Batho ba Tla Phela ba se na Mahlomola—Eo ke Tšepiso e ka Tšeptjoang
“[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
NA TŠEPISO ee e thobang maikutlo e ka tšeptjoa? Ak’u nahane ka temoso e ’ngoe e ileng ea fuoa motho oa pele. Molimo o ile a bolella Adama hore haeba a sa mo mamele, ‘ka sebele o tla shoa.’ (Genese 2:17) ’Me o ile a fela a shoa joalokaha Molimo a ne a boletse. Hore ebe o ile a shoa le hore ebe moloko oa batho o mahlomoleng ebile o futsitse lefu, ke bopaki ba hore Molimo a ka tšeptjoa. Na ho na le lebaka leha e le lefe la ho belaella hore tšepiso ea Molimo ea ho busetsa lefatše boemong bo phethahetseng e ka phethahala?
Hape hopola litšobotsi tsa Molimo tse tšohliloeng sehloohong se fetileng. Ho lakatsa ha rōna ho felisa mahlomola e mpa e le seriti sa kutloelo-bohloko, lerato le toka tseo Molimo a nang le tsona. Ho feta moo, liketsahalo tsa lefatše le lintho tseo batho ba li etsang kajeno, li bontša hore nako ea hore Molimo a nke bohato e ntse e atamela ka potlako.—Sheba lebokose le reng “Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”
Ke hobane’ng ha Jehova Molimo e le eena ea tšoanelehang ka ho feletseng hore a felise mahlomola a batho? Nahana kamoo ka Mora oa hae, e leng Jesu, a khonang a bileng a lokiselitseng ho lokisa lisosa tsa lintho tse bakelang batho mahlomola.
Liqeto tseo batho ba li etsang. Moholo-holo oa rōna Adama o ile a khetha ho etsa sebe, ’me a tlisetsa litloholo tsohle tsa hae mathata a tebileng. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Molimo o rarolla bothata bona ka tsela e hlollang e nang le toka, mohau ebileng e leng bonolo. Baroma 6:23 e re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”
Jesu ea phethahetseng ha aa ka a etsa sebe. Lefu la hae thupeng ea tlhokofatso e ile ea e-ba motheo oa ho lokolla batho ba mamelang thohakong ea sebe le lefu. Joale re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, leo ho lona re ke keng ra hlola re e-ba le tšekamelo ea boetsalibe, e re etsisang liqeto tse booatla. Batho ba bakelang ba bang mahlomola ka boomo le bona ba ke ke ba hlola ba e-ba teng, kaha “baetsi ba bobe ba tla felisoa.”—Pesaleme ea 37:9.
Liketsahalo tse sa lebelloang le ho se phethahale. Jesu Kreste, e leng Morena ea khethiloeng ke Molimo, o na le matla a ho laola lihloliloeng tsa lefatše. Lekholong la pele la lilemo C.E., Jesu le baapostola ba hae ba ne ba palame seketsoana sa ho tšoasa litlhapi ha ho ‘tsoha sefefo se seholo se matla, ’me maqhubu a khahlellana ka sekepeng, hoo sekepe se neng se le haufi le ho tlala.’ Ha Jesu a kōpuoa hore a thuse, ‘o ile a tsoha ’me a khalemela moea ka matla a re ho leoatle: “Thōla! Khutsa!” Eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.’ Baapostola ba hae ba ile ba makala. Ba ile ba re: “Esita le moea le leoatle lia mo mamela.”—Mareka 4:37-41.
Pusong ea Jesu, batho ba mamelang ‘ba tla lula ba sireletsehile ’me ba ke ke ba khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.’ (Liproverbia 1:33) Seo se akarelletsa tlokotsi e bakoang ke likoluoa tsa tlhaho. Ho feta moo, batho ba ke ke ba hlola ba tšoara lefatše hampe, ba haha ka tsela e sa sireletsehang le ho se tsotelle lihloliloeng tsa lefatše esita le ho etsa liphoso tse ling. Ha ho motho ea tla boela a etsahalloa ke lintho tse bohloko hobane a le sebakeng se fosahetseng, ka nako e fosahetseng.
Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a senola ntho e ’ngoe eo a tlang ho e etsa pusong ea hae, ho etsolla mahlomola ’ohle a tlisoang ke liketsahalo tse sa lebelloang. O ile a re: “Ke ’na tsoho le bophelo.” (Johanne 11:25) Ka sebele, Jesu o na le matla ebile o lakatsa ho tsosa batho ba limilione ba bolailoeng ka sehlōhō ke likoluoa tsa tlhaho. Na ee ke tšepiso ea lefeela? Jesu o ile a matlafatsa motheo oa tumelo ea rōna ka hore a tsose bafu ha a sa le lefatšeng. Ka Bibeleng, ho tlalehiloe liketsahalo tse tharo tseo a ileng a etsa sena ho tsona.—Mareka 5:38-43; Luka 7:11-15; Johanne 11:38-44.
“’Musi oa lefatše lena.” Molimo o khethile Kreste Jesu hore ‘a etse lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose.’ (Baheberu 2:14) Jesu o ile a re: “Lefatše lena lea ahloloa; joale ’musi oa lefatše lena o tla lahleloa ntle.” (Johanne 12:31) Jesu o tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose” ka hore a felise tšusumetso ea hae lefatšeng. (1 Johanne 3:8) Ak’u nahane kamoo batho ba tlang ho phela ka tsela e fapaneng kateng ha ho se ho se na meharo, bobolu le boithati tse susumetsoang ke moea oa Diabolose!
[Lebokose le leqepheng la 9]
“Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”
Balateli ba Jesu ba ile ba mo botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Karabo eo Jesu a ileng a fana ka eona hammoho le mangolo a mang a bululetsoeng a ngotsoeng ka mor’a lefu la hae, a re bolella se neng se tla etsahala ha nako ea hore Molimo a felise mahlomola e ntse e atamela.a Bapisa boprofeta bo boletsoeng ka tlaase mona le maemo a teng kajeno.
● Lintoa hohle—Matheu 24:7; Tšenolo 6:4.
● Tlala le maloetse—Luka 21:11; Tšenolo 6:5-8.
● Ho senngoa ha lefatše—Tšenolo 11:18.
● “Ba ratang chelete”—2 Timothea 3:2.
● “Ba sa mameleng batsoali”—2 Timothea 3:2.
● “Ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo”—2 Timothea 3:4.
Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u hlokomelisa hore haufinyane batho ba tla phela ba se na mahlomola. Ikopanye le Lipaki tse sebakeng sa heno. Li tla thabela ho ithuta Bibele le uena lapeng ha hao kapa sebakeng leha e le sefe se loketseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 9 e nang le sehlooho se reng “Na re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela’?,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.