Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/12 maq. 6-7
  • Ho Tšepahala ho Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšepahala ho Molemo
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba ho Tšeptjoa
  • Qoba ho Ipeha Kotsing
  • Ho Sebetsana le Mathata a Lichelete
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Se Susumelletsang Batho ho se Tšepahale
    Tsoha!—2012
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Botšepehi bo Tlisa Katleho ea Sebele
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 1/12 maq. 6-7

Ho Tšepahala ho Molemo

“Bohobe bo fumanoeng ka leshano bo monate ho motho, empa ka mor’a moo o tla tlala lehlohlojane ka hanong.”—Liproverbia 20:17.

NA MOTHO o lokela ho etsa liketso tsa ho se tšepahale e le hore a atlehe khoebong? Che. Ha e le hantle, hangata motho o ipakela mathata ha a sa tšepahale. Hobane’ng? Ka lebaka la seo ho ’nileng ha thoe ke “molemo oa ho tšepahala.” Botšepehi bo etsa hore motho a tšeptjoe, e leng ntho ea bohlokoa e le hore a atlehe ka nako e telele.

Bohlokoa ba ho Tšeptjoa

Ha u tsejoa ka hore u motho ea tšepahalang, seo se tla ama katleho ea hao—ebang ua elelloa kapa che. Se etsahaletseng Franz, ea qotsitsoeng sehloohong se fetileng, se tiisa ntlha eo. O re: “Ha ke qala ho sebeletsa bahiri ba ka, ba ile ba leka botšepehi ba ka ka makhetlo ke sa elelloe, e le hore ba bone hore na kea tšepahala kapa che. Hamorao ke ile ka fumana hore ke ne ke atlehile litekong tseo kaofela. Ka lebaka leo, ke ’nile ka fuoa boikarabelo bo eketsehileng le tokoloho ’me bahiri ba ka ba mputsa ka lebaka la ho tšepahala. Kea tseba hore ho na le batho ba bang ba ka etsang mosebetsi ona hantle ho mpheta le bao ka sebele ba nang le tsebo ho mpheta. Empa, ke nahana hore ke ’nile ka tšoarella mosebetsing hobane bahiri ba ka ba ntšepa.”

Qoba ho Ipeha Kotsing

David, e leng rakhoebo ea qotsitsoeng sehloohong se fetileng, o re: “Ha ke ne ke talima batho ba tlōlang molao e le hore ba fumane molemo oa nakoana, ke ne ke ipolella ke re, ‘Ha ho na motho ea ka qobang liphello tsa ho se tšepahale.’ Ka mantsoe a mang, qetellong, ho se tšepahale ho baka mathata ka litsela tse itseng. Re ile ra hana menyetla e mengata ea ho kena khoebong e belaetsang. Lik’hamphani tse ngata tse ileng tsa ameha liketsong tseo tsa ho se tšepahale, li ile tsa oa hamorao, ’me batho ba bang ba tobana le liqoso tsa tlōlo ea molao. K’hamphani ea rōna e ile ea qoba litlokotsi tse joalo.”

Ha Ken a qala polasi ea likhomo ka boroa-bochabela ho Afrika, a ka be a ile a lekeha hore a fe ba boholong tjotjo, e le hore ba potlakise ho kenngoa ha thepa ea hae e tsoang naheng e ’ngoe ’me seo se mo qobise ho lefa lekhetho. O re: “Bo-rapolasi ba bang ba bangata ba ile ba inehela mokhoeng ona o atileng. Ka lebaka la ho etsa lintho ka botšepehi, ho ile ha nka lilemo tse leshome hore polasi ea rōna e qale ho sebetsa. Na ho tšepahala ho ile ha re ruisa molemo? E! Ba ileng ba ntša tjotjo, hamorao ba ile ba lula ba tšoenngoa ke batho ba bang ba boholong ba tletseng bobolu, ba neng ba batla hore ba fuoe chelete e ’ngoe e eketsehileng.”

Ho Sebetsana le Mathata a Lichelete

Ha khoebo e hulang ka thata e bonahala eka e ka ’na ea oa, beng ba eona ba ka ba tlas’a khatello e khōlō ea hore ba se ke ba tšepahala. Leha ho le joalo, maemo a kang ao, a ka totobatsa bohlokoa ba ho tsejoa ka botšepehi.

Nahana ka mohlala oa Bill, eo khoebo ea hae ea kaho e ileng ea oa nakong eo ka eona indasteri ea matlo ea United States e neng e putlama licheleteng. O re: “Likhoebo tsa batho ba bangata bao re neng re ba hahela li ile tsa putlama ba ntse ba re kolota liranta tse likete tse makholo. Ha ho qala ho bonahala eka boemo bo ke ke ba ntlafala, ke ile ka ea ho beng ba k’hamphani e ’ngoe ea kaho ho ea kōpa hore ba hire leha e le ofe oa rōna. Pele ho fela lihora tse 48 ke kopane le bona, ba ile ba tšepisa hore ba tla nkhira hammoho le boholo ba batho bao ke neng ke ba hirile. Ba ile ba mpolella hore ke tumme ka hore ke motho ea tšepahalang le ea etsang mosebetsi o motle.”

Batho bohle bao ho builoeng ka bona ka holimo, ke Lipaki Tsa Jehova. Melao eo ba e latelang khoebong, joaloka eo ba e latelang likarolong tsohle bophelong ba bona, e thehiloe ka Bibeleng. Joalokaha u hlokomela, ho tšepahala ha bona ho ba ruisitse molemo, ho e-na le ho sitisa likhoebo tsa bona hore li atlehe.

Empa ho tla lula ho e-na le maemo ao ho ’ona ho ka bonahalang eka ho se tšepahale ho tlisa melemo e itseng. Na ho fumana chelete e ngata ke eona feela ntho e bontšang hore motho o atlehile?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Ha u tsejoa ka hore u motho ea tšepahalang seo se tla ama katleho ea hao—ebang ua elelloa kapa che

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Ba ile ba mpolella hore ke tumme ka hore ke motho ea tšepahalang le ea etsang mosebetsi o motle.”—Bill, oa United States

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela