Pono ea Bibele
Na Bibele e Khothalletsa Bokhoba?
NTHO e ’ngoe e ka sehloohong eo Bibele e e rutang ke hore batho ba rate baahelani. Empa lerato le fapane ka ho feletseng le khopolo ea bokhoba bo hatellang. Kahoo, batho ba bang ba makatsoa ke hore ka Bibeleng ho buuoa ka bokhoba.
Mehleng ea boholo-holo, Molimo o ne a lumeletse batho ba hae hore ba be le makhoba. (Genese 14:14, 15) Esita le mehleng ea baapostola, Bakreste ba bang ba ne ba e-na le makhoba, ’me ba bang e le makhoba. (Filemone 15, 16) Na see se bolela hore Bibele e khothalletsa bokhoba bo hatellang?
Litloaelo Tse Khahlanong le Melao-motheo ea Bibele
Nakong eo Bibele e neng e qala ho ngoloa, batho ba ne ba se ba ntse ba e-na le litloaelo tse itseng ’me ba thehile tsamaiso ea moruo e khahlanong le melao-motheo ea Molimo. Le hoja Molimo a ile a nyatsa litloaelo tse ling Molaong oa hae o ngotsoeng, o ile a khetha ho mamella tse ling, tse kang ea ho etsa batho makhoba.
Ha e bua ka tsela eo sechaba sa Iseraele sa boholo-holo se neng se hlophisitsoe ka eona, The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Sechaba seo se ne se lokela ho phela joaloka bana ba motho, ha e le hantle ho se na mafutsana [’me ho se na] ba hanyapetsang bahlolohali, batho ba se nang mahae kapa likhutsana.” Kahoo, ho e-na le ho amohela litloaelo tseo batho ba neng ba se ba ntse ba e-na le tsona le tsamaiso eo ba e thehileng ea moruo, Molao oa Molimo o ile oa laola tsela eo makhoba a tšoaroang ka eona, ’me haeba o ne o lateloa, makhoba a ne a lokela ho tšoaroa ka mosa le ka lerato.
Tlaleho ea Histori ea Bibele ka Bokhoba
Nahana ka litaelo tse latelang tse neng li boletsoe Molaong o neng o fanoe ka Moshe:
● Ha motho a ne a koetela e mong ’me a mo rekisa o ne a ahloleloa lefu. (Exoda 21:16) Empa le hoja ho ne ho entsoe litokisetso tsa ho thibela bofutsana, haeba Moiseraele a ne a iphumana a le likolotong, mohlomong ka lebaka la ho etsa liqeto tse fosahetseng litabeng tsa khoebo, o ne a ka ithekisa ho ba lekhoba. Maemong a mang, o ne a ka fumana chelete e eketsehileng ’me a ithekolla ka eona.—Levitike 25:47-52.
● Bokhoba boo e ne e se bo hatellang joaloka bo ’nileng ba e-ba teng linaheng tse ngata ho theosa le lilemo. Levitike 25:39, 40 e re: “Haeba mor’eno a futsaneha haufi le uena ’me a tlameha ho ithekisa ho uena, u se ke ua mo sebelisa joaloka ea sebetsang tšebeletsong ea bokhoba. Ho uena a be joaloka mosebetsi ea hiriloeng, joaloka mojaki.” Kahoo ena e ne e le tokisetso e lerato ea ho hlokomela mafutsana Iseraeleng.
● Motho ea neng a fumanoa a le molato oa ho utsoa ’me a sa khone ho lefella molato ka ho feletseng ho ea ka Molao, o ne a ka rekisoa e le lekhoba hore a lefe sekoloto seo. (Exoda 22:3) Ha a se a se lefile, o ne a lokoloha.
● Molao oa Molimo o neng o fuoe Baiseraele o ne o hanela hore makhoba a tšoaroe ka sehlōhō le hore a hlekefetsoe. Le hoja beng ba makhoba ba ne ba lumeletsoe ho a laea, ba ne ba sa lumelloa ho etsa lintho tse fetelletseng. Haeba monghali a ne a bolaea lekhoba, le ne le lokela ho pheteletsoa. (Exoda 21:20) ’Me haeba lekhoba le ne le lematsoa, le tsoa leino kapa leihlo, le ne le lokolloa.—Exoda 21:26, 27.
● Moiseraele o ne a sa lokela ho qeta lilemo tse fetang tse tšeletseng e le lekhoba. (Exoda 21:2) Makhoba a Baheberu a ne a lokolloa bokhobeng ka selemo sa bosupa. Molao o ne o laela hore ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse 50, makhoba a Baiseraele a lokolloe naheng ka bophara, ho sa tsotellehe hore na e bile makhoba ka nako e kae.—Levitike 25:40, 41.
● Ha lekhoba le lokolloa, mong’a lona o ne a lokela ho le fa limpho ka seatla se bulehileng. Deuteronoma 15:13, 14 e re: “Haeba le ka mo tlosa ho lōna joaloka ea lokolotsoeng, le se ke la mo tsamaisa a sa nka letho. Le lokela ho mo hlomella ka ho hong mohlapeng oa lōna le seotlong sa lōna le sehatelong sa lōna sa oli le sa veine.”
Hamorao, mehleng ea Jesu le baapostola ba hae, ho ne ho tloaelehile hore batho ba etsoe makhoba ’Musong oa Roma. Ha Bokreste bo ntse bo nama, batho bao e neng e le makhoba le bao e neng e le benghali, ba ile ba bolelloa litaba tse molemo ’me ea e-ba Bakreste. Jesu Kreste le baapostola ba hae ha baa ka ba ruta kosepele ea hore ho fetoloe maemo a bophelo sechabeng, joalokaha eka ba leka ho ntlafatsa tsamaiso eo. Ho e-na le hoo, makhoba le benghali ba ile ba khothalletsoa hore ba ratane joaloka bara ba motho ba moea.—Bakolose 4:1; 1 Timothea 6:2.
Bokhoba bo Tla Fela
Joaloka lipotso tse ling tsohle tsa Bibele, re lokela ho hlahloba taba ea bokhoba ho latela moelelo oa se tšohloang. Ho hlahlobisisa Mangolo ho senola hore Molimo o nyatsa tšoaro e mpe ea batho.
Ho a hlahlobisisa ho boetse ho senola hore tloaelo ea batho ba Molimo ba mehleng ea Bibele ea ho etsa ba bang makhoba, e ne e se sehlōhō ebile e sa hlekefetse makhoba ka tsela eo ba bangata kajeno ba utloisisang bokhoba ka eona. ’Me Bibele e bontša hore ka nako e loketseng, Molimo o tla re lopolla mefuteng eohle ea bokhoba. Kahoo, batho bohle ba tla thabela tokoloho ea sebele.—Esaia 65:21, 22.
NA U KILE UA IPOTSA?
● Na Bibele e khothalletsa tšoaro e mpe ea makhoba?—Levitike 25:39, 40.
● Bakreste ba ne ba lokela ho tšoara makhoba joang?—Bakolose 4:1.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Molimo o nyatsa tšoaro e mpe ea batho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
© G.M.B. Akash/Panos Pictures