Tsa Mona le Mane
Ho elella qetellong ea 2011, baahi ba lefatše ba ne ba feta libilione tse 7, “palo ena e nyolohile ho tloha ho baahi ba libilione tse tšeletseng ba neng ba le teng ka 1999.”—HARVARD SCHOOL OF PUBLIC HEALTH, U.S.A.
“Baahi ba [United Kingdom] ba etsang karolo ea 58,8 lekholong, ba re litho tsa malapa a bona li ne li tla rua molemo haholo haeba li ne li e-na le nako eo ka eona li sa sebeliseng lisebelisoa tsa elektronike kapa lifono. . . . Motho a le mong ho ba bararo o ’nile a ikutloa a tsielehile hoo a batlang ho khaotsa ho sebelisa mecha ea puisano.”—UNIVESITHI EA CAMBRIDGE, BRITHANI.
“Ho tloha ka 1976, ha ho tšoaroa liboka tsa babishopo ba kereke ea K’hatholike Amerika, babishopo ba ’nile ba etsa liphatlalatso . . . pele ho likhetho tsa selemo, e le hore ba thuse Mak’hatholike hore a sebelise tumelo ha a khetha.”—FORDHAM UNIVERSITY, U.S.A.
“Haeba linokoane tse ngata ka ho lekaneng li batla ho baka tšenyo literateng, li ka e baka. . . . Ho hlepha ha boitšoaro ho se ho atile bacheng ba Mabrithani, ke sehlotšoana empa se ka tšosa batho le ho theola naha seriti.”—THE ECONOMIST, BRITHANI.
Ho na le Mefuta e Mekae ea Lintho Tse Phelang Lefatšeng?
Bo-rasaense bao liphuputso tsa bona li hlahang makasineng ea PLoS Biology ba re: “Re ntse re sa kholiseha ho hang hore na ho na le lintho tse kae tse phelang, e leng se re bontšang hore ho na le lintho tse ngata tse phelang Lefatšeng tseo re sa li tsebeng.” Le hoja bo-rasaense ba lekanya hore ho na le lintho tse phelang tse ka bang limilione tse 8,7, litsebi tse ling tsona li nahana hore e ka ’na eaba li pakeng tsa limilione tse tharo le tse 100. Ho fihlela hajoale, ke lintho tse phelang tse ka bang limilione tse 1,2 feela tse seng li rehiloe mabitso, ’me litsebi li lumela hore ho ka ’na ha li nka lilemo tse ka holimo ho tse 1 000 hore tse setseng li kenngoe lethathamong la lintho tse phelang. Bafuputsi ba re: “Kaha ho nka nako e telele hore lintho tsena li fumanoe le ho rehoa mabitso, sena se tla fella ka hore li fele le pele ho ka tsejoa hore li kile tsa e-ba teng.”
Ho Sebelisoa Sathelaete ho Epolla Lintho Tsa Khale
Baepolli ba lintho tsa khale ba sebelisa mokhoa o mocha e le hore ba fumane libaka tse ba khahlang. Ba sebelisa mechine ea ho etsa lipatlisiso e le hore ba khone ho bona libaka tse nang le lithako, litšoantšong tse nkiloeng ho sebelisoa sathelaete e sebelisang mahlaseli. Ka mohlala, ho tlalehiloe hore litšoantšo tse nkiloeng lik’hilomithara tse 700 ka holimo ho Egepeta, li senotse libaka tse nang le liphiramide tse 17 tse neng li sa tsejoe nakong e fetileng, mabitla a 1 000 a boholo-holo le libaka tse lahlehileng tsa bolulo tse ka bang 3 000. Kaha litšoantšo tse nkiloeng ka sathelaete li khona ho phunyeletsa ka tlas’a lefatše, theknoloji ena e khona ho bontša mehaho ea khale e tsetelehileng, e sa bonahaleng ka holim’a lefatše.