Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/11 maq. 18-20
  • Ho Etsoa Poropo ka Bokantle ba Kutu ea Sefate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsoa Poropo ka Bokantle ba Kutu ea Sefate
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Etsa Lintho Tse Ngata
  • Li Ntlafatsa Tikoloho
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Le ’ne le Jale Peō—Jehova o Tla e Melisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tholoana e Nyenyane e ba Eike ea Tonanahali
    Tsoha!—2010
Tsoha!—2011
g 7/11 maq. 18-20

Ho Etsoa Poropo ka Bokantle ba Kutu ea Sefate

U nahana hore ke sefate sefe seo karolo e kantle ea kutu ea sona e phethang karolo ea bohlokoa ho etseng lienjene, libolo tsa krikete, tsa “baseball” le veine ea champagne—e ’nileng ea sebelisoa ka lilemo tse likete ke batšoasi ba litlhapi le mafumahali a khabane ka ho tšoana ’me ea sebelisoa le lifofa-sebakeng? Ho hlollang le ho feta ke hore karolo ena e ikhethang e ka etsa lintho tsena tsohle empa sefate se sa rengoe!

KAROLO ena ke bokantle ba kutu ea sefate sa cork oak. Empa bokantle ba kutu ea sefate sena hase bo tloaelehileng. Bo bobebe, ha bo che habonolo ebile boa saroloha.

Selemo le selemo, sefate sa cork oak se hlahisa ka bongata karolo ena e sa senyeheng habonolo. Ha karolo ena e kantle e sa eboloe, e ka hōla ho fihlela e le botenya ba lisenthimithara tse 25—’me e thusa ho sireletsa sefate mochesong, serameng le ha moru o cha. Ha bakotuli ba e ebola, sefate se boetse se hlahisa e ’ngoe butle-butle ka lilemo tse ka bang leshome.

Portugal e hlahisa hoo e ka bang karolo ea 55 lekholong ea lifate tsa cork oak lefatšeng ka bophara, Spain eona e hlahisa hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong, ’me linaha tse ling (ho akarelletsa Algeria, Fora, Italy, Morocco le Tunisia) li hlahisa karolo e setseng ea 15 lekholong.a

E Etsa Lintho Tse Ngata

Baroma le Bagerike ba ile ba sibolla hore karolo ena ea sefate e etsa hore matlooa a phaphamale hantle ka metsing le hore e ka etsa sole e tsamaisang hamonate ea lieta. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ile ba boela ba e sebelisetsa ho koala linkho. Kaha karolo ena ea saroloha le ha e le mochesong, e sebetsa hantle ka enjeneng. E boetse e phetha karolo ea bohlokoa likarolong tse laolang mocheso lifofa-sebakeng.

Kaha batho ba bangata ba nang le matlo ba rata tsela eo e shebahalang ka eona le hore e tšoara mocheso, ba khabisa leboteng le fatše ka lithaele tse entsoeng ka eona. Baetsi ba thepa e sebelisoang lipapaling le bona ba ananela bohlokoa ba eona ha ba etsa karolo e ka hare ea bolo ea baseball kapa ha ba etsa mofeng oa fishing rod. Ha e le hantle, e ka ’na eaba bokantle ba kutu ea sefate sena bo tsebahala ka ho etsa liporopo tse koalang libotlolo tsa veine le champagne.—Sheba lebokose le reng “Poropo e Molemo.”

Li Ntlafatsa Tikoloho

Moru o hlokometsoeng hantle oa lifate tsena ke bopaki ba hore batho ba ka sebelisa lintho tsa tlhaho, empa ba sa senye tikoloho. Lifate tsa khale tsa cork oak li khabisa naha, li etsetsa likhomo tse fulang tlas’a makhasi a tsona moriti le ho li fa lijo, ’me li fokotsa bohale ba mocheso hlabula.

Linonyana tse ’maloa tse kotsing ea ho timela—tse kang lintsu, matlakapipi le bo-mokotatsie—li rata ho haha lihlaha lifateng tse khōlō tsa cork oak. Liqoabi tsa Hloahloeng ea Iberia tse kotsing ea ho timela le tsona li fumana setšabelo merung ea lifate tsena tsa cork oak. Haufinyane tjena, Letlōle la Lefatše la Liphoofolo le Limela Tsa Naha le boletse hore e le hore liqoabi tsena li ’ne li phele, li itšetlehile ka ho atleha ha khoebo ea lifate tsena Spain le Portugal.

Kahoo nakong e tlang ha u bula botlolo ea veine, ak’u nahane ho se hokae ka poropo ea eona ka kananelo. U tla be u tšoere ntho ea tlhaho, e bolang ka tsela ea tlhaho le e ka sebelisoang hape. ’Me ho sebelisoa ha eona ho boetse ho sireletsa tikoloho. Ka sebele, sefate sena sa cork oak se molemo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sefate sa cork oak sea mela le likarolong tse ling tsa lefatše, empa libaka tsa Mediterranean ke tsona tse nang le tlhahiso e khōlō ea khoebo, e leng moo lifate tsena li melang teng ka tsela ea tlhaho.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

“Poropo e Molemo”

Miguel Elena, e leng motsamaisi Setsing sa Liporopo, Lehong le Mashala se Extremadura, Spain, o hlalosa ka ho eketsehileng kamoo poropo e sebelisoang kateng.

Poropo e sebetsa hantle hakae?

Ke ’nile ka bona ho ntšoa liporopo libotlolong tse qetileng lilemo tse fetang lekholo, ’me veine e ka moo e ntse e le boemong bo botle! Poropo e sebetsa hantle.

Sefate sa cork oak se lokela ho qeta nako e kae pele se eboloa karolo e kantle ho etsa liporopo?

E le hore sefate sa cork oak se hlahise liporopo tsa boleng bo botle, se lokela ho ba le bonyane lilemo tse 50, le hoja karolo e kantle ea sona e ka qala ho eboloa ka mor’a lilemo tse 25 sefate se jetsoe. Ke ’nete hore ke batho ba seng bakae feela ba ikemiselitseng ho etsa letsete semeleng se sa tl’o ba tlisetsa chelete ka lilemo tse 50. Ha e le hantle, ha ke nahane hore ho na le khoebo eo mong’a eona a lokelang ho ema nako e telele joaloka ena pele a fumana tsoala.

Sefate sa cork oak se phela nako e kae?

Sefate sa cork oak se ka phela lilemo tse ka bang 200, ’me tse ling li phela lilemo tse fetang tseo. Lifate tsena li eboloa ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse robong.

Ho etsoa’ng hore lifate tsee li lule li hlahisa karolo ee e kantle?

European Union le mebuso ea libaka tseo re lulang ho tsona, e fana ka thuso ea lichelete ho khothalletsa balemi ho lema lifate tsena tsa cork oak. Kahoo lilemong tsa morao tjena, re ’nile ra lema lihekthara tse ’maloa tsa lifate tsena ’me ra ntlafatsa tse teng.

Ho entsoe lintlafatso life tabeng ea ho hlahisa liporopo?

Re entse phuputso e pharaletseng lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng, e le hore re khetholle mefuta e molemo ea lifate tsena. Re sebelisana haufi le linaha tse ling tse lemang lifate tsena e le hore re ntlafatse boleng ba sehlahisoa sena. Re entse sakha e nyenyane ea letsoho e tla nolofalletsa batho ba ebolang lifate tsena ho tlosa karolo e kantle ea kutu, e leng mosebetsi oo lilemong tse makholo tse fetileng, batho ba neng ba o etsa ka lilepe.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Nako le nako ha sefate se eboloa, karolo e kantle ea sona e boetse ea hōla

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Basebetsi ba nang le bokhoni ba ebola sefate ka hloko

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Mapolanka aa pakoa e le ho lokisetsa mothati o latelang

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Liporopo tsa boleng bo botle li ntse li etsoa ka matsoho

[Setšoantšo se maqepheng a 18, 19]

Makumane a oang aa bokelloa ’me ho etsoa liporopo le thepa e ’ngoe ka ’ona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela