Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/11 leq. 3
  • Mahlomola a Lokela ho Fela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahlomola a Lokela ho Fela!
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Mahlomola a Atile Hakaale?
    Tsoha!—2011
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 7/11 leq. 3

Mahlomola a Lokela ho Fela!

Mahlomola a Khieu a ile a qala ha ntate oa hae a ne a bolaeloa hore o tloheletse likhomo ho kena tšimong ea motho e mong. Hamorao, ’mè oa hae le likhaitseli tsa hae tse peli ba ile ba bolaoa ke mokhatlo oa Khmer Rouge oa Cambodia. Ka mor’a moo, Khieu o ile a lematsoa ke seqhomane sa fatše. O ile a qeta matsatsi a 16 a le sekhoeng pele a ka fumana thuso. ’Me a tlameha ho khaoloa leoto. Khieu o re: “Ke ne ke batla ho shoa.”

MOHLOMONG u hlokometse hore lintho tse bohloko ha li khethe hore na li hlahela bo-mang. Likoluoa tsa tlhaho, ho kula le ho holofala, liketso tse mabifi tsa tlōlo ea molao le litlokotsi tse ling li ka hlahela motho leha e le ofe, sebakeng leha e le sefe, ka nako leha e le efe. Mekhatlo ea liphallelo e ’nile ea sebetsa ka thata ho thibela mahlomola a hlahelang batho kapa bonyane ho ba imolla ’ona. Empa e finyelletse eng boitekong boo?

Ka mohlala, nahana ka boiteko ba ho felisa tlala. Ho latela koranta ea Toronto Star, likoluoa tsa tlhaho li entse hore batho ba bangata ba sale ba se na matlo le lijo. Leha ho le joalo, koranta eo e tlaleha hore “boiteko bo etsoang ke mekhatlo e mengata ba ho fokotsa tlala bo sitisoa ke liketso tse mabifi tse ntseng li eketseha.”

Baeta-pele ba lipolotiki, ba sechaba le litsebi tsa bongaka ba lekile ka hohle ho fokoletsa batho mahlomola, empa ha baa atleha. Mananeo a reretsoeng ho ntlafatsa moruo a hlōlehile ho felisa bofutsana. Liente, litlhare le mekhoa e tsoetseng pele ea ho buoa e sitoa ho phekola maloetse ’ohle. Mapolesa le mabotho a bolokang khotso a sheba a tsielehile ha liketso tse mabifi li ntse li tsoela pele kapa li bile li eketseha.

Ke hobane’ng ha mahlomola a atile hakaale? Na Molimo oa tsotella ha batho ba hlaheloa ke mahlomola? Batho ba limilione ba fumane likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsena ka Bibeleng, joalokaha re tla bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela