Selelekela
Mehleng ena batho ba bangata ba lula ba phathahane hoo ka linako tse ling ba se nang nako ea ho qoqa le batho ba bang ’me le bophelo ba malapa a bona bo ba bosula.
Ke joang re ka sebelisang nako ea rona hantle?
Monna e mong ea bohlale o kile a re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 4:6.
Makasine ena ea Tsoha! e fana ka litlhahiso tsa kamoo re ka sebelisang nako ea rona hantle kateng.