Qhobosheane ea Terezín—Ha ea ka ea Thibela Mahlomola
HOO e ka bang bohareng ba metse e Europe bohareng ea Dresden le Prague, ho na le motse oa Theresienstadt (kapa Terezín). Motse ona o na le liqhobosheane tse ngata le marako a maholohali. Liqhobosheane li ne li hahetsoe hore li thibele masole hore a se kene naheng eo ’me li ne li sireletsa le baahi ba libaka tse o potolohileng.
Joseph II, e leng morena oa Jeremane le ’muso oa Roma e Halalelang, o ile a laela hore ho hahuoe qhobosheane, ’me a ba teng ha ho hlahlojoa sebaka seo e tl’o hahoa ho sona le hamorao ha ho raloa motheo oa eona oa majoe, ho elella qetellong ea 1780. Qhobosheane eo e ile ea hahoa ho tlotla ’mè oa hae, Maria Theresa, e leng mosali oa Moemphera ’me ke kahoo e ileng ea rehoa Terezín e leng lebitso la Seczech, le bolelang “Motse oa Theresa.”a Ho boleloa hore ho ne ho e-na le basebetsi ba ka bang 14 000 ba neng ba sebetsa sebakeng seo ka nako eo. Mosebetsi o mongata o ile oa phethoa ka mor’a lilemo tse ’nè.
Ha Terezín e phethoa ka 1784, e ne e le qhobosheane e khōlō ka ho fetisisa linaheng tsa Hapsburg. E ne e hahiloe ho latela moralo o tsoetseng pele ka ho fetisisa oo liqhobosheane li neng li hahoa ka oona ka nako eo. Leha ho le joalo, le pele e ka phethoa, maano ao mabotho a ntoa a neng a a sebelisa a ne a fetohile haholo.
Mabotho a ba lireng a ne a se a sa lika-liketse qhobosheane ha a hlasela naha. A ne a lika-liketsa metsana e haufi le eona ’me a e tlatlapa. Ka lebaka leo, ka 1888, Terezín e ile ea lahleheloa ke botumo ba eona joaloka qhobosheane ea mabotho a ntoa. Marako a eona a maholo a e sirelelitseng, a ile a fetoloa lirapa tse ntle tsa boikhathollo tse nang le lirapa tsa lipalesa le litselana hammoho le libenche.
Qhobosheane le Motse
Qhobosheane ea Terezín e ne e hahiloe ka tsela ea hore e sireletse motse. Ka har’a marako a eona a maholohali, ho ne ho e-na le libaka tseo masole, malapa a ’ona le baahi ba bang ba neng ba lula ho tsona.
Haufi le qhobosheane eo, ho ne ho hahiloe e ’ngoe e nyenyane e neng e le teronko ea masole. Mathoasong a bo-1800, bahanyetsi ba lipolotiki ba neng ba le khahlanong le ’Muso oa Hapsburg, ba ile ba kenngoa moo. Hoo e ka bang lilemo tse lekholo hamorao, batšoaruoa ba ne ba akarelletsa bacha ba ileng ba ameha polaong ea Khosana Francis Ferdinand, Sarajevo ka 1914. Ba ile ba phonyoha kahlolo ea lefu hobane ba ne ba le lilemo tse ka tlaase ho 20. Kapele ka mor’a moo, ba bangata ba bona ba ile ba shoela teronkong. Ba ne ba hlokofatsoa ’me ba bang ba ile ba lahleheloa ke kelello. Gavrilo Princip, e leng eena ea ileng a bolaea Khosana, o ile a shoela teronkong ha Ntoa ea I ea Lefatše e ntse e kupa.
Qhobosheane e Nyenyane e ne e tumme ka hore ke chankana e mpe ka ho fetisisa ea linokoane tse kotsi Austria-Hungary. Hangata batšoaruoa ba ne ba kenngoa mahlaahlela a boima ka teronkong e mongobo e hahiloeng ka tlas’a qhobosheane. Nakong ea Ntoa ea II ea lefatše, qhobosheane ena e ne e sebelisetsoa merero e mebe le ho feta.
Seo “Sebaka sa Boikhathollo sa Terezín” e Neng e Hlile e le Sona
Ka mor’a hore Manazi a hlasele Czech Republic le ho lula ho eona, a ile a qala ho isa Bajuda qhobosheaneng e khōlō ka 1941. Manazi a ile a fetola motse oa Theresienstadt sebaka sa Bajuda. A ile a bolela hore ho arohanngoa ha merabe ho ne ho hlokahala e le ho qoba likhohlano pakeng tsa Bajuda le batho bao e seng Bajuda. Le hoja Manazi a ne a entse hore sechaba se bone eka Theresienstadt ke sebaka sa ho ntlafatsa bophelo le chebahalo ea ’mele moo Bajuda ba neng ba hlokomeloa teng, a ne a rerile ho felisa Bajuda ka sekhukhu.
Karolong e ka bochabela ho Europe, Manazi a ne a se a hahile likampo tsa polao moo Bajuda ba tsoang motseng oa Theresienstadt le libakeng tse tšoanang le oona ba neng ba isoa teng hanyane ka hanyane ’me ba bolaoa.b Le hoja ho ne ho tsejoa hohle hore likampo tse joalo li ’nile tsa e-ba teng ho tloha bohareng ba bo-1930, Manazi a ile a bua leshano la hore likampo tseo e mpa e le literonko feela. Empa ho ne ho buuoa lintho tse ngata ka boemo bo likampong tseo. Ka lebaka leo, Manazi a boholong a ile a e-ba tlas’a khatello ea hore a hlalose se hlileng se etsahalang moo. Kahoo, Manazi a ile a loha leano la hore a fe baahi ba lefatše ka bophara likarabo. A ile a etsa seo joang?
Ka 1944 le ka 1945, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, baemeli ba Mokhatlo oa Machaba oa Sefapano se Sefubelu ba ile ba mengoa hore ba il’o lekola qhobosheane e khōlō e le hore ba iponele ka bobona hore na ho etsahala’ng sebakeng seo. Leha ho le joalo, e le hore Manazi a thetse baemeli bao, a ile a lokisa sebaka seo hore se bonahale eka ke sa boikhathollo.
Linomoro tsa lisele li ile tsa nkeloa sebaka ke mabitso a monate a literata. Manazi a ile a etsa mohaho oo ekang ke banka, kereche le mabenkele. A ile a etsa esita le reschorente sebakeng seo sa Bajuda. Ponahalo e ka pele ea matlo e ile ea nchafatsoa, ha jaloa limela bohareng ba serapa sa boikhathollo, ha etsoa le maphephe moo ho neng ho bapaloa ’mino teng.
Ka mor’a moo, baemeli ba Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu ba ile ba mengoa hore ba tl’o boha sebaka seo. Baemeli bao ba ile ba lumelloa hore ba buisane le baemeli ba “’muso o ikemetseng” oa Bajuda. Leha ho le joalo, batho bana e ne e le baahi ba khethiloeng ka hloko, ba neng ba araba lipotso hantle feela joalokaha ba boleletsoe ke Manazi nakong eo ba neng ba itlhakisa. Ka makhetlo a mabeli ao baemeli ba Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu ba neng ba hlahloba sebaka seo, Manazi a ile a atleha ho ba thetsa. Ka phoso, baemeli bao ba ile ba tlaleha hore Theresienstadt ke motse feela o tloaelehileng oa Bajuda, oo baahi ba oona ba hlokometsoeng hantle. Ha baemeli ba Mokhatlo oa Machaba oa Sefapano se Sefubelu ba tloha Theresienstadt, Bajuda ba setseng ka har’a marako a motse oo ba ile ba tsoela pele ho sotleha, ho lapa le ho shoa. Ke ba ’maloa feela ba ileng ba bona ha Ntoa ea II ea Lefatše e fela.
Qhobosheane e Nyenyane
Manazi a ne a boetse a entse Qhobosheane e Nyenyane teronko. Boemo ba moo bo ne bo tšoana le ba likampong tsa mahloriso. Kaha banna le basali ba likete tse leshome ba ne ba kentsoe teronkong moo, Qhobosheane e Nyenyane e ne e sebelisetsoa ho fetisetsa batšoaruoa likampong tse kholoanyane tsa mahloriso tse Pusong ea Jeremane.
Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 20 tse tsoang Prague, Pilsen le libakeng tse ling, li ne li kentsoe teronkong Qhobosheaneng e Nyenyane. Molato oa tsona e ne e le ofe? Li ne li hanne ho tšehetsa Manazi ’me li sa nke lehlakore lipolotiking. Ho sa tsotellehe ho thibeloa ha mosebetsi oa tsona oa ho bolela, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho bolella batho ba bang litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng. Li ile tsa hlorisoa ka lebaka feela la tumelo ea tsona, tse ling tsa ahloleloa lefu kapa tsa hlokofatsoa ho fihlela li shoa.
Seo re ka Ithutang Sona Tabeng Ena
Bibele e re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena. Moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.” (Pesaleme ea 146:3, 4) Qhobosheane ea Terezín e netefatsa seo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mosali oa Moemphera e ne e boetse e le ’mè oa Marie Antoinette, ea ileng a qetella e le mofumahali oa Fora.
b Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba Tsoha! ea September 8, 1995, leqepheng la 17-29 le ea April 8, 1989, leqepheng la 3-20.
[Lebokose le leqepheng la 20]
LIPAKI TSA JEHOVA KA HAR’A QHOBOSHEANE E NYENYANE
Lipaki Tsa Jehova tse ngata tse neng li kentsoe teronkong Theresienstadt, li ile tsa hlongoa lipotso pele ntlo-khōlōng ea Magestapo e Prague. Hangata ha li tloha Theresienstadt, li ne li isoa kampong ea mahloriso Jeremane. Li ile tsa khona joang ho mamella maemo a mabe a teronkong le ho se kopane le batho ba bang?
Mosali e mong oa Paki ea neng a kentsoe teronkong Theresienstadt o re: “Kaha ke ne ke sa batle ho lebala seo Bibele e se rutang, ke ne ke e bala nako le nako. Teronkong e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke isoa ho eona, ke ne ke batla Lipaki tse ling; ha ke li fumana ke ne ke leka ho kopana le tsona. Ka nako e tšoanang, ke ne ke leka ho pakela batho ba bang ha maemo a ntumella.”
Ho hlakile hore mokhoa oo a neng a o sebelisa o ne o atleha. O ile a lula a tšepahala ho Molimo ha a ntse a le teronkong le lilemo hamorao.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Setempe se bontšang Terezín e ntle nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Batšoaruoa ba bacha ba ne ba isoa likampong. Letšoao le ngotsoeng ka Sejeremane le reng: “Arbeit Macht Frei” (Mosebetsi oa Lokolla)
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Libethe tse entsoeng ka mapolanka, karolong ea basali ka qhobosheaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Tsela e kenang Qhobosheaneng e Nyenyane
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Both photos: With courtesy of the Memorial Terezín