Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/15 maq. 10-11
  • Herodotus

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Herodotus
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HAA NGOLA HISTORI FEELA TJEE!
  • TLALEHO EA HERODOTUS E NEPAHETSE
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Maeto a Boholo-holo ka Likepe ho ea Libakeng Tse Hōle le Mediterranean
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2015
  • Buka ea Boprofeta
    Buka ea Batho Bohle
Tsoha!—2015
g 9/15 maq. 10-11
Seemahale sa Herodotus

LITŠOANTŠO TSA MEHLENG EA KHALE

Herodotus

BOPHELO bo ne bo le joang lilemong tse makholo tse fetileng? Ke lintho life tseo batho ba neng ba tloaetse ho li etsa? Re ka fumana likarabo tse ling thutong ea ho epolloa ha lintho tsa khale. Ho bala libuka tsa histori tse ngotsoeng ke motho ea phetseng nakong eo, ho tla re thusa ho utloisisa tsela eo batho ba khale ba neng ba etsa lintho ka eona. Motho eo o phetse lilemong tse ka bang 2 400 tse fetileng. Lebitso la hae ke Herodotus, e leng rahistori oa Mogerike oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. O ngotse buka e bitsoang The Histories.

Herodotus o ile a ngola hore na ke hobane’ng ha Bagerike ba ile ba kopanela lintoeng, empa haholo-holo ka litlhaselo tsa Mapersia tse ileng tsa etsahala ha e sa le moshanyana pakeng tsa 490 le 480 B.C.E. Ho e-na le hore a ngole ka litlhaselo tse neng li etsoa ke ’muso oa Persia feela, Herodotus o ile a tlaleha ntho e ’ngoe le ’ngoe ka linaha tse ileng tsa ameha ha ’muso oa Persia o hatela pele.

HAA NGOLA HISTORI FEELA TJEE!

Herodotus o ne a e-na le bokhoni ba ho hlalosa lintho. O ne a ngola libuka tsa hae ka tsela e hlakileng ’me a akarelletsa boitsebiso bohle boo a neng a bona bo le molemo e le hore a thuse batho ho utloisisa seo a buang ka sona ka botlalo. Seo Herodotus a se finyeletseng mosebetsing oa hae sea ikhetha hobane o ne a sa nke boitsebiso litlalehong tsa ’muso tse tlalehang liketsahalo tsa khale kaha li ne li le sieo ka nako eo.

Mehleng eo, ke batho ba seng bakae feela ba neng ba tlaleha litaba tsa histori ’me ba etsa sena hobane feela ba batla ho rorisoa le hore mabitso a bona a ngoloe lifikeng kapa ba etsetsoe liemahale. E le hore a ngole ka liketsahalo tse itseng, Herodotus o ne a itšetlehile ka lintho tseo a neng a li bona, meetlo ea moo hammoho le seo batho ba bang ba neng ba mo bolella sona. Herodotus o ne a etela libaka tse ngata haholo e le hore a fumane boitsebiso boo a bo hlokang. O hōletse Halicarnassus koloneng ea Greece (eo hona joale e leng Bodrum, e ka boroa ho Turkey) a boela a etela Greece.

Herodotus o ne a etela libakeng tse ngata haholo e le hore a fumane boitsebiso boo a bo hlokang

O ile a etsa boiteko ba hore a ee ka leboea ho Leoatle le Letšo le Scythia, sebaka seo hona joale e leng Ukraine le ka boroa ho Palestina le karolong e ’ngoe ea Egepeta. Ho bonahala a ile a fihla le ka bochabela ho Babylona, a qeta matsatsi a ’maloa ka bophirimela a ba a fihla koloneng ea Greece moo kajeno e leng karolo e ka boroa ea Italy. Hohle moo a neng a e-ea teng, o ne a sheba, a batlisisa a bile a batla boitsebiso ho batho bao a neng a nka hore baa tšepahala.

TLALEHO EA HERODOTUS E NEPAHETSE

Sekhechana sa buka ea The Histories

Sekhechana sa buka ea The Histories

Tlaleho ea Herodotus e nepahetse hakae? Boitsebiso boo a faneng ka bona mabapi le linaha tseo a ileng a li etela le lintho tseo a li boneng bo nkoa bo nepahetse. Lintho tseo a li hlalositseng mabapi le litloaelo tsa Bagerike tse kang mekhoa ea ho boloka litopo e neng e sebelisoa ke Baegepeta kapa mapato a Maskitha a borena, li lumellana le tseo baepolli ba lintho tsa khale ba li fumaneng. Boitsebiso bo bongata boo a ileng a bo fumana ka Egepeta “ke ba bohlokoa haholo ho feta ntho e le efe e ileng ea ngoloa mehleng ea khale ka naha eo.”

Leha ho le joalo, hangata Herodotus o ne a lokela ho itšetleha ka bopaki boo a neng a sa kholiseha ka bona. Ho ekelletsa moo, batho ba mehleng eo ba ne ba lumela hore ka tsela e itseng melimo ea bona ea bohata e ka ba thusa. Kahoo, hase lintho tsohle tseo a li ngotseng tseo bo-rahistori ba mehleng ea kajeno ba lumellanang le tsona. Ho sa tsotellehe seo, Herodotus o ile a leka ho bontša phapang pakeng tsa seo e leng ’nete le lipale tseo batho ba neng ba iqapela tsona. O ile a bolela hore ha aa ka a lumela lintho tsohle tseo a ileng a li bolelloa ke batho. O ne a etsa qeto ea seo a tla se ngola ka mor’a hore a hlahlobe le ho bapisa boitsebiso boo a neng a bo fumane.

Buka ea The Histories e bua haholo ka mosebetsi oo Herodotus a ileng a o etsa. Le hoja a ne a sa fumane boitsebiso habonolo, o ile a finyella ho hongata. 

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Mongoli oa Selatine e leng Cicero (106-43 B.C.E.) o ile a bitsa Herodotus Ntate oa Histori hobane buka ea hae ea The Histories ke eona e ileng ea leka ka hohle ho tlaleha liketsahalo tsa mehleng eo.

  • Mongoli e mong oa mehleng ea kajeno o ile a re The Histories ke buka e tsotehang. O ile a re: “Ka hare ho eona re fumana boitsebiso bo sa bueng ka histori feela empa le ka thuto e mabapi le batho, jeokrafi, thuto ea bolumeli, filosofi, saense ea tsamaiso ea lipolotiki le lintho tse bohloko tse ileng tsa etsahalla batho.”

  • Esita le nakong e mahlonoko historing, Herodotus o ile a boloka boitsebiso bo mabapi le Greece, Asia Bophirimela le Egepeta.

Ba Etsa Qeto Mabapi le Herodotus

Rahistori ea tsebahalang e leng Arnaldo Momigliano o ile a re: “Re na le bopaki bo lekaneng ba hore re tšepe boitsebiso boo [Herodotus] a faneng ka bona. Litsebi tsa histori, baepolli ba lintho tsa khale hammoho le batho ba tsebang lipuo tseo Herodotus a neng a sa li tsebe ba ile ba hlahlobisisa boitsebiso boo a faneng ka bona. Ba ile ba hlokomela hore o ne a bua ’nete ka lintho tseo li ngotseng ’me ka botšepehi a tlaleha lintho tseo batho ba neng ba mo bolella tsona. Moo e bang o ne a fosa teng ke hobane batho ba mo file boitsebiso bo fosahetseng kapa a sa utloisisa hantle seo ba neng ba mo bolella sona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela