Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/11 maq. 22-23
  • Na Molimo o Tšehetsa Lintoa Kajeno?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Tšehetsa Lintoa Kajeno?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litsela Tse Tharo Tse ka Sehloohong Tseo li Fapaneng ka Tsona
  • Ke Hobane’ng ha Iseraele e Ile ea Nkeloa Sebaka ke Phutheho ea Bokreste?
  • Na Motho a ka Khona ho Rata Lira Tsa Hae?
    Tsoha!—2009
  • Bakreste ba sa Nkeng Lehlakore Matsatsing a ho Qetela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na Bokreste bo Lumellana le Ntoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Tsela ea ho Ikarola Lefatšeng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 8/11 maq. 22-23

Pono ea Bibele

Na Molimo o Tšehetsa Lintoa Kajeno?

HA MORENA Davida oa Iseraele ea boholo-holo a hlalosa mosebetsi oa hae oa bohlabani, o ile a re: “[Molimo] o ruta matsoho a ka ntoa, matsoho a ka a hateletse seqha sa koporo.”—Pesaleme ea 18:34.

Moapostola Pauluse eena ha a bua ka Bakreste o ile a re: “Etsoe le hoja re tsamaea nameng, ha re loane ntoa ho ea ka seo re leng sona nameng. Etsoe lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama.”—2 Bakorinthe 10:3, 4.

Na litemana tsee lia hanyetsana? Kapa na ho na le mabaka a utloahalang a ileng a etsa hore Molimo a lumelle Baiseraele ba boholo-holo ho kenella ntoeng empa a se lumelle Bakreste ho etsa joalo? Na tsela eo Molimo a talimang ntoa ka eona e fetohile? Re tla utloisisa taba ena ka ho hlaka ha re hlahloba litsela tse tharo tse ka sehloohong tseo Iseraele le phutheho ea ’nete ea Bokreste li fapaneng ka tsona.

Litsela Tse Tharo Tse ka Sehloohong Tseo li Fapaneng ka Tsona

1. Iseraele ea boholo-holo e ne e le sechaba se lulang sebakeng seo e se fuoeng ke Molimo se nang le meeli e tobileng ’me e ne e pota-potiloe ke baahi ba ratang ntoa. Ka lebaka leo, Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba sireletse naha ea bona, a ba a ba thusa ho hlōla lira tsa bona. (Baahloli 11:32, 33) Ka lehlakoreng le leng, phutheho ea Bokreste ha e sebakeng se nang le meeli e tobileng, ebile litho tsa eona li fumanoa linaheng tsohle. Joale haeba balateli ba Kreste ba naheng e itseng ba ne ba ka loantša ba naha e ’ngoe, ba ne ba tla be ba loantša balumeli-’moho le bona—bao e leng bara le barali babo bona—bao ba laetsoeng hore ba ba rate le hore ba ba shoele.—Matheu 5:44; Johanne 15:12, 13.

2. Iseraele ea boholo-holo e ne e e-na le morena oa motho ea busang a le Jerusalema. Empa Bakreste ba ’nete bona ba busoa ke Jesu Kreste, eo hona joale e leng morena ea matla oa moea leholimong. (Daniele 7:13, 14) Jesu ka boeena o ile a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) Kahoo ha ho ’muso oa lipolotiki kapa puso leha e le efe lefatšeng e ka ipolelang hore ke ea Kreste. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa ho “bahlanka” ba Jesu kapa balateli ba hae? Ntlha ea boraro ea hlalosa.

3. Joaloka lichaba tse ling, Iseraele ea boholo-holo e ne e atisa ho roma baromuoa kapa seo rōna kajeno re ka se bitsang manģosa kapa baemeli. (2 Marena 18:13-15; Luka 19:12-14) Kreste o entse se tšoanang, empa ho na le lintlha tse peli tsa sehlooho tseo Iseraele le phutheho ea Bokreste li fapaneng ka tsona. Ea pele, balateli bohle ba hae ke manģosa kapa baemeli. Ke kahoo ha moapostola Pauluse a ngola lebitsong la Bakreste-’moho le eena a neng a ka re: “Ka hona re manģosa a emeng bakeng sa Kreste.” (2 Bakorinthe 5:20) Kaha e ne e le manģosa a khotso, ba ne ba sa nke lihlomo. Ea bobeli, balateli ba Jesu ba bua le bohle ba ka mamelang molaetsa oa bona. Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) A boela a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

Ka bomalimabe, hase kamehla bahlanka ba Kreste ba amoheloang ka mofuthu. Kahoo, ha Pauluse a ngolla moevangeli oa Mokreste Timothea, o ile a re: “Joaloka lesole le khabane la Kreste Jesu u be le karolo ho utloisoeng bohloko ke bobe.” (2 Timothea 2:3) Ho hlakile hore lihlomo tsa Timothea e ne e le tsa moea ’me li ne li akarelletsa Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, le bitsoang “sabole ea moea.”—Baefese 6:11-17.

Ke Hobane’ng ha Iseraele e Ile ea Nkeloa Sebaka ke Phutheho ea Bokreste?

Ka lilemo tse ka bang 1 500, sechaba sa Iseraele se ne se thabela kamano e khethehileng le Molimo, e neng e thehiloe selekaneng kapa tumellanong. (Exoda 19:5) Selekane seo, se neng se buelloa ke Moshe, se ne se akarelletsa Melao e Leshome hammoho le e meng, eo kaofela ha eona e neng e ntšetsa pele borapeli ba ’nete le melao-motheo e phahameng ea boitšoaro. (Exoda 19:3, 7, 9; 20:1-17) Leha ho le joalo, ka bomalimabe Iseraele ka kakaretso ha ea ka ea tšepahala ho Molimo, e ile ea ba ea bolaea baprofeta ba hae.—2 Likronike 36:15, 16; Luka 11:47, 48.

Qetellong, Jehova o ile a romela Mora oa hae, Jesu Kreste, ea ileng a tsoaloa e le Mojuda. Ho e-na le ho mo amohela e le Mesia, sechaba sa Bajuda ka kakaretso se ile sa mo lahla. Ka lebaka leo, Molimo o ile a felisa selekane seo a bileng le sona le Iseraele ka nako e telele ’me lerako la tšoantšetso le neng le arohantse Bajuda le batho bao e seng Bajuda le ile la tloha.a (Baefese 2:13-18; Bakolose 2:14) Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Molimo o ile a theha phutheho ea Bokreste ’me a khetha Jesu hore e be Hlooho ea eona. Ho feta moo, pele lekholo la pele la lilemo le fela, ka sebele phutheho eo e ile ea e-ba ea lichaba tsohle. Moapostola Petrose oa Mojuda o ile a re: “Sechabeng se seng le se seng motho ea . . . tšabang [Molimo] le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:35.

Lipaki Tsa Jehova li etsisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Kahoo, Lipaki li tsejoa ka tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa le ho se jele paate lipolotiking le lintoeng tsa batho ba nama le mali. (Matheu 26:52; Liketso 5:42) Ka sebele ha li lumelle letho ho li sitisa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, e leng oona feela ’muso o tla felisa bokhopo ’me o tlise khotso e tšoarellang lefatšeng. A nahanne ka tšepo eo, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Re le baemeli ba Kreste rea kōpa: ‘Boelanang le Molimo.’” (2 Bakorinthe 5:20) Mantsoe ao a re bontša hore kajeno metsotso e se e jele babeli hobane re haufi le bofelo ba ‘matsatsi a ho qetela’ a lefatše lena le khopo.—2 Timothea 3:1-5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Qalong lentsoe “Mojuda” le ne le sebelisoa ho motho eo e leng Moiseraele oa moloko oa Juda. Hamorao lentsoe leo le ile la sebelisoa ho Baheberu kaofela.—Esdrase 4:12.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Ke tšobotsi efe e hlaheletseng eo Bakreste ba lokelang ho e bontša ho Bakreste ba bang?—Johanne 13:34, 35.

● “Sebetsa” se ka sehloohong sa Mokreste oa ’nete ke sefe?—Baefese 6:17.

● Ke molaetsa ofe oa bohlokoa oo baemeli ba Kreste ba o phatlalatsang?—Matheu 24:14; 2 Bakorinthe 5:20.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Lipaki Tsa Jehova ke mokhatlo oa bara ba motho ba lichaba tsohle ’me ha li jele paate lintoeng tsa lichaba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela