Bibele ea Hlaseloa
POKELLO ea mangolo a tsejoang ka hore ke Bibele, kapa Mangolo a Halalelang, e ngotsoe ka nako e fetang lilemo tse 1 600. Karolo ea pele ea pokello eo e ngotsoe ke Moshe; ea ho qetela e ngotsoe ke morutuoa oa Jesu Kreste, lilemo tse lekholo ka mor’a hore Jesu a tsoaloe.
Boiteko ba ho thibela batho hore ba bale Mangolo bo qalile khale, ho tloha pele ho Mehla ea Rōna e Tloaelehileng, ho ea fihlela Mehleng e Bohareng le ho tla fihlela mehleng ea kajeno. Tlaleho ea pele ea boiteko bo joalo ke ea mehleng ea moprofeta oa Molimo, Jeremia, ea phetseng lilemo tse fetang 600 pele Jesu Kreste a tsoaloa.
Molaetsa o sa Ratoeng oa Hlaseloa
Molimo o ile a laela moprofeta Jeremia hore a ngole moqolong, molaetsa o ahlolang baahi ba khopo ba Juda ea boholo-holo le ho ba lemosa hore motse-moholo oa bona, e leng Jerusalema, o tl’o timetsoa haeba ba sa fetole mekhoa ea bona. Baruke eo e neng e le mongoli oa Jeremia, o ile a balla molaetsa oo holimo ka tempeleng e Jerusalema. O ile a o bala ka lekhetlo la bobeli moo khosana ea Juda e ntseng e utloa, ’me ea o isa ho Morena Jojakime. Ha morena a ntse a mametse lentsoe la Molimo, ha aa ka a rata seo a neng a se utloa. Kahoo, o ile a tabola moqolo likoto ’me a o chesa.—Jeremia 36:1-23.
Joale Molimo o ile a laela Jeremia a re: “U boele u inkele moqolo, o mong hape, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle a pele a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.” (Jeremia 36:28) Lilemo tse ka bang 17 hamorao, hantle feela joalokaha lentsoe la Molimo ka Jeremia le ne le boletse esale pele, Jerusalema e ile ea timetsoa, babusi ba bangata ba bolaoa ’me baahi ba eona ba isoa botlamuoeng Babylona. Molaetsa o neng o ngotsoe moqolong le tlaleho ea liketsahalo tse amanang le ho hlaseloa ha Jerusalema—li ntse li le teng ho fihlela mehleng ena ea rōna bukeng ea Bibele ea Jeremia.
Bibele e Tsoela Pele ho Chesoa
Jojakime hase eena feela ea ileng a leka ho chesa Lentsoe la Molimo mehleng ea pele ho Bokreste. Ka mor’a hore ’Muso oa Bagerike o oe, Iseraele e ile ea laoloa ke lesika la borena la Seleusia. Morena oa Seleusia, e leng Antiochus Epiphanes, ea ileng a busa ho tloha ka 175 ho ea ho 164 B.C.E., o ne a batla ho kopanya ’muso oa hae o Greece, kapa meetlo e amanang le Bagerike. E le hore a finyelle seo, o ile a leka ho qobella Bajuda hore ba phele ka tsela ea Bagerike, ka setso sa bona le bolumeli ba bona.
Hoo e ka bang ka 168 B.C.E., Antiochus o ile a tlatlapa tempele ea Jehova e Jerusalema. Ka holim’a aletare, o ile a haha e ’ngoe, a tlotla Zeuse, molimo oa Bagerike. Antiochus o ile a boela a hanela Bajuda hore ba boloke Sabatha le ho bolotsa bana ba bona ba bashanyana. Ba ne ba ahloleloa lefu haeba ba sa mamele litaelo tseo.
Antiochus o ne a leka ho senya meqolo ea Molao ea Bajuda, e le hore a fetole bolumeli ba bona. Le hoja Antiochus a ile a ntšetsa pele phutuho ea hae ho phatlalla le Iseraele eohle, o ile a hlōleha ho senya meqolo eohle ea Mangolo a Seheberu. Meqolo e meng e ne e patiloe ka hloko ka har’a motse oa Iseraele hore e se ke ea chesoa ’me ho ne ho tsejoa hore Mangolo a Halalelang a ile a bolokoa ke Bajuda ba bang ba neng ba lula libakeng tse ling.
Taelo ea Diocletian
’Musi e mong ea phahameng ea ileng a leka ho felisa Bibele ke Moemphera oa Moroma ea bitsoang Diocletian. Ka 303 C.E., Diocletian o ile a kenya tšebetsong letoto la litaelo tse neng li reretsoe ho hatella Bakreste le ho feta. Sena se ile sa fella ka seo bo-rahistori ba bang ba se bitsang “Mahloriso a Maholo.” Taelo ea pele e ne e le ea hore Bibele e chesoe ’me ho heletsoe libaka tseo Bakreste ba neng ba bokana ho tsona. Harry Y. Gamble, e leng moprofesa oa lithuto tsa bolumeli Univesithing ea Virginia, o ile a ngola a re: “Diocletian o ne a nahana hore ho sa tsotellehe hore na Bakreste ba hokae, ba na le pokello ea libuka tseo ’me ba ne ba ke ke ba phela ntle le tsona.” Rahistori oa kereke, e leng Eusebius oa Cesarea, Palestina, ea phetseng nakong eo, o ile a re: “Re bone ha matlo a borapeli a heletsoa, ’me Mangolo a halalelang a chesetsoa limmarakeng.”
Likhoeli tse tharo ka mor’a hore Diocletian a ntše taelo ea hae, ramotse oa Cirta, e leng motse o karolong e ka Leboea ho Afrika, oo hona joale o tsejoang ka hore ke Constantine, ho boleloa hore o ile a laela Bakreste hore ba fane ka “libuka tsohle tsa bona tsa molao” le “likopi tsa mangolo.” Litlaleho tsa nakong eo, li bua ka Bakreste ba ileng ba khetha ho hlokofatsoa le ho bolaoa, ho e-na le hore ba fane ka Libibele hore li senngoe.
Morero oa Litlhaselo
Jojakime, Antiochus le Diocletian, ba ne ba e-na le morero o tšoanang oa hore ba felise Lentsoe la Molimo ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Bibele e ile ea pholoha boiteko bohle ba ho e felisa. Babusi ba Roma ba tlileng ka mor’a Diocletian, ba ile ba qala ho bolela hore e se e le Bakreste. Empa, Bibele e ile ea ’na ea hlaseloa. Hobane’ng?
Babusi le baeta-pele ba kereke, ba ile ba bolela hore ba ne ba sa leke ho felisa Bibele ha ba e chesa. Ho e-na le hoo, banna bana ba ne ba mpa ba leka ho tlosa Bibele matsohong a batho ba maemo a tlaase. Empa ke hobane’ng ha baeta-pele ba kereke ba ne ba etsa joalo? Hona kereke e ile ea etsa’ng ho leka ho thibela batho hore ba bale Bibele? A re boneng.