li etsa le tseo u hlileng u hlōlehang ho li etsa.

SEO U KA ’NANG UA HLŌLEHA HO SE ETSA → SE KA ETSAHALANG U nahana hore lintho li tla u tsamaela hampe, kahoo u etsa qeto ea hore u se ke ua leka le hanyenyane feela, hobane u nka hore monyetla oa ho atleha oa fokola.

Hlokomela bothata. Ka tlaase mona, tšoaea ✔ nthong eo u ka ratang ho e etsa—empa u nka hore u ke ke ua atleha leha u ka leka.

◯ Ho emela seo u se lumelang ho liithuti-’moho le uena

◯ Ho etsa kōpo ea mosebetsi

◯ Ho bua le bamameli

◯ Ho bapala papali e itseng

◯ Ho bina kapa ho bapala seletsa se itseng

◯ Tse ling ․․․․․

Nahanisisa. Nahana ka ntho eo u e tšoaileng ka holimo le liphello tse ka ’nang tsa hlaha, ka hore u arabe lipotso tsena:

‘Nka rata hore ho etsahale’ng?’

․․․․․

‘Ke tšaba hore ho tla etsahala’ng?’

․․․․․

Joale ngola lebaka leo ka lona u lokelang ho leka ho etsa ntho eo, le hoja u ka ’na ua hlōleha.

․․․․․

Mohlala o ka Bibeleng. Ha Jehova Molimo a ne a roma Moshe ho ea etella sechaba sa Iseraele pele, ntho ea pele eo Moshe a ileng a e nahana ke hore litaba li ke ke tsa tsamaea hantle. O ile a botsa Molimo a re: “A re re batho bohle ba hana ho mamela molaetsa oa ka?” Eaba o qala ho nahana ka mefokolo ea hae. O ile a re: “Ha ke sebui se hloahloa. Ha ke tsebe hore na nka re’ng.” Esita le ka mor’a hore Jehova a mo tšepise hore o tla mo thusa, Moshe o ile a kōpa ka tieo a re: “Ka kōpo romela motho e mong.” (Exoda 4:1, 10, 13, Contemporary English Version) Qetellong Moshe o ile a amohela kabelo ea hae, ’me re tseba se ileng sa etsahala. A tataisoa ke Molimo, Moshe o ile a etella sechaba sa Iseraele pele ka lilemo tse 40.

Seo u ka se etsang. Morena Solomone o ile a ngola, a re: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao.” (Moeklesia 9:10) Kahoo, ho e-na le hore u sitisoe ke ho tšaba hore u tla hlōleha, ikakhele ka setotsoana mosebetsing oo u o etsang. Nahana ka ntho e itseng eo u ileng ua e etsa hantle ho feta kamoo u neng u lebeletse kateng. U ithutile eng ka uena ho seo u atlehileng ho se etsa? Seo u ithutileng sona se ka u thusa joang hore u hlōle tšabo leha e le efe eo hona joale u ka ’nang ua ba le eona ea hore u tla hlōleha?

Tlhahiso: Haeba ho hlokahala, kōpa litlhahiso ho motsoali kapa motsoalle ea hōlileng tsebong ea ka u thusang hore u be sebete.b

SEO U NAHANANG HORE U HLŌLEHA HO SE ETSA → SEO U NAHANANG HORE SE ETSAHETSE Ha motho e mong a atleha ho etsa ntho e itseng, u nka hore ua hlōleha ha u ipapisa le eena.

Hlokomela bothata. U ipapisa le mang, hona motho eo o finyeletse eng e etsang hore u bone eka u hlōlehile?

․․․․․

Nahanisisa. Na taba ea hore ebe motho eo o atlehile e bolela hore ehlile u hlōlehile? Ka tlaase mona, ngola ntho e sa tsoa etsahala, e kang ho ngola tlhahlobo sekolong, moo u ileng ua sebetsa hantle, empa ngoana e mong a sebetsa hantle ho u feta.

․․․․․

Joale ngola hore na ke hobane’ng ha ho bile bohlokoa hore u leke ho etsa seo.

․․․․․

Mohlala o ka Bibeleng. Kaine o ile a “tuka ke bohale” ha a bona hore Jehova o amohela moena oa hae Abele. Jehova o ile a lemosa Kaine ka mohono oa hae, empa a boela a bontša hore o kholisehile hore Kaine a ka atleha, haeba a khetha ho etsa joalo. Jehova o ile a re ho eena: “Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng?”c—Genese 4:6, 7.

Seo u ka se etsang. Ho e-na le ‘ho hlohlelletsa tlhōlisano’—esita le ho nahana ka eona feela—amohela hore ba bang ba atlehile ho finyella lintho tse itseng. (Bagalata 5:26; Baroma 12:15) Le hoja u sa ithorise, ka nako e tšoanang, hlokomela makhabane ao u nang le ’ona. Bibele e re: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong.”—Bagalata 6:4.

SEO U HLILENG U HLŌLEHANG HO SE ETSA → SE ETSAHETSENG U nahana ka ntho eo u hlōlehileng ho e etsa nakong e fetileng ’me u nka hore ha ua lokela ho iteka le hanyenyane feela.

Hlokomela bothata. Ke ntho efe eo u hlōlehang ho e etsa e u nyahamisang ka ho fetisisa?

․․․․․

Nahanisisa. Na ntho eo u e ngotseng ka holimo eo u hlōlehang ho e etsa, e hlalosa seo u hlileng u leng sona? Ka mohlala, haeba u oetse phosong e itseng, na seo se bolela hore ha u sa na thuso? Kapa na seo se mpa se bontša hore u hloka thuso? Haeba u oa ha u ntse u bapala papali e itseng, u amohela thuso ha motho e mong a u emisa. Ke hobane’ng ha u sa talime lintho ka tsela e tšoanang, ha u sebetsana le lintho tseo u hlōlehileng ho li etsa? Ka tlaase mona, ngola lebitso la motho eo u ka mo bolellang bothata ba hao.d

․․․․․

Mohlala o ka Bibeleng. Ka linako tse ling, moapostola Pauluse o ne a nyahamisoa ke mefokolo ea hae. O ile a ngola, a re: “Ke motho ea se nang thuso hakaakang!” (Baroma 7:24, CEV) Leha ho le joalo, ho hlakile hore Pauluse o ne a sa nke hore mefokolo ea hae e bontša seo a leng sona. O ile a ngola, a re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.”—2 Timothea 4:7.

Seo u ka se etsang. Ho e-na le ho nahana feela ka liphoso tsa hao, nahana le ka makhabane ao u nang le ’ona. Ka sebele, ke seo Jehova a se etsang. Bibele e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheberu 6:10; Pesaleme ea 110:3.

Hopola sena: Ha ho na motho ea phethahetseng. Ka linako tse ling, batho bohle ba hlōleha ho etsa ntho e itseng. Haeba u ithuta hore u be le boikemisetso bophelong, u tla ba le letlotlo la bohlokoa le tla u thusa ha u se u le motho e moholo. Liproverbia 24:16 e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.” Ke seo u ka bang sona!

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso le fetotsoe.

b Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba Tsoha! ea May 2010, leqepheng la 26-28.

c Kaine o ile a khetha ho se mamele keletso ea Jehova. Ho hlōleha ha hae ho bontša kamoo e leng habohlokoa kateng hore u laole maikutlo leha e le afe a ho honohela motho e mong ha a atleha.—Bafilipi 2:3.

d Mokreste ea entseng phoso e tebileng o tla rua molemo ka hore a buisane le moholo oa phutheho.—Jakobo 5:14, 16.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Haeba u etsa feela lintho tseo u ipabolang ho tsona—u sa leke ho etsa lintho tse ling hobane u tšaba hore u tla hlōleha—u itima monyetla.”

“U ka ithuta liphosong tseo u li entseng ’me ua ikemisetsa ho ntlafatsa, kapa u ka lulela ho nahana kamoo lintho li tsamaileng hampe kateng eaba u iketsetsa feela lintho tseo u khonang ho li etsa. Seo se itšetlehile ka hore na u khetha ho ba motho oa mofuta ofe.”

“Haeba ke tseba hore nka ’na ka hlōleha ha ke leka ho etsa ntho e itseng, ke etsa motlae ka eona. Ho molemo ho itšeha ho e-na le ho koata. Haeba u lebeletse hore u tla finyella lintho tse khōlō, ha ho mohla u tla thaba.”

[Litšoantšo]

Andrea

Trenton

Naomi

[Lebokose le leqepheng la 28]

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Ha le ne le le lilemong tsa ka, ke lintho life tse nyahamisang tseo le ileng la thulana le tsona? Le ile la sebetsana le tsona joang? Na le ntse le thulana le mathata ao nako le nako?

․․․․․

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ha motho ea nang le boikemisetso a oele, oa ema—a thusoa ke ba bang haeba ho hlokahala

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela