Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Balang 1 Samuele 1:24-28; 2:11. Joale shebang setšoantšo sena. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase. Qetellang setšoantšo sena ka ho kopanya matheba a ho sona, ebe lea se taka.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
[Setšoantšo se Qanollang]
(Sheba sengoliloeng)
SE KA TŠOHLOANG:
Batsoali ba Samuele ba ne ba batla hore a etse’ng ka bophelo ba hae? Jehova o ile a hlohonolofatsa Samuele ka tsela efe?
NTLHA E THUSANG: Balang 1 Samuele 3:19-21.
Ke lipakane life tseo u ka ipehelang tsona e le hore u tlotlise Jehova?
NTLHA E THUSANG: Balang Moeklesia 12:13; 1 Timothea 4:6-8, 12, 13.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
E mong ka lapeng a ka etsisa e mong oa batho ba boletsoeng tlalehong e ka holimo ea Bibele, empa a sa bue. Ba bang ka lapeng ba leke ho bolela hore na o etsisa mang.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 14 SAMUELE
LIPOTSO
A. Mabitso a batsoali ba Samuele e ne e le ․․․․․ le ․․․․․.
B. Jehova o ile a sebelisa Samuele hore a ngole libuka life tsa Bibele?
C. Qetella mantsoe ana a Bibele: “Moshanyana Samuele a tsoela pele ho . . . ”
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lilemong tsa Buka ea ho qetela ea
bo-1100 B.C.E. Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
O hlahetse Rama—’me a fallela Shilo
Rama
Shilo
Jerusalema
SAMUELE
PALE EA HAE EA BOPHELO
Batsoali ba hae ba ile ba ‘alimana ka eena ho Jehova’ ’me ba mo khothalletsa hore a sebeletse Molimo ho tloha bonyenyaneng. (1 Samuele 1:24, 28) Le hoja a ile a bona ha baprista ba tletseng bobolu ba nka monyetla ka batho ba bang, Samuele o ile a lula a tšepahala ka hohle-hohle, a e-na le ’nete ’me a le sebete.—1 Samuele 2:22-26; 3:18, 19; 12:2-5, 17, 18.
LIKARABO
A. Elkana le Anna.—1 Samuele 1:19, 20.
B. Baahloli, Ruthe le karolo e itseng ea Samuele oa Pele.
C. “. . . hōlela ho Jehova.”—1 Samuele 2:21.
Batho ba Libakeng Tse Ling
4. Lebitso la ka ke Oskar ke lilemo li 10, ke na le Saskia ea lilemo li 7. Re lula Estonia. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Estonia? Na li 2 400, 4 200, kapa li 6 800?
5. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Estonia.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 11
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Poho ea sehlabelo.
2. Phofo.
3. Nkho ea veine.
4. Li 4 200.
5. B.