Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 2 maq. 6-7
  • Ho Ikokobetsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ikokobetsa
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO BOLELA’NG?
  • MELEMO EA HO IKOKOBETSA
  • U KA BA RUTA JOANG HORE BA IKOKOBETSE?
  • Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova o Rata Bahlanka ba Hae ba Ikokobelitseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 2 maq. 6-7
Moshanyana o qhala toti

THUTO EA BOBELI

Ho Ikokobetsa

HO BOLELA’NG?

Motho ea ikokobelitseng oa hlompha. Ha a ikhohomose ebile ha a batle hore batho ba mo tšoare joaloka khalase. Empa o tsotella batho ba bang ebile o batla ho ithuta ho bona.

Ka linako tse ling batho ba atisa hore motho ea ikokobelitseng ke lekoala. Empa bonneteng motho enoa o mpa a hlokomela hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa.

MELEMO EA HO IKOKOBETSA

  • Ho etsa hore batho ba utloane. Buka ea The Narcissism Epidemic e re: “Hangata batho ba ikokobelitseng ba nolofalloa ho tloaelana le batho le ho etsa metsoalle.”

  • Ho tla thusa ngoana hore a be le bokamoso bo chabileng. Ha ngoana a ithuta ho ikokobetsa hona joale ho tla mo thusa ho ba le bokamoso. Mohlala, boikokobetso bo tla mo thusa ha a se a le moholo a batla mosebetsi. Dr. Leonard Sax o re: “Hangata ha mohiri a batla basebetsi, o sheba motho ea lekang ho tseba hore na mohiri o batla eng, empa motho ea ikhohomosang a bile a sa elelloe hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa, ha se hangata a hiroang.”a

U KA BA RUTA JOANG HORE BA IKOKOBETSE?

Mo rute hore a se ke a icheba boeena.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Etsoe haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.”​—Bagalata 6:3.

  • U se ke oa mo ruta lintho tse ke keng tsa etsahala. Batho ba bang ba tloaetse ho re: “U ka ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang.” Le hoja mantsoe ao a ka utloahala eka a khothatsa ngoana, hangata ha se ’nete. Bana ba hao ba tla atleha haeba feela ba sebetsa ka thata hore ba fihlele lintho tseo ba ka li khonang eseng hore feela ba lore ka tse ke keng tsa etsahala.

  • Mo babatse ha a entse hantle. Ha ho thuse letho ha motsoali a bolella ngoana hore ke ngoana ea motle empa a sa mo joetse hore na o motle ha a entse eng. Kahoo, ha motsoali a babatsa ngoana o lokela ho mo bolella hore na ke eng eo a e entseng hantle.

  • U se ke oa mo lumella hore a qete nako e ngata a bua le batho ka Inthanete. Hangata Inthaneteng, batho ba bua ka litalenta tsa bona le lintho tseo ba li fihletseng e leng eona ntho e ba sitisang ho ikokobetsa.

  • Mo rute hore a kope tšoarelo kapele. Thusa ngoana oa hao ho elelloa liphoso tsa hae a be a li amohele.

Ruta ngoana ho leboha.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le iponahatse le le ba lebohang.”​—Bakolose 3:15.

  • Mo rute ho leboha Molimo ka lintho tseo a li bopileng. Bana ba lokela ho rutoa hore ba lebohe Molimo ka lintho tseo a li bopileng hobane li re thusa hore re phele. Re hloka moea, metsi le lijo. U ka bua le bana ka lintho tsena tse molemo tseo Molimo a li bopileng e le hore ba mo rate ba be ba mo lebohe.

  • Mo rute hore a ananele batho ba bang. Ruta ngoana oa hao hore a se ke a nkela batho ba bang tlaase kaha motho e mong le e mong ho na le moo a ipabolang teng. Le hore a se ke a ba monela empa a ithute ho bona.

  • Mo rute ho ananela. U lokela ho ruta ngoana oa hao hore a cho ka molomo a be a bontše ka liketso hore oa leboha. Haeba re le batho ba ananelang, re tla lula re ikokobelitse.

Ruta ngoana oa hao hore ke ha bohlokoa ho thusa batho ba bang.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:​3, 4.

  • Ruta ngoana ho etsa mosebetsi. Haeba u sa rute ngoana ho etsa mesebetsi ea lelapa, o tla nka hore mabaka a hae a bohlokoa ho feta mesebetsi eo. O lokela hore a sebetse lapeng pele a ka ea papaling. Mo hlokomelise hore o tla be a thusa lelapa ha a etsa mesebetsi eo le hore batho ba bang ba tla thaba ebile ba tla mo nka e le motho oa bohlokoa.

  • Mo rute hore ho sebeletsa batho ba bang ke ntho e ntle. Ho thusa batho ho tla etsa hore ngoana a hole kelellong. Kahoo, u lokela ho khothalletsa ngoana oa hao ho batla hore na a ka thusa mang ebe u buisana le eena hore na a ka thusa motho eo joang. Babatsa ngoana oa hao u be u mo tšehetse ha a thusa batho ba bang.

a Mantsoe ana a nkiloe bukeng ea The Collapse of Parenting.

Moshanyana o qhala toti

QALELLA HO BA KOETLISA

Ha ngoana a ithuta ho etsa mesebetsi eo batho ba bang ba e khellang fatše, o tla atleha ho sebetsa le batho hantle ha a se a le moholo

Etsa Lintho ka Tsela e Khahlang Ngoana

  • Na ke bolella bana ba ka hore le ’na ka linako tse ling ke hloka hore batho ba bang ba nthuse?

  • Na ke ananela batho ba bang le ho bua hantle ka bona kapa na ke ba khella fatše?

  • Na bana ba ka baa bona hore ke nka ho thusa batho ba bang ele ha bohlokoa?

Mehlala ea Batsoali ba Bang

’Mè Karen o re: “Morali oa rona o ile a re bolella hore ho na le ngoana eo bana ba sekolo ba sa mo rateng hobane o etsa lintho tse mpe. Ke ile ka mo bolella hore a nahane ka mathata ao mohlomong ngoana eo a nang le ’ona lapeng. Ebile ha se motho e mong le e mong ea phelang ha monate ha a le lapeng. Taba ena e ile ea etsa hore morali oa ka a elelloe hore ha se hore eena o bohlokoa ho feta batho ba bang. Empa ho ka etsahala hore ebe maemo a batho ba bang a thata ho feta a hae.”

’Mè Marianna eena o re: “Re khothalletsa barali ba rona hore ba thabele ho kena sekolo ba be ba sebetse ka thata, ba se ke ba ipapisa le bana ba bang. Re ile ra ba joetsa hore le rona ha re batle ho ba bapisa le bana ba bang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela