Ha U Tleloa ke Maikutlo a Hore U Ipolaee
SELEMO le selemo, batho ba likete tse mashome ba leka ho ipolaea United States feela. Bibele e fana ka lebaka le ka sehloohong leo ka lona batho ba bangata ba leng boemong bo joalo ba ho felloa ke tšepo. E hlalosa hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Batho ba tobana le mathata a tebileng bophelong. (2 Timothea 3:1; Moeklesia 7:7) Ha motho a tetebelitsoe ke matšoenyeho a bophelo, a ka ’na a nahana hore ho ipolaea ke tsela ea ho phema ho utloa bohloko. U ka etsa’ng haeba u tleloa ke monahano o joalo?
Hase Uena Feela!
Le hoja boemo ba hao bo ka bonahala bo sithabetsa, hopola hore hase uena feela ea tobanang le boemo bo joalo le hore ka masoabi kajeno, hoo e ba tlang e le motho e mong le e mong o na le bothata bo itseng. Bibele e re: “Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Esita le haeba qalong ho ka bonahala eka mathata a hao a ke ke a rarolleha, hangata lintho lia ntlafala ha nako e ntse e feta. Empa ke’ng e ka u thusang pele u fumana tharollo?
Bolella motsoalle ea hōlileng tsebong, eo u mo tšepang maikutlo a hao. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Jobo, monna ea lokileng eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng, o ile a phetlela ba bang sefuba nakong eo a neng a ferekane. Ha a ne a utloa a ‘nyonya bophelo ba hae,’ o ile a re: “Ke tla bonahatsa ho tšoenyeha ha ka ka ’na. Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!” (Jobo 10:1) Ho phetlela ba bang sefuba ho ka fokotsa khatello ea hao ea maikutlo ’me ha etsa hore u shebe mathata ao u tobaneng le ’ona ka tsela e fapaneng.a
Tšollela pelo ea hao ho Molimo ka thapelo. Ba bang ba nahana hore thapelo ke mokhoa feela oa ho etsa hore motho a be le khotso kelellong, empa Bibele e bua se fapaneng le seo. Pesaleme ea 65:2 e re Jehova Molimo ke “Ea Utloang thapelo,” ’me 1 Petrose 5:7 e re: ‘Oa u tsotella.’ Nako le nako Bibele e hatisa kamoo e leng habohlokoa kateng hore re itšetlehe ka Molimo. Ka mohlala, e re:
“Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—LIPROVERBIA 3:5, 6.
“[Jehova] o tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.”—PESALEME EA 145:19.
“Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”—1 JOHANNE 5:14.
“Jehova o hōle haholo le ba khopo, empa o utloa thapelo ea ba lokileng.”—LIPROVERBIA 15:29.
Haeba u bolella Molimo mathata ao u tobaneng le ’ona, o tla u thusa. Ka lebaka le utloahalang, Bibele e u khothalletsa hore u ‘mo tšepe ka linako tsohle . . . U tšollele pelo ea hao ka pel’a hae.’—Pesaleme ea 62:8.
Ha ho Hlokahala Hore U Etse ho Eketsehileng
Liphuputso li bontša hore batho ba bangata ba ipolaea hobane ba ne ba e-na le khatello ea maikutlo.b Sena se hatisa ntlha ea hore ho ka ’na ha hlokahala thuso ea lingaka. Ngaka e ka ’na ea u fa meriana e itseng kapa ea u eletsa hore u fetole lijo tseo u li jang. Maemong a mang, lenaneo la ho ikoetlisa e ka ba tlatsetso e molemo phekolong ea hao. Batho ba bangata ba fumane molemo ka lebaka la thuso ea lingaka.c
Bibele e na le boitsebiso bo bongata bo ka u thusang le ho u fa tšepo. Ka mohlala, ha Bibele e bua ka Jehova Molimo ho Tšenolo 21:4, e re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Molimo ke eena ea etsang tšepiso ena ’me ho nahanisisa ka eona ho ka imolla motho.
Lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova li buisana le batho ba limilione ka tšepo ena e thehiloeng Bibeleng. Ka lebaka leo, ba bangata ba fumana tšepo ea sebele linakong tsena tse mahlonoko. Hore u fumane lintlha tse eketsehileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno, ka hore u etele Holong ea ’Muso kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse leqepheng la 5 la makasine ena. U ka boela ua ea mocheng oa rōna oa boitsebiso Inthaneteng ho www.watchtower.org.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bang ba fumane thuso ka ho ea setsing se thusang batho hore ba se ke ba ipolaea kapa sa mafu a kelello.
b Ho fumana lintlha tse eketsehileng mabapi le ho tepella maikutlo, sheba Tsoha! ea July 2009, leqepheng la 3-9.
c Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa phekolo. Motho ka mong o lokela ho hlahloba ka hloko phekolo eo a e khethang pele a etsa qeto.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
KAMOO BIBELE E KA U THUSANG KATENG
● “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.
● “Ke ile ka botsa Jehova, eaba oa nkaraba, a ntopolla linthong tsohle tseo ke li tšabang.”—Pesaleme ea 34:4.
● “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.
● “O folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.”—Pesaleme ea 147:3.
[Lebokose le maqepheng a 17, 18]
HAEBA U NAHANA KA HO IPOLAEA . . .
Bolella motsoalle eo u mo tšepang maikutlo a hao
Tšollela pelo ea hao ho Molimo ka thapelo
Batla thuso ea ngaka
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
HO METSOALLE LE BA LELAPA
Litho tsa lelapa le metsoalle e haufi ke bona ba atisang ho hlokomela kapele ha motho ea tepeletseng maikutlo a nahana ka ho ipolaea. Ho nka bohato ho ka pholosa bophelo ba hae! Mo mamele ka kutloelo-bohloko. Ela hloko mathata ao a tobaneng le ’ona. Bibele e re: “Le bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.” (1 Bathesalonika 5:14) Mo khothalletse hore a fumane thuso, ’me haeba ho hlokahala, etsa bonnete ba hore oa e fumana.