Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Lintho Life Tse sa Tšoaneng Moo?
Na le ka bolela lintho tse tharo tseo setšoantšo sa A se fapaneng le sa B ka tsona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase ’me le qetelle litšoantšo tsena ka ho li taka.
NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 25:10-22.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
4. Ke setšoantšo sefe se nepahetseng, na ke sa A kapa ke sa B?
SE KA TŠOHLOANG:
Areka ea selekane e ne e emela eng sechabeng sa Iseraele?
NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 25:22; Levitike 16:2.
Ke’ng eo e neng e le ea bohlokoa ho feta boteng ba Areka?
NTLHA E THUSANG: Balang Joshua 7:1-6, 11, 12.
E le hore u khahlise batsoali ba hao le Jehova, ho mamela ke habohlokoa hakae?
NTLHA E THUSANG: Balang 1 Samuele 15:22, 23; Baefese 6:1-3.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
Kōpang setho ka seng sa lelapa hore se etse lipatlisiso ka areka ea selekane. Ka mor’a moo, tšohlang lintlha tseo le li fumaneng. Ka mohlala, ho theosa le lilemo, ke lintho life tse ’nileng tsa bolokoa ka Arekeng? Li toroeeng, ’me le buisane ka bohlokoa ba tsona.
NTLHA E THUSANG: Balang Baheberu 9:4.
Areka e ne e lokela ho nkoa joang? Ho ile ha etsahala’ng ha Davida a sa latele litaelo tsa Jehova mabapi le ho nka Areka?
NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 37:5; 1 Likronike 13:7, 9-14; 15:12-15.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 6 ABELE
LIPOTSO
A. Ke mang ea ileng a bolaea Abele?
B. Jehova o ile a talima Abele le sehlabelo sa hae joang?
C. Tlatsa sekheo sena. Abele e ne e le ․․․․․.
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela
tsa bo-3900’s B.C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O ne a lula ka ntle ho serapa sa Edene
Serapa sa Edene?
ABELE
PALE EA HAE EA BOPHELO
Ke mora oa bobeli oa Adama le Eva ebile ke motho oa pele ea ileng a bontša tumelo ea boletsoeng ka Bibeleng. Abele o ile a bontša hore o batla ho amoheloa ke Molimo ka hore a etse sehlabelo se amohelehang. Le hoja Bibele e sa bolele ntho leha e le efe eo Abele a ileng a e bua, o re behetse mohlala o motle ka ho bontša tumelo.—Genese 4:1-11; Baheberu 11:4.
LIKARABO
A. Kaine, mor’abo.—1 Johanne 3:11, 12.
B. “Ka mokhoa o bontšang kamohelo.”—Genese 4:4.
C. Molisa.—Genese 4:2.
Batho ba Libakeng Tse Ling
5. Lebitso la ka ke Dean ke lilemo li 10, ke na le Jennifer ea lilemo li 7. Re lula Australia. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Australia? Na li 36 400, 63 400, kapa li 93 400?
6. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Australia.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 15
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Setšoantšo sa A ha se na lipalo le mehele.
2. Mapheo a likerubime a lokela ho koahela sekoahelo.
3. Lifahleho tsa likerubime li lokela ho talima sekoahelong.
4. Sa B.
5. Tse ka bang 63 400.
6. C.