Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Balang Liketso 9:36-41. Ke lintho life tse tharo tse sa nepahalang setšoantšong see? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase ’me le qetelle setšoantšo sena ka ho se taka.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Tabitha o ne a tsejoa ka lebitso lefe le leng, hona mabitso a hae a bolela’ng?
NTLHA E THUSANG: Balang mongolo o botlaaseng ba leqephe o ho Liketso 9:36 ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References.
Na Tabitha e ne e le moithati? Hlalosa.
NTLHA E THUSANG: Balang Liketso 9:36, 39.
Mantsoe a Jesu a ho Luka 6:38 a ile a phethahala joang tabeng ea Tabitha? U ka mo etsisa joang?
NTLHA E THUSANG: Balang Baefese 4:28; Jakobo 2:14-17.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
Kōpang setho ka seng ka lapeng hore se nahane ka motho eo se ka ratang ho mo fa mpho. E be le etsa mpho e itekanetseng feela e le hore le e fe motho eo. Ka mohlala, mo etsetseng karete kapa ntho eo a ka tšoaeang maqephe a buka ka eona, e nang le temana ea Bibele.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 7 PETROSE
LIPOTSO
A. Ke hobane’ng ha Petrose a ile a qala ho teba?
B. Na polelo ee ke ’nete kapa bohata? Petrose o ile a lula e le lesoha.
C. Ha baeta-pele ba bolumeli ba ne ba bolella baapostola hore ba khaotse ho ruta batho, Petrose le baapostola ba bang ba ile ba re: “Re tla . . . ”
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lekholong Buka ea ho qetela
la pele la lilemo C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O ne a lula Bethsaida le Kapernauma
GALILEA
Kapernauma
Bethsaida
Leoatle la Galilea
PETROSE
PALE EA HAE EA BOPHELO
E ne e le motšoasi oa litlhapi ea sebetsang ka thata, ’me e bile e mong oa barutuoa ba pele ba Jesu. Jesu o ile a mo khetha hore e be e mong oa baapostola ba 12, kapa baromuoa. Likosepele tse ’nè li tlaleha lintho tse ngata tseo Petrose a li buileng ho feta tse builoeng ke baapostola ba bang. Jehova o ile a mo sebelisa haholo hore a pake le hore a ‘matlafatse barab’abo.’—Luka 22:32; Mareka 3:13-19.
LIKARABO
A. O ile a belaela.—Matheu 14:28-31.
B. Bohata.—Mareka 1:29-31; Johanne 1:42; 1 Bakorinthe 9:5.
C. “. . . mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:18, 27-29.
Batho ba Libakeng Tse Ling
4. Lebitso la ka ke Antonia. Ke lilemo li robeli ’me ke lula Chile, e Amerika Boroa. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Chile? Na li 69 500, 96 500, kapa li 106 500?
5. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Chile.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 23
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Petrose o ne a sa ema ha a rapela; o ne a khumame.
2. Basali (ba bahlolohali) ba ile ba bontša Petrose liaparo tseo Tabitha a neng a ba etselitse tsona, eseng lijana tsa letsopa.
3. Petrose o ne a le mong ka kamoreng ha a rapela, ho ne ho se na batho ba bang.
4. Tse 69 500.
5. B.