Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 2 maq. 4-5
  • Melemo ea ho Itšoara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melemo ea ho Itšoara
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO ITŠOARA HO BOLELA’NG?
  • KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HORE NGOANA A ITŠOARE?
  • U KA RUTA BANA JOANG HORE BA KHONE HO ITŠOARA?
  • Ho Ruta Bana ho Itšoara
    Tsoha!—2015
  • Ho Hlaolela Tholoana ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Loanela hore u khone ho itšoara
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • E le Hore U Hape Moputso, Sebelisa Boitšoaro!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 2 maq. 4-5
Ngoana o nka pompong ka shopong empa ’mè oa hae oa mo khalemela

THUTO EA PELE

Melemo Ea Ho Itšoara

HO ITŠOARA HO BOLELA’NG?

Motho ea khonang ho itšoara:

  • ke ea sa potlakeleng ho khotsofatsa litabatabelo tsa hae

  • ke ea itlamang mala-masesaane

  • ke ea etsang mesebetsi e akhang le eo a sa e rateng

  • ke ea sa ichebeng boeena

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HORE NGOANA A ITŠOARE?

Ngoana ea khonang ho itšoara o atleha ho qoba ho etsa lintho tse fosahetseng, le hoja ho ka bonahala eka ho na le melemo e mo fetang. Empa bana ba sa khoneng ho itšoara hangata

  • e ba litlokotsebe

  • ba ba le khatello ea maikutlo

  • baa tsuba ebile ba sebelisa lithethefatsi hampe

  • ba itjella feela ba sa khethe esita le lintho tse ka ba kulisang

Lipatlisiso tse ling li bontša hore hangata ha motho a ile a rutoa ho itšoara ha a sa le monyenyane, ha a kule khafetsa, ha a tšoenyehe ka ho feteletseng ka chelete ebile o ikobela melao habonolo. Taba ena e entse hore Moprofesa Angela Duckworth oa Univesithi ea Pennsylvania a fihlele qeto ea hore “motho e mong le e mong a ka khona ho itšoara ha a rata.”

U KA RUTA BANA JOANG HORE BA KHONE HO ITŠOARA?

Tsitsa mantsoeng a hao.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Lentsoe la lona E le mpe le bolele E, Che ea lona, Che.”​—Matheu 5:37.

Ngoana a ka ’na a lla kapa a ithaburanya haeba motsoali a sa mo fe ntho eo a e batlang a sa natse le hore na ho na le bo-mang. Haeba motsoali a ka mo fa eona feela, o se a jele khomo ea molatelle, ngoana eo o tla lula a ithaburanya a bile a lla ha ho na le ntho eo a e batlang.

Empa haeba motsoali a ka tsitsa mantsoeng a hae a loma molomo o ka tlase, ngoana o tla ithuta hore ha se lintho tsohle tseo re li batlang tseo re tla re tla li fumana. Dr. David Walsh o ile a ngola a re: “Le hoja re ka nahana hore motho ea fumanang ntho e ’ngoe le ’ngoe eo a e batlang o thabile, empa taba eo ha se ’nete. Motho o tla thaba hafeela a khona o itšoara. Re tla be re hlokela bana toka haeba re ba ruta hore ba tla fumana lintho tsohle tseo ba li batlang.”a

Haeba motsoali a sa tefise ngoana, qetellong ngoana eo o tla ema a tiile ha a hatelloa hore a sebelise lithethefatsi, a etse thobalano kapa a etse lintho tse ling tse ka mo ntšang kotsi.

Thusa bana hore ba tsebe liphello tsa lintho tseo ba li etsang.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”​—Bagalata 6:7.

U lokela ho thusa bana hore ba tsebe hore lintho tseo ba li etsang li tla ba le liphello, haeba ba sa khone ho itšoara ba tla kotula litholoana tse bosula. Mohlala, haeba ngoana oa hao e le sefela-peloana, a koata-koata le feela, batho ba bangata ba ke ke ba rata hore ba lule ba e-na le eena. Empa haeba a khona ho itšoara, esita le ha bana ba bang ba mo utloisa bohloko a bile a sa kene batho hanong, batho ba bangata ba tla mo rata. Mo thuse ho bona hore haeba a khona ho itšoara, o tla phela hantle.

Ruta ngoana hore a etse lintho tsa bohlokoa pele.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: Re lokela ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

Ho itšoara ha se feela ho ithiba hore u se ke oa etsa lintho tse fosahetseng, empa ke ho etsa le lintho tseo u tlamehang ho li etsa le hoja ka linako tse ling u sa li rate. Ke taba ea bohlokoa haholo haeba ngoana oa hao a tseba lintho tsa bohlokoa a bile a qala ka tsona. Mohlala, ngoana o lokela hore a etse mosebetsi oa sekolo pele a ea papaling.

Etsa lintho ka tsela e khahlang ngoana.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tšoanang.”​—Johanne 13:15.

Bana ba hao ba u shebile hore na u etsa’ng ha u koatile. Haeba u khona ho itšoara, bana ba hao ba tla bona hore taba eo e bohlokoa e bile e molemo. Mohlala, haeba ngoana oa hao a etsa ntho e fosahetseng na u mo jajabetsa ka bohale kapa u lula u khobile matšoafo?

a Mantsoe ana a tsoa bukeng ea No: Why Kids​—of All Ages​—Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.

Ngoana o nka pompong ka shopong empa ’mè oa hae oa mo khalemela

QALELLA HO BA KOETLISA

Haeba motsoali a sa tefise ngoana, qetellong ngoana eo o tla ikemela ha a se a holile. Mohlala o tla ema a tiile ha a hatelloa hore a sebelise lithethefatsi kapa a etse lintho tse ling tse ka mo ntšang kotsi

Etsa Lintho ka Tsela e Khahlang Ngoana

  • Na ngoana oa ka o tseba ke le motho ea sa feleng pelo esita le ha ho le thata?

  • Na nkile ka hlalosetsa ngoana oa ka hore na ke hobane’ng ha ke lula ke khobile matšoafo le ha ke e-na le mathata?

  • Na ngoana oa ka o tseba ke le motho ea bohale ebile ke le sefela-peloana kapa na o ntseba ke le motho ea khonang ho itšoara?

Mehlala ea Batsoali ba Bang

’Mè Theresa o re: “Re ile ra ruta morali oa rona hore ha se phoso ho utloa bohloko le ho halefa ka linako tse ling, empa phoso ke haeba a ntšetsa bohloko ho batho ba bang. Hape ra mo ruta hore haeba a sa khone ho itšoara, o lokela ho ea moo a leng mong ho fihlela bohloko bo kokobela.”

Ntate Wayne eena o re: “ ’Na le mosali oa ka re ne re babatsa bana ba rona ha ba entse hantle. Re ne re etsa joalo le haeba ba lula ba khobile matšoafo ha ba e-na le mathata.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela