Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/13 maq. 4-5
  • Tsela ea ho Buisana le Bana ba Lilemong Tsa Bocha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buisana le Bana ba Lilemong Tsa Bocha
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Kamoo U ka Behelang Mocha Melao
    Tsoha!—2013
  • Thusa Mocha oa Hao ho Atleha
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Buisana le Ngoana oa Hao—Le sa Ngangisane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Kamoo U ka Khalemelang Ngoana oa Hao
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 1/13 maq. 4-5

SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Tsela ea ho Buisana le Bana ba Lilemong Tsa Bocha

BOTHATA

Ha ngoana oa hao a sa le monyenyane, o ne a bua le uena ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha e se e le mocha, ha a u bolelle letho. Ha u leka ho buisana le eena, o u araba ka bokhutšoanyane feela kapa o tsosa phehisano e etsang hore le qetelle le qoaketsana.

U ka ithuta ho buisana le ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha. Leha ho le joalo, nahana pele ka lintlha tse peli tse ka etsang hore u thatafalloe ho buisana le ngoana oa hao.

SE ETSANG HORE LE QOAKETSANE

Ho labalabela bolokolohi. E le hore ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha e be motho e moholo ea nang le boikarabelo, o lokela ho tseba ho rarolla mathata ’me seo ha se iketsahalle feela. Ke ’nete hore bacha ba bang ba batla ho fuoa bolokolohi bo feteletseng; ka lehlakoreng le leng, batsoali ba bang ba tšoara bana ba bona ka thata. Ho qabana ho ka ’nang ha e-ba teng pakeng tsa motsoali le ngoana, ho ka baka mathata. Brada ea lilemo li 16 o tletleba ka ho re: “Batsoali ba ka ba leka ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang bophelong ba ka. Haeba feela ba sa mphe bolokolohi bo eketsehileng ha ke le lilemo li 18, ke tl’o tsamaea lapeng mona!”

Bokhoni ba ho beha mabaka. Hangata bana ba banyenyane ba bona lintho kamoo li leng kateng, empa bacha ba bangata bona ba talima mahlakore ’ohle a taba. Mokhoa ona oa ho sekaseka litaba ke oa bohlokoa, ’me o thusa bacha hore ba khone ho etsa liqeto tse bohlale. Nahana ka mohlala ona: Ho ngoana taba ea ho bontša ho hloka leeme ke ntho e bonolo feela: ‘’Mè o qhetsotse kuku a mpha halofo ’me e ’ngoe a e-fa ngoan’eso.’ Tabeng ena ho hloka leeme ke taba feela ea lipalo. Leha ho le joalo, bacha bona baa elelloa hore taba ena ha e bonolo hakaalo. Ha e le hantle, ho tšoara batho ka ho lekana, hase kamehla ho bolelang hore u ba tšoere ka ho hloka leeme. Ha ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a khona ho beha mabaka, seo se tla mo thusa hore a khone ho sekaseka litaba tse rarahaneng joaloka tsena. Bothata ba see e ka ba bofe? E ka ba hore ka linako tse ling a ke ke a lumellana le uena.

SEO U KA SE ETSANG

Ha ho khoneha, qoqa le ngoana oa hao. Sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang. Ka mohlala, batsoali ba bang ba hlokometse hore bacha ba phutholoha haholoanyane nakong ea ha ba etsa mesebetsi e itseng kapa ha ba le ka koloing ba lutse ka lehlakoreng la batsoali, ba sa shebana mahlong.—Molao-motheo oa Bibele: Deuteronoma 6:6, 7.

Bua ka bokhutšoanyane. U se ke ua tsosa phehisano ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho fihlela ho ba bosula. Ho e-na le hoo, bua ka ntho eo u batlang ho bua ka eona . . . ebe u fella moo. Ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o tla “utloa” seo u se buileng hamorao ha a se a le mong, ’me a nahanisisa ka seo u se buileng. Mo fe nako ea ho etsa joalo.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 1:1-4.

Mamela—’me u tenyetsehe. Mamela ka hloko—u sa mo kene hanong—e le hore u ka utloa bothata boo a nang le bona ka ho pharaletseng. Nahanela maemo ha u mo araba. Haeba u khomarela molao u sa shebe maemo, ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o tla batla litsela tsa ho tsoa molao oo tlaase. Buka ea Staying Connected to Your Teenager ea lemosa: “Ha bana ba etsa joalo, ke ha ba se ba phela bophelo ba boikaketsi. Ke bophelo boo ho bona bana ba bolellang batsoali seo ba batlang ho se utloa, empa e re ha ba potela moo ba sa ba boneng, ba iketsetse borata.”—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 4:5.

Lula u khobile matšoafo. Mocha ea bitsoang Kari o re: “’Mè oa ka o halefisoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e buang haeba re sa lumellane. Seo sea nkoatisa, ’me kapele feela puisano ea rōna e fetoha phehisano.” Ho e-na le hore u halefe haholo, bua ntho e ’ngoe e bontšang hore u utloisisa kamoo mocha oa hao a ikutloang kateng. Ka mohlala, ho e-na le hore u re, “Hase ntho eo motho a ka tšoenyehang ka eona eo!” e re, “Ke hlokomela kamoo ntho ena e u tšoenyang kateng.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 10:19.

Ha ho khoneha, ba tataise, u se ke ua ba laela hore na ba etse’ng. Bokhoni ba bacha ba ho beha mabaka bo ka tšoantšoa le mesifa e lokelang ho lula e koetlisoa. Kahoo, ha mocha a tobana le bothata, mo tlohele hore a “koetlise” bokhoni ba hae ba ho beha mabaka. Ha le buisana ka taba e itseng, mo fe monyetla oa hore eena a tle ka tharollo. Joale ha le se le buisane ’me u mo file litlhahiso tse seng kae, u ka ’na ua re: “Tseo ke litlhahiso tse seng kae. Nahana ka tsona mohlomong ka letsatsi kapa a mabeli, ebe ka mor’a moo re ka kopana re buisane ka tharollo eo u e fihletseng le mabaka a etsang hore u nahane hore ke eona e molemo.”—Molao-motheo oa Bibele: Baheberu 5:14.

a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Motho . . . a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.”—Jakobo 1:19.

  • “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.”—Liproverbia 15:1.

  • “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le ba hōlise ka bonolo ka koetliso ea ’nete ea Bokreste le taeo.”—Baefese 6:4, The New Testament in Modern Speech, ea R. F. Weymouth.

BAKENG SA BACHA

Na u batla hore batsoali ba hao ba u fe bolokolohi bo eketsehileng? Na u lakatsa eka ba ka be ba u utloisisa hantle? U ka ba nolofalletsa hore ba etse lintho tsena ka bobeli! Ka tsela efe? Ithaopele ho ba bolella se etsahalang bophelong ba hao. Ba phetlele sefuba. Ha u ba patela lintho, ba ke ke ba u tšepa ka ho feletseng—empa ha ba u tšepa ba tla u fa bolokolohi bo eketsehileng.

Ntlha ke hore, u se ke ua lebella hore batsoali ba hao ba lule ba u fata ka lipotso. Etsa karolo ea hao. Ba bolelle hore na letsatsi la hao le bile joang. Ba botse hore na la bona le bile joang. Haeba ho e-na le ntho eo u tletlebang ka eona, ithute ho ba bolella eona ka tlhompho. Ho tseba ho buisana le batho ba bang, ke bokhoni boo u tla bo hloka ha u se u le motho e moholo. Ke hobane’ng ha u sa ikoetlise hona joale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela