Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/15 maq. 7-9
  • Ho Phela le Bokooa ba Pono

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela le Bokooa ba Pono
  • Tsoha!—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thusang Batho ba Foufetseng Hore ba Ithute ka Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Braille e Thusa Batho ba sa Boneng
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—Ho Ruta Batho ba Nang le Bokooa ba Pono ka Molimo
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Ho Tutubollela Litaba tse Molemo Mahlo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 11/15 maq. 7-9
Paqui le monna oa hae

Ho Phela le Bokooa ba Pono

“Pono ea ka e ile ea fokola haholo ha ke ne ke tšeloa moriana o matla oa mahlo ke sa le lesea. Ha ke le moroetsana, ke ile ka foufala ka ho feletseng ’me ka sithabela haholo maikutlong.”—Paqui, mosali e mocha eo monna oa hae a sa boneng.

BOKOOA ba pono bo ka bakoa ke lintho tse ngata, tse akarelletsang ho hlaheloa ke kotsi hammoho le mafu. Lintho tsena li ka ama mahlo, methapo ea mahlo kapa boko. Hangata batho ba sa boneng ba thatafalloa ke ho ikamohela, baa sithabela ’me ba ba le tšabo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ithuta ho sebetsana le boemo ba bona ’me ba thabele bophelo.

Mahlo a rōna ke ’ona a re thusang hore re ithute ka lintho tse teng lefatšeng. Kahoo, ha motho a sa bone, o thusoa feela ke litho tsa ho utloa, ho fofonela, ho ama le ho latsoa.

Ho latela makasine ea Scientific American, lipatlisiso tse entsoeng mabapi le hore boko bo ikamahanya le maemo, e bontša hore boko bo khona ho “fetoha ho latela nako eo motho a seng a e qetile a le boemong bo itseng.” Makasine ena e phaella ka ho re: “Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore ha setho se seng sa kutlo se le sieo, boko bo khona ho ikamahanya le maemo e le hore bo thuse le ho matlafatsa litho tse setseng.” Nahana ka mehlala e latelang.

Ho utloa: Ha motho a utloa mantsoe a batho kapa liqi, o iketsetsa setšoantšo sa se etsahalang. Fernando ea nang le bokooa ba pono o re: “Ke ithutile ho khetholla batho ka mantsoe a bona kapa ka tsela eo ba tsamaeang ka eona.” Juan, eo le eena a nang le bokooa ba pono o re: “Motho ea sa boneng o khetholla batho ka mantsoe a bona.” Joaloka motho e mong le e mong, motho ea sa boneng o utloa molumo oa lentsoe, e leng se mo thusang hore a tsebe hore na motho o ikutloa joang.

Ha motho ea sa boneng a se a ithutile melumo e fapaneng, seo se mo thusa hore a tsebe sebaka seo a leng ho sona, joaloka hore na sephethephethe se phallela nģa efe, hore na kamore e boholo bo bokae le hore na lintho tse ka mo sitisang li hokae.

Ho fofonela: Ho fofonela ho ka thusa motho ea sa boneng hore a ithute lintho tse itseng, empa eseng feela hore a tsebe hore na ho nkha eng. Ka mohlala, ha motho ea sa boneng a tsamaea tseleng e itseng, linko tsa hae li mo thusa hore a iketsetse setšoantšo sa hore sebaka seo a fetang ho sona se na le lishopo tse rekisang kofi, lireschorente, limmaraka le tse ling. Ho hlakile hore ho utloa melumo eo a e tloaetseng hammoho le ho ama, ho ka boela ha mo thusa hore a be le setšoantšo se hlakileng.

Ho ama: Francisco o re: “Menoana ea ka e nthusa hore ke bone.” Batho ba sa boneng ba boetse ba sebelisa melangoana hore ba bone tsela. Manasés, ea hlahileng a sa bone ’me a ithutile ho sebelisa molangoana a sa le monyenyane, o re: “Ke tseba hantle hore na ke hokae, ke thusoa ke litho tse ling tsa kutlo, lintho tseo ke li hopolang le ho phopholetsa tsela ka molangoana oa ka.”

Motho ea balang Molula-Qhooa oa Braille

Motho ea balang makasine ea Molula-Qhooa ka Braille

Ho ama ho ka boela ha thusa motho ea sa boneng hore a khone ho bala lingoliloeng tse ngotsoeng ka mongolo oa Braille. Ha e le hantle, kajeno ho tloaelehile hore motho ea sa boneng a fumane boitsebiso bo ka mo thusang hore a ithute le hore a matlafatse kamano ea hae le Molimo. Boitsebiso bona bo ka fumanoa ho lingoliloeng tsa Braille, likhatisong tse rekotiloeng le likhatisong tse fumanoang k’homphieutheng. Li thusa batho ba sa boneng hore ba bale Bibele le likhatiso tse ling tse thusang batho ho ithuta Bibele.a

Paqui le monna oa hae, bao re buileng ka bona qalong ea sehlooho sena ba matlafalitsoe ke likhatiso tseo ’me li ba thusitse hore ba be le tšepo. Ba boetse ba tšehetsoa ke lelapa le leholo, e leng phutheho ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa habo bona. Paqui o re: “Re se re phela bophelo bo nang le morero ’me re khona ho iketsetsa lintho tse itseng.”

Ke ’nete hore ho se bone ho ka baka mathata a itseng. Empa hoa thabisa hore ebe ’mele oa motho o khona ho ikamahanya le maemo e le hore a tsebe ho sebetsana ka katleho le mathata ao ’me a thabele bophelo.

a Lipaki Tsa Jehova li etsa likhatiso tsa Braille tse thusang batho ho ithuta Bibele ka lipuo tse fetang 25.

Ke Thabela Bophelo le Hoja ke sa Bone

Marco Antonio le ntja ea hae e mo tataisang e bitsoang Dante

Marco Antonio ke ntate oa lelapa ea kopanetseng khoebo le motho e mong. O hlahile a e-na le bokooa ba pono. O buisane le Tsoha! ka lintho tse mo thabisang le mathata ao a kopanang le ’ona.

U khona joang ho tsamaisa khoebo ea hao?

Ha ke le mosebetsing, ke arabela mehala, ke ikopanya le bareki le barekisi, ke boetse ke etsa lintho tsa banka.

U etsa’ng bakeng sa ho ikhatholla?

Ke rata ’mino hobane oa nkhatholla. Ke boetse ke bapala piano, le hoja ho batla ho le boima kaha ha ke khone ho bala le ho bapala piano ka matsoho a mabeli. Pele ke e bapala, ke bala linoto tsa Braille ka letsoho le letona ebe ke bapala piano ka le letšehali. Ka mor’a moo, ke pheta ntho e tšoanang empa lekhetlong lena ke bala linoto tsa Braille ka letsoho le letšehali ebe ke bapala piano ka le letona. Ha ke se ke tseba linoto ka hlooho, ke bapala ka matsoho a mabeli.

Na u kile ua tobana le liphephetso tse boima?

Ha ke ntse ke hōla, batsoali ba ka le bana beso ba ne ba ntlhokomela ’me ba ntšoara joalokaha eka kea bona. Ke ’nete hore ke ile ka tobana le mathata a itseng, empa ke ile ka tloaela ho etsa lintho tse ngata tseo motho ea bonang a ka li etsang. Ha ke se ke hōlile, ntho feela e neng e ntšoenya ke hore ebe ha ke khone ho khanna.

Hona joale ke ntate oa lelapa ea sebetsang ’me lelapa la ka lea nthata ebile lea ntšehetsa. Mora oa ka e leng David, o futsitse bokooa ba ka ba pono bo bitsoang optic nerve atrophy. Ke leka ho mo behela mohlala o motle. Ke batla hore a tsebe hore haeba a mamella a bile a ikemiselitse, a ka etsa lintho tse ngata.

Ke hobane’ng ha u ile ua reka ntja e u tataisang?

Ha ke tsamaea le ntja ea ka e leng Dante, ke khona ho tsamaea kapele ke bile ke sireletsehile. Kaha mosali oa ka e leng Loli oa bona, o tsamaea le ’na le Dante haeba re e-ea sebakeng se itseng ka lekhetlo la pele e le hore re ithute tsela eo. Qalong, ho ne ho le thata hore ke tšepe ntja bakeng sa tšireletseho ea ka. Leha ho le joalo, Dante e ile ea ntšepahalla. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, eona e phetha mosebetsi. Empa ha ke e fasolla, e itšoara joaloka ntja e ’ngoe le e ’ngoe.

Kaha u Paki ea Jehova, u ithuta Bibele joang?

Pele ho e-ba le likhatiso tse ngata tsa batho ba nang le bokooa ba pono, Loli o ne a mpalla Bibele le likhatiso tse thusang batho ho ithuta Bibele. O ne a nthusa haholo. Kahoo, ke ne ke khona le ho fana ka lipuo libokeng tsa phutheho. Morao tjena, ke se ke ipalla hobane ke na le Bibele le likhatiso tse thusang batho ho ithuta Bibele ka Braille. Ke boetse ke kena Websaeteng ea Lipaki Tsa Jehova ea jw.org, ebe ke kopitsa likhatiso tse rekotiloeng. Ke boetse ke na le mochine o ngolang ka Braille o nthusang hore ke khone ho bala boitsebiso bo sekrineng sa k’homphieutha ea ka. Mochine ona o na le liphini tse hlahisang mongolo oa Braille. O nthusa haholo!

Ke fumane monyetla oa ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Spain, Madrid moo ke thusang ka ho ngola libuka tsa Braille. Batho ba etsang lingoliloeng tsa Braille ba thabela ho utloa maikutlo a batho ba sa boneng e le hore ba ntlafatse boleng ba lingoliloeng tseo. Ka sebele ke ikutloa ke ratoa ke bile ke ananeloa ke bara le barali beso.

Na u thabela ho sebelisana le batho?

E, haholo-holo ho ba le ba lelapa la ka le Lipaki-’moho le ’na, bao ke etsang mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo le bona. Bakreste-’moho le ’na ba ntšoara joalokaha ba tšoara motho ofe kapa ofe. Ha e le hantle, ka linako tse ling baa lebala hore ha ke bone!

Ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo ho nthusa hore ke bolelle batho ba bang ka tšepo eo Bibele e fanang ka eona. Ka mohlala, ho Esaia 35:5 re ithuta hore ’Musong oa Molimo, “mahlo a lifofu a tla tutuboloha.” Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a folisa batho ba sa boneng ’me sena e bile pontšo ea seo a tlang ho se etsa nakong e tlang. (Matheu 15:30, 31) Kahoo, bokooa ba pono bo tla fela, hammoho le bokooa bofe kapa bofe. Lefatšeng la Paradeise le tlang, ha ho motho ea tla re oa kula kapa o holofetse.—Esaia 33:24; Luka 23:43.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela