Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/14 maq. 12-13
  • Ke Eng e Makatsang ka ho Lla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Makatsang ka ho Lla?
  • Tsoha!—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona Makhetlong ao Jesu a Ileng a Lla ka ’Ona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Jehova o Bona Likeleli Tsa Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • “Bona! Ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Hase Feela Sera se Sehlōhō
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 3/14 maq. 12-13
Monna ea llang

Ke Eng e Makatsang ka ho Lla?

RE QALA ho lla ho tloha mohla re hlahang. Setsebi se seng se re ha re sa le masea, ho lla e ne e le eona tsela eo re bolellang motsoali ka eona hore ho na le seo re se hlokang maikutlong le ’meleng. Empa ke hobane’ng ha re lla ha re ntse re hōla, le hoja re ka khona ho fetisa molaetsa ka litsela tse ling?

Re lla ka mabaka a sa tšoaneng. Re ka lla hobane re saretsoe, re tsielehile kapa re utloile bohloko ’meleng kapa re imetsoe kelellong. Empa ho thaba haholo, ho ikutloa re imolohile le ho finyella se itseng le hona ho ka etsa hore re lle. Re ka boela ra lla hobane re bona motho e mong a lla. María o re, “Ha ke bona motho e mong a lla—ho sa tsotellehe hore na o llelang—seo se etsa hore le ’na ke lle.” Mohlomong u kile ua llisoa ke lintho tseo e seng tsa sebele tse hlahang lifiliming le libukeng.

Moroetsana ea llang, ngoana ea llang, mosali ea tsoang khapha

Ho sa tsotellehe hore na re llelang, ho lla ke tsela e matla eo motho a ntšang maikutlo ka eona. Buka ea Adult Crying e re, “Ke litsela tse seng kae feela tsa ho fetisa molaetsa ka nako e khutšoanyane hakaalo.” Ha motho a lla seo se etsa hore batho ba batle ho etsa ho hong. Ka mohlala, ha motho a lla hobane a utloile bohloko ho ba thata ho mo sheba feela re sa etse letho. Kahoo, re ka ’na ra leka ho mo tšelisa kapa ho mo thōlisa.

Litsebi tse ling li lumela hore ho lla ho re thusa ho ntša bohloko, ’me ho tloaela ho ipipetsa ho ka ’na ha re kulisa. Tse ling li re saense ha e s’o tiise hore ho lla ho ka thusa motho ’meleng kapa maikutlong. Leha ho le joalo, liphuputso li bontša hore basali ba 85 ho ba lekholo le banna ba 73 ho ba lekholo, ba tlalehile hore ba ikutloa ba le betere ka mor’a hore ba lle. Noemí o re: “Ka linako tse ling ke ee ke utloe hore ke lle. Ka mor’a hore ke lle, maikutlo a ka aa kokobela ebe ke qala ho nahana lintho ka tsela e hlakileng.”

Liphuputso li bontša hore basali ba 85 ho ba lekholo le banna ba 73 ho ba lekholo, ba tlalehile hore ba ikutloa ba le betere ka mor’a hore ba lle

Empa hase ho lla feela ho ka ’nang ha etsa hore re ikutloe re imolohile. Tsela eo batho ba itšoarang ka eona ha re lla, le eona e phetha karolo ea bohlokoa. Ka mohlala, ha batho ba re tšelisa kapa ba re thōlisa ha re lla, seo se etsa hore re ikutloe re imolohile. Empa haeba ba sa etse letho, re ka ’na ra hlajoa ke lihlong kapa ra ikutloa re sa tsotelloe.

Ho hlakile hore ho lla ke ntho e makatsang. Re kholisehile hore ho lla ke e ’ngoe ea litsela tse hlollang eo re ntšang maikutlo ka eona eo Molimo a re fileng eona.

NA U NE U TSEBA?

Bana ba qetang ho hlaha ha ba tsoe likhapha ha ba lla. Mahlo a bona a na le mongobo o lekaneng o a sireletsang, empa ba qala ho ntša likhapha ka mor’a likhoeli tse ’maloa ha karolo e li ntšang e se e tletse ka ho lekaneng.

Mefuta e Meraro ea Likhapha

  • Likhapha Tse Lulang li le ka Mahlong. Litšoelesa tsa likhapha li lula li ntša lero le sireletsang mahlo le bileng le a thusang hore a lule a le mongobo. Lero lena le boetse le ntlafatsa pono ea rōna. Le ngobetsa mahlo ha re panya.

  • Likhapha Tse Itsoelang Feela. Likhapha tsena li tsoa nakong eo re fahluoeng. Li boetse li tsoa ha re elimola kapa re tšeha.

  • Likhapha Tse Tsoang ha re Utloile Bohloko. Tsena ke likhapha tse ikhethang tse tsoang ha re amehile maikutlong. Li na le protheine e ngata ho feta likhapha tse itsoelang feela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela