Ho Thusa Bana ba Saretsoeng
Ha ho bonolo ho tsebisa motho e moholo ka lefu la motho eo a mo ratang. Empa ho ka ba thata le ho feta ho tsebisa ngoana e monyenyane.
BANA ba bangata baa tšoha esita le ho ferekana ha ba lahleheloa ke setho sa lelapa kapa motsoalle. Ha ho bonolo ho ba thusa nakong ena, haholo-holo ha batsoali le bona ba siame. Etsoe le bona ba hloka ho tšelisoa.
Batsoali ba bang ba leka ho bebofatsa bohloko ka ho bolella bana hore motho ea hlokahetseng o ba siile kapa o fetile. Leha ho le joalo, lipolelo tse joalo lia khelosa ebile hase ’nete. Kahoo u ka buisana le ngoana oa hao joang ka lefu?
Renato le Isabelle ba ile ba tobana le bothata bo tšoanang le bona. Ha ngoana oa bona ea lilemo li tharo le halofo e leng Nicolle a e-shoa, ba ile ba tlameha ho thusa mora oa bona Felipe eo ka nako eo a neng a le lilemo li hlano, ho sebetsana le tahlehelo eo.
Tsoha!: Le ile la tsebisa Felipe joang ka lefu la Nicolle?
Isabelle: Re ile ra mo bolella ’nete feela. Re ne re mo khothalletsa hore a botse lipotso, ’me re leka ho li araba ka tsela eo ngoana e monyenyane a ka utloisisang ka eona. Nicolle o ile a bolaoa ke tšoaetso ea baktheria, kahoo re ile ra bolella Felipe hore kokoanyana e nyenyane e ile ea kena ka ’meleng oa Nicolle ’me ngaka ea sitoa ho e bolaea.
Tsoha!: Na le ile la bolella Felipe seo le se lumelang?
Renato: Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re ne re tseba hore ha re bolella Felipe ka tumelo ea rōna e thehiloeng Bibeleng mabapi le lefu, o tla tšeliseha. Bibele e hlakisa taba ena hantle—e ruta hore bafu ha ba tsebe letho. (Moeklesia 9:5) Re ile ra nahana hore ha re hlalosetsa Felipe ntlha ena, seo se tla mo thusa hore a se ke a tšaba—ka mohlala, a tšaba ho ba mong bosiu.
Isabelle: Bibele e boetse e ruta hore bafu ba tla tsosetsoa lefatšeng la paradeise. Re lumela seo, ’me re ne re nahana hore sena se tla thusa Felipe ka ho tšoanang. Kahoo re ile ra bua le eena ka seo Bibele e se rutang. Re ile ra mo bolella ka tlaleho ea Bibele ea ha Jesu a tsosa morali oa Jairuse ea lilemo li 12. Eaba re hlalosetsa Felipe hore Nicolle le eena o tla tsosoa bafung. Sena ke seo Bibele e se rutang.—Mareka 5:22-24, 35-42; Johanne 5:28, 29.
Tsoha!: Na le nahana hore Felipe o ne a tla utloisisa boitsebiso boo kaofela?
Renato: E, re ne re nahana joalo. Bana ba utloisisa se etsahalang lefung ha ba hlalosetsoa ka ho hlakileng, ka tsela e bonolo le e utloahalang. Ha baa lokela ho pateloa letho. Lefu ke ntho ea sebele. Ka masoabi, lefu ke karolo ea bophelo ba rōna. Kahoo batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona hore ba utloisise hore na ho etsahala’ng lefung, joalokaha re ile etsa joalo hamorao ka mora oa rōna e monyenyane, e leng Vinicius.a
Tsoha!: Na le ile la ea le Felipe lepatong?
Renato: Ka mor’a ho hlahlobisisa maemo hantle, re ile ra etsa qeto ea ho se ee le eena. Bana ba lilemong tseo a leng ho tsona ha ba lebale lintho habonolo. Ke ’nete hore batsoali ba bang ba ka khetha ho ea le bana ba bona lepatong kaha bana ha ba tšoane. Haeba batsoali ba khetha ho ea le ngoana lepatong, e ka ba bohlale hore ba mo bolelle se tla etsahala moo.
Tsoha!: E tlameha e be lefu la Nicolle le ile la le sithabetsa haholo. Na le ne le amehile ka hore mora oa lōna o tla le bona ha le lla?
Isabelle: Ha ho mohla re kileng ra patela Felipe maikutlo a rōna. Haeba Jesu a ile “a ntša meokho” ha ho ne ho shoele motho eo a mo ratang, ke hobane’ng ha rōna re ke ke ra lla? (Johanne 11:35, 36) Hape ke hobane’ng ha Felipe a sa tlameha ho re bona ha re lla? Ho lla moo Felipe a ntseng a re bona ho ile ha etsa hore a bone hore ho lla hase ntho e fosahetseng. Ke tsela ea ho ntša maikutlo. Re ne re batla Felipe a tsebe hore o lokela ho ntša maikutlo ho e-na le ho a bipetsa.
Renato: Ha lelapa le oeloa ke tlokotsi, bana ba ikutloa ba sa sireletseha. Haeba rōna joaloka batsoali re sa pate maikutlo a rōna, bana le bona ba ke ke ba a pata. Ka mor’a hore re mamele ka hloko hore na ke eng e ba tšoenyang, re khona ho ba khothatsa le ho ba thusa hore ba se ke ba tšaba.
Tsoha!: Na batho ba bang ba ile ba le thusa?
Renato: E, litho tsa phutheho ea rōna li ile tsa re thusa haholo. Li ne li re etela, li re letsetsa le ho re romella likarete, ’me seo se ile sa etsa hore Felipe a bone hore litho tsa phutheho ea rōna lia re rata ebile lia re tsotella.
Isabelle: Beng ka rōna le bona ba ne ba re thusa haholo. Ka mor’a lefu la Nicolle, ntate oa ka o ne a tla hoseng ho hong le ho hong hore a tl’o ja lijo tsa hoseng le rōna. E ne e le tsela eo a neng a re bontša lerato le ho re tšehetsa ka eona. Felipe o ne a khothala haholo ha a bona ntate-moholo oa hae.
Renato: Re ananela haholo khothatso eo re ileng ra e fumana libokeng tsa Bokreste. Re ne re leka hore re se ke ra fetoa ke liboka, le hoja ka linako tse ling re ne re sitoa ho thiba meokho. Taba ke hore ho ea libokeng tsa Bokreste ho ne ho etsa hore re hopole lintho tse ngata tseo Nicolle a neng a rata ho li etsa. Empa re ne re tseba hore re lokela ho itiisa, haholo-holo molemong oa Felipe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa,” se leqepheng la 18-20 Molula-Qhooeng oa July 1, 2008, le bukaneng e reng Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Libuka tse thathamisitsoeng ka tlaase mona, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, li ka tšelisa batho ba shoeletsoeng ke baratuoa ba bona.
BAKENG SA BATHO BA BAHOLO:
Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Khaolo ea 6: Bafu ba Hokae?
Khaolo ea 7: Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
BAKENG SA BANA BA BANYENYANE:
Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele
Pale ea 92: Jesu o Tsosa Bafu
BAKENG SA BANA BA BAHOLOANYANE:
Ithute ho Mosuoe e Moholo
Khaolo ea 34: Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?
Khaolo ea 35: Re ka Tsoha Bafung!
Khaolo ea 36: Ke Bo-mang ba Tla Tsosoa Bafung? Ba Tla Phela Hokae?
BAKENG SA BACHA:
Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Khaolo ea 16: Na Tsela eo ke Sareloang ka Eona e Tloaelehile?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
KAMOO LE KA BA THUSANG KATENG
● Ba khothalletseng ho botsa lipotso. Etsang hore bana ba lōna ba phutholohe ha ba bua ka lefu.
● Qobang ho sebelisa mantsoe a sa hlakang le a sa tloaelehang—a kang mofu “o re siile” kapa “o fetile.”
● Hlalosang lefu ka mantsoe a tobileng le a bonolo. Ba bang ba re feela ’mele oa moratuoa ea shoeleng “o khaolitse ho sebetsa” kapa “ngaka e hlōlehile ho o lokisa.”
● Bolellang ngoana ka se tla etsahala lepatong; mo hlalosetseng hore motho ea shoeleng a ke ke a khona ho bona se etsahalang kapa ho utloa.
● Le se ke la pata maikutlo a lōna. Ha le etsa joalo, ngoana o tla bona hore ke ha tlhaho ho sareloa.
● Hopolang hore motho e mong le e mong o sareloa ka tsela e fapaneng. Bana ha ba tšoane, le maemo aa fapana.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Boitsebiso bo nkiloe ho: www.kidshealth.org
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho tloha ka ho le letšehali: Felipe, Renato, Isabelle le Vinicius