Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/12 leq. 3
  • Bothata ba ho Halefa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bothata ba ho Halefa
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohale—Ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?
    Tsoha!—1994
  • Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ke Hobane’ng ha Khalefo e Atile Hakaale?
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 3/12 leq. 3

Bothata ba ho Halefa

Monna e mong ea neng a odarile sandwich lebenkeleng le rekisang lijo, o ile a halefa haholo ha a ne a nka hore lijo tsa hae li lieha ho fihla. O ile a kena ka lebenkeleng leo, a sokela mosebetsi, a mo sutumeletsa k’haontareng ’me a mo jabela. Eaba o phamola sandwich ea hae ’me oa tsamaea.

KAOFELA ha rōna rea halefa nako le nako. Etsoe ho halefa ke karolo e ’ngoe ea maikutlo ao re nang le ’ona joaloka lerato, tšepo, ho tšoenyeha, ho utloa bohloko le ho tšoha. Ha motho a laola khalefo, a ka e bontša ka tsela e loketseng ’me e ka phetha morero o molemo. Ka mohlala, khalefo e ka ba le liphello tse molemo haeba e etsa hore motho a ikemisetse ho hlōla tšitiso kapa bothata bo itseng.

Joalokaha ho bontšitsoe mohlaleng o ka holimo, khalefo e ka boela ea e-ba kotsi. Batho ba bang ba halefa kapele, hangata le haholo ho feta ba bang. Ha ba halefile, ba ka ’na ba rohakana kapa ba otla batho ba bang. Ha e le hantle, ba laoloa ke khalefo ho e-na le hore bona ba e laole. Khalefo e joalo e sa laoloeng e kotsi, ke ka lebaka leo ka linako tse ling e bitsoang “khalefo e bakang mathata.”a

Batho ba nang le bothata ba ho halefa, ha ba ipakele mesarelo ba le bang, empa ba boetse ba e bakela le batho bohle ba ba potolohileng. Motho ea nang le bothata ba ho halefa, a ka halefisoa haholo le ke lintho tse sa reng letho, ’me khalefo eo ea tlisa liphello tse bosula. Nahana ka mehlala e latelang:

Monna e mong ea neng a tsamaea le metsoalle ea hae o ile a thunngoa molaleng ka mor’a hore mokotla oa e mong oa metsoalle ea hae, o thetse monna e mong ka phoso seterateng se phetheselang.

Mohlankana e mong ea lilemo li 19 o ile a otla ngoana ea likhoeli li 11 oa kharebe ea hae ho fihlela a e-shoa. Mohlankana eo o ne a ntse a bapala papali ea video e mabifi ’me a hlōleha ho laola khalefo ea hae ha ngoana a tobetsa konopo ea ho bapala papali ea video, e leng se ileng sa etsa hore a hlōloe papaling eo.

Litlaleho tse tšoanang le tsena, tse fumanoang lefatšeng ka bophara li bontša hore palo ea batho ba nang le bothata ba khalefo e ntse e eketseha. Ke hobane’ng ha khalefo e ntse e eketseha hakaale?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bukana ea Boiling Point—Problem Anger and What We Can Do About It e re, “‘khalefo e bakang mathata’ ke ho hlōleha ho laola khalefo ho bakelang motho mathata a tebileng bophelong, ho akarelletsang tsela eo a nahanang ka eona, a ikutloang ka eona, a itšoarang ka eona le eo a sebelisanang le ba bang ka eona.”

[Lebokose le leqepheng la 3]

Khalefo ke e ’ngoe ea litšobotsi tseo re bōpiloeng re e-na le tsona. Kahoo, ho na le linako tse ling moo ho halefa ka tsela e nepahetseng e ka bang ho loketseng. Leha ho le joalo, lihlooho tsena li bua ka khalefo e sa nepahalang, e ka ntšang rōna kapa batho ba bang kotsi maikutlong, nameng le moeeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela