Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/12 leq. 3
  • Na Lijo Tseo U li Jang li Sireletsehile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lijo Tseo U li Jang li Sireletsehile?
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haufinyane—Batho Bohle ba Tla Fumana Lijo Tse Nang le Phepo!
    Tsoha!—2012
  • Kamoo U ka Etsang Hore Lijo e be Tse Sireletsehileng Haholoanyane
    Tsoha!—2002
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • 3. Pheha Lijo ’me U li Boloke ka Hloko
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 6/12 leq. 3

Na Lijo Tseo U li Jang li Sireletsehile?

“Sekolo Sea Koaloa Jeremane, ka Lebaka la Boloetse bo Bokoang ke Lijo Tse Nang le Baktheria ea E. Coli.”—REUTERS NEWS SERVICE, JEREMANE.

“Boloetse bo Bakoang ke Baktheria ea Salmonella e Fumanoeng Sethopong bo Namela Liprofinseng Tse Hlano.”—USA TODAY.

“Nama ea Likhomo Tse Tšeletseng Tse Fepiloeng Furu e Nang le Mahlaseli a Kotsi, e Fihla Literekeng Tse Robong.”—THE MAINICHI DAILY NEWS, JAPANE.

LIHLOOHO tse boletsoeng ka holimo ke tsa lintho tse ileng tsa etsahala ka libeke tse peli feela selemong se fetileng. Litsebi li hakanya hore selemo le selemo batho ba etsang karolo ea 30 lekholong ba lulang linaheng tse tsoetseng pele, ba tšoaroa ke maloetse a bakoang ke ho ja lijo tse silafetseng.

Litlaleho tse kang tsee li u ama joang? Hoi, e leng ntate ea lulang Hong Kong o re: “Seo sea ntšoenya ebile sea nkhalefisa. Ke na le bana ba babeli ’me ke amehile ka hore na lijo tseo ba li jang li etsoa joang le hona hokae.”

Linaheng tse futsanehileng haholo, selemo le selemo mafu a bakoang ke ho ja le ho noa metsi a silafetseng a bolaea batho ba limilione—haholo-holo bana. Bola ea lulang Nigeria o re: “Lijo tse rekisoang limmarakeng tsa habo rōna li luloa ke lintsintsi, li neloa ke pula, li otloa ke moea le lerōle. Kea tšoha ha ke bala kapa ke utloa ka maloetse a bakoang ke ho ja lijo tse silafetseng. Ke batla ho sireletsa lelapa la ka.”

Na u ka khona ho sireletsa lelapa la hao hore le se ke la ja lijo tse kotsi? Mokhatlo oa Canada o Hlahlobang Lijo o re: “Haeba ho ka etsahala hore ho fumanoe lijo tse kotsi lebenkeleng le rekisang lijo, batho bohle ba tla utloa ka taba eo. Ho loketse hore ho etsoe joalo. Lijo tse sa bolokehang tse ka ’nang tsa baka maloetse a bakoang ke ho ja lijo tse silafetseng, li ka boetse tsa e-ba teng ka lebaka la seo re se etsang kapa seo re sa se etseng ka likichineng tsa rōna.”

U ka etsa’ng e le hore u sireletse lelapa la hao maloetseng a bakoang ke ho ja lijo tse silafetseng? Re tla hlahloba litsela tse ’nè tseo ka tsona u ka etsang hore lijo tsa hao li sireletsehe.

[Lebokose le leqepheng la 3]

KE BO-MANG BA KOTSING?

Batho ba bang ba hlaseloa habonolo ke maloetse a bakoang ke ho ja lijo tse silafetseng, ’me ba akarelletsa:

● Bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano

● Baimana

● Batho ba lilemo tse ka holimo ho 70

● Batho ba nang le masole a fokolang a ’mele

Haeba uena kapa motho eo u lulang le eena le oela ho e ’ngoe ea lintho tse boletsoeng lethathamong lena, u lokela ho ela hloko ka ho khetheha hore lijo tseo u li phehang, tseo u fanang ka tsona le tseo le li jang li sireletsehile.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli oo boitsebiso bo nkiloeng ho bona: Lefapha le Laolang Lijo la New South Wales, Australia.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela