Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g18 no. 2 leq. 12
  • 9 Ho Itseba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 9 Ho Itseba
  • Tsoha!—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO BOLELA’NG?
  • KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?
  • U KA ETSA’NG?
  • Na Kea Itseba?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Ho Sireletsa Boitsebahatso ba Rōna ba Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Kea Itseba?
    Tsoha!—2011
  • Bakreste—E-bang Motlotlo ka Seo le Leng Sona!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2018
g18 no. 2 leq. 12
Mocha o eme tsoe! Pel’a sefate se fefoloang ke moea

U ka khona ho mamella mathata a boima haeba u itseba hantle

BAKENG SA BACHA

9 Ho Itseba

HO BOLELA’NG?

Ho itseba ho akarelletsa ho tseba botho ba hao, hore na u mang, u shebahala joang, ho tseba lintho tsa bohlokoa ho uena le lintho tseo u li lumelang. Lintho tsena kaofela ke tsona tse etsang hore u fapane le batho ba bang.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Haeba u itseba hantle u ke ke oa lumella hore metsoalle ea hao e u ise koana le koana empa u tla tseba ho ikemela.

“Batho ba bangata ba itumella ho laoloa ke batho ba bang. Ekare ke lipopi tse lulang mabenkeleng a liaparo tse khetheloang hore na li apare’ng.”—Adrian.

“Ke ithutile ho etsa lintho tse nepahetseng leha ho le thata. Hape kea tseba hore motho ke motsoalle oa ka oa ’nete haeba ke phutholoha ha ke e-na le eena hobane a hlompha tsela ea ka ea ho etsa lintho.”—Courtney.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho [lefatše lena], empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna.”—Baroma 12:2.

U KA ETSA’NG?

U ka sheba makhabane ao u nang le ’ona, lintho tseo u fokolang ho tsona le lintho tseo u li lumelang e le hore u itsebe hona joale le hore u tsebe hore na u batla ho ba motho ea joang. Ho ipotsa lipotso tse latelang ho tla u thusa.

Makhabane: Ke lintho life tseo ke nang le bokhoni ba ho li etsa? Ke lintho life tseo ke ipabolang ho tsona? (Mohlala: Na ke motho ea tšoarang nako, ea khonang ho ithiba, ea sebetsang ka thata le ea fanang?) Ke lintho life tse ntle tseo ke li etsang?

KELETSO: Haeba u utloa ho le thata ho nahana ka makhabane ao u nang le ’ona, u ka botsa motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo kapa motsoali hore na ke lintho life tse ntle tseo a eeng a bone u li etsa.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 6:4.

Lintho tseo u fokolang ho tsona: Ke makhabane afe ao ke lokelang ho sebeletsa ho ba le ’ona? Ke maemong afe moo ke eeng ke utloe ho le thata ho etsa ntho e nepahetseng? Ke maemong afe moo ke lokelang ho ithuta ho ithiba?

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Haeba re re: ‘ha re na sebe,’ rea ithetsa ’me ’nete ha e eo ho rōna.”—1 Johanne 1:8.

Lintho tseo u li lumelang: Ke melao efe eo ke e mamelang, hona ke hobane’ng ha ke e mamela? Na ke lumela hore Molimo o teng? Ke eng e nkholisitseng hore o teng? Ke lintho life tseo ke bonang li sa nepahala, hona hobane’ng? Ke lintho life tseo ke lumelang hore li tla etsahala ka moso?

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa.”—Liproverbia 2:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela