Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/15 maq. 12-13
  • Bofebe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bofebe
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bofebe ke eng?
  • Na bofebe bo ka senya lenyalo?
  • Na bofebe ke sebe se ke keng sa tšoareloa?
  • Na Lenyalo le ka Bolokoa ka Mor’a Ketso ea ho se Tšepahale?
    Tsoha!—1997
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Hlompha “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • “Lenyalo le ke le Hlomphehe”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 6/15 maq. 12-13
Mosali ea utloileng bohloko o lutse a furalletse ha monna oa hae a tsoa ka sutuk’heise

PONO EA BIBELE

Bofebe

Le hoja ka kakaretso batho ba talima ho tšepahala lenyalong e le ntho ea bohlokoa, malapa a mangata a tsoela pele ho qhalana ka lebaka la bofebe.

Bofebe ke eng?

SEO BATHO BA SE BUANG

Litsong tse ling bofebe ha bo talingoe bo fosahetse, haholo-holo ha bo etsoa ke monna. Hape batho ba bang ha ba nke lenyalo e le tlamahano ea ka ho sa feleng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re bofebe ke ha monna kapa mosali ea nyetsoeng a kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa hae. (Jobo 24:15; Liproverbia 30:20) Bofebe ke ntho e manyala mahlong a Molimo. Iseraele ea boholo-holo, batho ba entseng bofebe ba ne ba ahloleloa lefu. (Levitike 18:20, 22, 29) Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba lokela ho qoba bofebe.—Matheu 5:27, 28; Luka 18:18-20.

LEBAKA LA HORE U AMEHE KA TABA ENA

Bafebi ba roba kano ea bohlokoa eo ba ileng ba e etsa ha ba ne ba nyalana le balekane ba bona. Hape ba “siteloa Molimo.” (Genese 39:7-9) Bofebe bo ka arola bana le batsoali ba bona ka sehlōhō. Ho feta moo, Bibele e re “Molimo o tla ahlola . . . bafebi.”—Baheberu 13:4.

“Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.”—Baheberu 13:4.

Na bofebe bo ka senya lenyalo?

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e lumella motho ho hlala molekane oa hae ha a febile. (Matheu 19:9) Sena se bolela hore ka mor’a ketso ea ho se tšepahale, molekane ea se nang molato a ka etsa qeto ea hore na o tla tsoela pele a lula le molekane oa hae ea sa tšepahalang kapa che.—Bagalata 6:5.

Ka lehlakoreng le leng, mahlong a Molimo lenyalo ke tlamahano e halalelang ea bophelo bohle. (1 Bakorinthe 7:39) Molimo o hloile ha motho a batla ho hlala ka mabaka a sa utloahaleng, a kang ho se khotsofalle molekane oa hae. Kahoo, qeto ea ho hlala ha e ea lokela ho nkoa habobebe.—Malakia 2:16; Matheu 19:3-6.

“Ke re ho lōna e mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, o mo pepesetsa bofebe.”—Matheu 5:32.

Na bofebe ke sebe se ke keng sa tšoareloa?

SEO BIBELE E SE BUANG

Che. Bibele e re Molimo o bontša mohau ho batho ba bontšang pako ’me ba furalla libe tseo ba li entseng, ho akarelletsa le bofebe. (Liketso 3:19; Bagalata 5:19-21) Ha e le hantle, Bibele e bua ka banna le basali ba ileng ba khaotsa ho etsa bofebe ’me hamorao ba fetoha metsoalle ea Molimo.—1 Bakorinthe 6:9-11.

Mohau oa Molimo o ile oa bonahala tabeng ea Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo. Davida o ile a feba le mosali oa e mong oa balaoli ba mabotho a hae. (2 Samuele 11:2-4) Bibele e bolela ka ho hlaka hore “ntho eo Davida a neng a e entse ea bonahala e le mpe” ho Molimo. (2 Samuele 11:27) Ka mor’a hore a khalemeloe, Davida o ile a bontša pako ’me Molimo a mo tšoarela. Leha ho le joalo, Davida o ile a latsoa litholoana tse bosula tsa liketso tsa hae. (2 Samuele 12:13, 14) Hamorao Morena Solomone ea bohlale o ile a re, “mang kapa mang ea febang . . . o na le pelo e haelloang.”—Liproverbia 6:32.

SEO U KA SE ETSANG

Haeba u entse bofebe, u lokela ho kōpa tšoarelo ho Molimo le ho molekane oa hao. (Pesaleme ea 51:1-5) Ithute ho hloea bofebe feela joalokaha Molimo a bo hloile. (Pesaleme ea 97:10) Ikemisetse ho qoba ho shebella litšoantšo tse litšila, ho nahana ka ho kopanela liphate, ho bapala ka maikutlo a lerato, kapa ntho leha e le efe e ka etsang hore u batle ho kopanela liphate le motho e mong ntle le molekane oa hao.—Matheu 5:27, 28; Jakobo 1:14, 15.

Haeba molekane oa hao a entse bofebe, kholiseha hore Molimo o utloisisa tsela eo u ikutloang ka eona. (Malakia 2:13, 14) Mo kōpe hore a u tšelise le ho u tataisa ’me “o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Haeba u khetha ho tšoarela molekane oa hao ’me u tsoela pele ho lula le eena, le tla lokela ho sebetsa ka thata ho tsosolosa maqhama a lenyalo la lōna.—Baefese 4:32.

Moprofeta Nathane o ile a re ho Davida ea neng a bakile ka mor’a hore a etse bofebe: “Jehova, le eena, o tlohela sebe sa hao hore se fete.”—2 Samuele 12:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela