Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/14 leq. 7
  • 1 Hobane Lintho Lia Fetoha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Hobane Lintho Lia Fetoha
  • Tsoha!—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • 4 | E-ba le Tšepo ea Hore Lintho li Tla Loka
    Tsoha!—2022
  • Ke Batla ho Shoa, na Bibele e ka Nthusa ha ke E-na le Maikutlo a ho Ipolaea?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • U ka Etsa’ng ha Maemo a Bophelo a Fetoha?
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 4/14 leq. 7

SEHLOOHO SE KA NTLE | KE SA PHELELA’NG?

1 Hobane Lintho Lia Fetoha

“Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, empa ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; re tsielehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa.”—2 BAKORINTHE 4:8.

Ho ipolaea ho ’nile ha bitsoa “tharollo ea ka ho sa feleng ea bothata ba nakoana.” Le hoja u ka ’na ua se ke ua lumela, boemo bo sithabetsang—esita leha u bona eka u ke ke ua khona ho bo fetola—bo ka ’na ba fetoha u sa lebella.—Sheba lebokose le reng “Maemo a Bona a Ile a Fetoha.”

Esita le haeba a ke ke a fetoha, ho molemo hore u rarolle bothata bo le bong ka nako. Jesu o ile a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”—Matheu 6:34.

Empa u tla etsa’ng haeba maemo a hao a sa fetohe? Ka mohlala, a re re mohlomong u tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng. Kapa u nyahamisitsoe ke boemo bo ke keng ba etsolloa bo kang ho qhalana ha lenyalo kapa ho shoeloa ke motho eo u mo ratang?

Esita le maemong a joalo, ho na le seo u ka se fetolang: tsela eo u talimang maemo a hao ka eona. Ha u ithuta ho amohela lintho tseo u sa khoneng ho li fetola, ho ba bonolo hore u be le tšepo. (Liproverbia 15:15) U ka boela ua khona ho mamella boemo boo ho e-na le ho nahana hore ho ipolaea ke eona tharollo ea mathata a hao. Phello e tla ba efe? U tla khona ho laola tsela eo u talimang boemo boo ka eona esita le haeba u sitoa ho bo fetola.—Jobo 2:10.

HOPOLA: U ke ke ua hloa thaba ka mohato o le mong feela; empa u ka khona ho e hloa hanyane ka hanyane. Hoa tšoana le ka mathata a mangata a re hlahelang, le hoja a ka bonahala a le mangata haholo u lokela ho talimana le ’ona hanyane ka hanyane.

SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE: Bolella motho e mong mathata a hao, mohlomong motsoalle kapa setho sa lelapa. Motho eo a ka ’na a u thusa hore u talime boemo ba hao ka tsela e nepahetseng.—Liproverbia 11:14.

MAEMO A BONA A ILE A FETOHA

Bala ka batho ba bane ba tšepahalang bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng ba ileng ba nyahama hoo ba neng ba se ba sa batle ho phela.

  • Rebeka: “Haeba ho ka tsela ena, hantle-ntle ke phelela’ng?”—Genese 25:22.

  • Moshe: “Ka kōpo mpolaee. . . . Ke se ke ka talima tlokotsi ea ka.”—Numere 11:15.

  • Elia: “Tlosa moea oa ka, etsoe ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.”—1 Marena 19:4.

  • Jobo: “Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ha ke tsoa ka pōpelong?”—Jobo 3:11.

Ha u bala litlaleho tsa Bibele tsa batho bana, u tla hlokomela hore maemo a bona a ile a ntlafala ka tsela eo ba neng ba sa e lebella. Le uena u ka ’na ua etsahalloa ke se tšoanang. (Moeklesia 11:6) U se ke ua tela!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela