Bacha Baa Botsa
Nka Fumana Boithabiso bo Nepahetseng Hokae?
Haeba u Mokreste, seo se bolela hore u khetha boithabiso ka hloko. Ha u latele feela seo ba bang ba reng u se shebelle, u se bale kapa u se mamele. Hobane’ng? Hobane boithabiso bo bongata ba kajeno bo khothalletsa ho kopanela liphate ho sa lokelang, liketso tse mabifi le tšebelisano le meea—e leng lintho tseo u lokelang ho li qoba. Leha ho le joalo, ho na le boithabiso bo nepahetseng boo u ka bo fumanang. A re bone hore na u ka bo fumana joang.a
LIFILIMI
Ka tlaase mona, tšoaea ✔ haufi le mofuta oa lifilimi tseo u li ratang haholo.
Tse tšehisang
Litšoantšiso
Tse bontšang liketso tse mabifi kapa tse kotsi
Tse amanang le saense
Tse ling
Na u ne u tseba . . . ? India e atisa ho hlahisa lifilimi tse fetang sekete ka selemo—e leng lifilimi tse ngata ho feta tse kileng tsa hlahisoa ke naha leha e le efe e ’ngoe.
Seo u lokelang ho se qoba. Lifilimi tse ngata li khothalletsa boitšoaro bo khahlanong le melao ea Bibele. Tse ling li hlahisa ho kopanela liphate ho sa lokelang le liketso tse mabifi, ha tse ling tsona li na le boselamose. Empa Bibele e re: “Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang.” (Bakolose 3:8) Ho phaella moo, Molimo o nyatsa liketso leha e le life tse amanang le tšebelisano le meea.—Deuteronoma 18:10-13.
Tsela eo u ka khethang ka eona. “Haeba papatso ea filimi e bonahala e sa lokela, ha ke shebelle filimi eo.”Jerrine.b
“Le hoja motho e mong a ka mpolella hore filimi e itseng e monate, ha ke mo mamele ntle le ha ke tseba hore o phela ka melao ea boitšoaro e tšoanang le eo ke phelang ka eona.”—Caitlyn.
“Haeba ke ile moo ho shebelloang lifilimi teng ’me ke qala ho ikutloa ke sa phutholoha ka seo e se bontšang, kea tsamaea.”—Marina.
“Haeba ke batla ho tseba hore na filimi ka ’ngoe e tla bontša eng, ke sebelisa mocha oa Inthanete o nthusang ho bona haeba filimi eo e tla bontša liketso tsa thobalano, liketso tse mabifi kapa puo e litšila.”—Natasha.
Tlhahiso: Batla lifilimi tse ke keng tsa bontša lintho tse sa lokelang. Mocha e mong ea bitsoang Masami o re: “Ke natefeloa haholo ke ho shebella lifilimi tse bontšang liketsahalo tsa khale—le lifilimi tse thehiloeng libukeng tse buang ka lintho tsa sebele.”
Ipotse,
‘Na lifilimi tseo ke li shebellang li etsa hore ke nolofalloe—kapa ke thatafalloe—ho mamela litaelo tsa Molimo tse mabapi le ho kopanela liphate, liketso tse mabifi le tšebelisano le meea?’
LIBUKA
Ka tlaase mona, tšoaea ✔ haufi le mofuta oa libuka tseo u ratang ho li bala.
Tsa litšōmo
Tse buang ka lintho tsa sebele
Tse buang ka lintho tsa khale
Tse ling
Na u ne u tseba . . . ? Ho hatisoa libuka tse fetang sekete beke ka ’ngoe United States feela.
Indasteri ea boithabiso ha e lahleheloe ke letho—empa e rua molemo—haeba u hlokomoloha letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele ka hore u shebelle, u bale le ho mamela eng kapa eng e tummeng.
Seo u lokelang ho se qoba. Joaloka lifilimi, libuka tse ngata li khothalletsa boitšoaro bo khahlanong le melao ea Bibele. Ka mohlala, tse ling li hlalosa liketso tsa ho kopanela liphate ka tsela e tobileng kapa li na le lihlooho tse buang ka ho sebelisana le meea. Empa Bibele e re: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna.” (Baefese 5:3) E boetse e re liketso tsa ho sebelisana le meea ‘li mpe mahlong a Jehova.’—2 Marena 17:17.
Tsela eo u ka khethang ka eona. “Haeba ke batla buka e monate, ke bala bokamorao ba eona le ho sheba likhaolo tsa eona. Haeba ke bona ntho leha e le efe e sa lokelang, ha ke e reke.”—Marie.
“Ha ke ntse ke hōla ’me ke qala ho iketsetsa liqeto, ke ile ka hlokomela bohlokoa ba ho mamela letsoalo la ka. Haeba ke ne ke hlokomela hore buka e itseng ha ea lokela, ke ne ke khaotsa ho e bala. Ke ne ke hlokomela hore ha e lumellane le monahano oa Molimo.”—Corinne.
Tlhahiso: Bala libuka tse sa tšoaneng. Lara ea lilemo li 17 o re: “Ke hlokometse hore ke khahloa haholo ke libuka tse buang ka lintho tsa sebele ho feta libuka tsa kajeno tse buang ka batho ba tšōmong. Tsela eo li ngotsoeng ka eona ea ikhetha!”
Ipotse,
‘Na libuka tseo ke li balang li ntlosa bolutu ka ho bua ka boitšoaro boo Molimo a bo nyatsang?’
’MINO
Ka tlaase mona, tšoaea ✔ haufi le mofuta oa ’mino oo u o ratang haholo.
oa Rock
oa Classic
oa Jazz
oa R&B
oa Hip-hop
O mong
Na u ne u tseba . . . ? Lik’hamphani tse ’nè tse hlaheletseng tse rekotang ’mino li hatisa lialbamo tse 30 000 ka selemo ha li kopane.
Seo u lokelang ho se qoba. Joaloka lifilimi le libuka, ’mino o mongata oa kajeno o na le boitšoaro bo litšila. Mantsoe a ’mino le litšoantšo tse hlahisoang livideong tsa oona li ka etsa hore u thatafalloe ho laola takatso ea ho kopanela liphate. (1 Bakorinthe 6:18) Leigh ea lilemo li 21 o re: “’Mino o mongata kajeno o khothalletsa boitšoaro bo khahlanong le melao ea Bibele, ’me morethetho oa oona o etsa hore batho ba batle ho tantša ka tsela e tsosang takatso.”
Tsela eo u ka khethang ka eona. “Kea ipotsa hore na haeba ke ne nka lumella batho ba baholo ba Bakreste ho sheba lethathamo la lipina tseo ke li kentseng k’homphieutheng, na ke ne ke tla soabisoa ke seo ba neng ba tla se fumana moo? Seo se nthusa ho ba le pono e nepahetseng mabapi le mofuta oa ’mino oo ke lokelang ho o mamela.”—Leanne.
Tlhahiso. Ikemisetse ho leka ho mamela mefuta e sa tšoaneng ea ’mino. Mocha e mong ea bitsoang Roberto o re: “Ntate o rata ’mino oa classic, kahoo ke ile ka o mamela haholo ha ke ntse ke hōla. Ho ithuta ka ’mino oa classic—ha ka nako e tšoanang ke ithuta ho bapala piano—ho ile ha nthuta ho hongata!”
Ipotse,
‘Na ’mino oo ke o mamelang o etsa hore ke nolofalloe—kapa ke thatafalloe—ho laola takatso ea ho kopanela liphate?’
BALA HO EKETSEHILENG KA SENA!
Sheba buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, Khaolo ea 31 le ea 32, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
a Tsoha! ha e khothaletse kapa hona ho nyatsa ka ho khetheha mabitso a itseng a lifilimi, a libuka kapa a ’mino o rekisoang. Morero oa sehlooho sena ke ho u thusa ho ntlafatsa esita le ho latela letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele le le sebetsang hantle tumellanong le molao oa Molimo.—Pesaleme ea 119:104; Baroma 12:9.
b Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.