Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/15 leq. 6
  • Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang
  • Tsoha!—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Qalile Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • “Ho Tsamaea ke Ho Bona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • U ka Fumana Likarabo Hokae?
    Tsoha!—2004
  • Ke Eng Seo Genese e Hlileng e se Bolelang?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 1/15 leq. 6
Bibele e phetliloeng

SEHLOOHO SE KA NTLE | BOPHELO BO QALILE JOANG?

Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang

KA MOR’A ho hlahloba bopaki, batho ba bangata ba entse qeto ea hore ho na le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea bōpileng lintho tse phelang. Nahana ka mohlala oa Antony Flew, e leng moprofesa oa filosofi eo ka nako e itseng a kileng a tšehetsa khopolo ea hore Molimo ha a eo. Flew o ile a fetola maikutlo ka mor’a hore a ithute ka tsela e hlollang eo bophelo bo rarahaneng ka eona le ka melao ea bokahohle. Ha a qotsa seo bo-rafilosofi ba nakong e fetileng ba ileng ba se bua, o ile a ngola a re: “Re lokela ho amohela qeto e entsoeng ka mor’a liphuputso le hoja re sa lumellane le eona.” Ho ea ka Moprofesa Flew, liphuputso li bontšitse hore ho na le ’Mōpi.

Gerard, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang letotong lena, o ile a fihlela qeto e tšoanang. Le hoja a rutehile haholo ’me a e-na le phihlelo thutong ea likokoanyana, o ile a re: “Ha kea fumana bopaki bo bontšang hore bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng. Tsela eo lintho tse phelang li hlophisehileng le ho rarahana ka eona, e ile ea nkholisa hore e tlameha ebe ho na le Mohlophisi le Moqapi.”

Feela joalokaha motho a ka ithuta ka motaki ea itseng ka ho hlahloba mosebetsi oa hae, Gerard o ile a lemoha litšobotsi tsa ’Mōpi ka ho hlahloba pōpo ea hae. O ile a boela a ipha nako ea ho ithuta buka e buang ka ’Mōpi—e leng Bibele. (2 Timothea 3:16) Ka har’a eona o ile a fumana likarabo tse khotsofatsang mabapi le hore na moloko oa batho o tsoa hokae le hore na batho ba ka rarolla joang mathata ao ba tobanang le ’ona kajeno. Ka lebaka leo, o ile a kholiseha hore Bibele le eona e ngotsoe ke motho ea bohlale ka ho fetisisa.

Joalokaha Gerard a hlokometse, ke habohlokoa ho hlahloba likarabo tsa Bibele. Re u khothalletsa hore u ke u li hlahlobe.

Na U ne U Tseba?

BIBELE HA E KHAHLANONG LE SAENSE. Ho e-na le hoo, e khothalletsa batho hore ba hlahlobe pōpo. (Esaia 40:26) Le hoja Bibele e se buka ea saense, e nepahetse litabeng tsa saense. Ka mohlala, Bibele ha e tšehetse thuto ea hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. Lentsoe “letsatsi” joalokaha le sebelisitsoe ho Genese le bolela nako ea bolelele bo itseng.a

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ’me e boetse e fumaneha Inthaneteng ho www.jw.org/st.

Bibele e Ruta Hore . . .

LINTHO TSE PHELANG LI BILE TENG HO TSOA HO TSE LING TSE PHELANG. “Etsoe mohloli oa bophelo o ho uena [Molimo].”—Pesaleme ea 36:9.

MOLIMO O ENTSE LIMELA LE LIPHOOFOLO “HO EA KA MEFUTA EA TSONA.” (Genese 1:11, 12, 21, 24, 25) Bibele ha e hlalose “mefuta” ena ka mabitso. Sena se bolela hore mofuta ka mong oa ikhetha.

MOLIMO O BŌPILE BATHO BA E-NA LE BOKHONI BA HO BONAHATSA LITŠOBOTSI TSEO A NANG LE TSONA. Litšobotsi tsena li akarelletsa lerato, molemo le toka. “Molimo a tsoela pele ho re: ‘A re etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna.’”—Genese 1:26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela