Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 2 maq. 8-9
  • Ho Mamella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Mamella
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO BOLELA’NG?
  • MELEMO EA HO MAMELLA
  • U KA RUTA BANA BA HAO HO MAMELLA JOANG?
  • Thusa Bana ba Hao ha Lintho li sa ba Tsamaele Hantle
    Se ka Thusang Lelapa
  • Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa
    Tsoha!—2017
  • Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 2 maq. 8-9
’Me o thusa ngoana oa hae ea nyahamisitsoeng ke hore cake eo a e bakileng ha ea tsoa hantle

THUTO EA BORARO

Ho Mamella

HO BOLELA’NG?

Motho ea nang le mamello ke ea tsoelang pele ka bophelo ka mor’a ho kopana le mathata. Ho ke ke ha etsahala hore ngoana ea ntseng a ithuta ho tsamaea a tsamaee hantle feela a sa oele, hoa tšoana le haeba motho a batla ho atleha bophelong o tla ’ne a kopane le mathata.

MELEMO EA HO MAMELLA

Bana ba bang baa nyahama haeba ba sa khone ho etsa lintho tseo ba li ratang, ha ba kopana le mathata kapa ho na le batho ba tšoaeang mosebetsi oa bona phoso. Ba bang bona ba khaotsa ho etsa boiteko ba hore ba atlehe. Empa ba tlameha hore ba utloisise lintlha tsena:

  • Ha se lintho tsohle tseo re li etsang tseo re tla atleha ho tsona.​—Jakobo 3:2.

  • Mathata a hlahela motho e mong le e mong.​—Moeklesia 9:11.

  • Ka linako tse ling re hloka ho khalemeloa e le hore re etse lintho hantle.​—Liproverbia 9:9.

Haeba bana ba hao ba mamella hona joale, ba tla atleha ho hlola mathata ao ba tla tobana le ’ona ha ba se ba le baholo.

U KA RUTA BANA BA HAO HO MAMELLA JOANG?

Haeba ho e-na le moo ngoana oa hao a hlolehang.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Etsoe ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.”​—Liproverbia 24:16.

Thusa ngoana oa hao hore a se ke a nyahamisoa le ke mathata a fokolang. Mohlala, o tla etsa’ng haeba a sa pasa tlhahlobo sekolong? Mohlomong a ka tela a nka hore ha ho letho leo a ka khonang ho le etsa hantle.

U ka ruta ngoana oa hao ho mamella ka ho mo koetlisa hore na a ka etsa’ng nakong e tlang e le hore a atlehe. Ha u etsa joalo, ngoana oa hao a ke ke a lumella mathata hore a mo hloe setha empa o tla leka ho a rarolla.

Ha oa lokela ho rarolla mathata a ngoana oa hao empa u lokela ho mo thusa ho itharollela ’ona. U ka ’na oa mo botsa hore na o bona eka a ka etsa’ng hore nakong e tlang a tle a pase tlhahlobo eo.

Ha a e-na le mathata.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla ba joang hosasane.” ​—Jakobo 4:14.

Bophelo ke lebili, morui a ka tsoha e le mofutsana le motho ea phetseng hantle a ka tsoha a kula. Bibele e re: “Ba lebelo ha ba hlole peisong, leha e le hore ba matla baa hlola ntoeng . . . hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”​—Moeklesia 9:11.

Ke boikarabello ba hao joaloka motsoali ho sireletsa ngoana oa hao. Leha ho le joalo, ’nete eo re ke keng ra e qoba ke hore u ke ke oa khona ho sireletsa ngoana oa hao nthong e ’ngoe le e ’ngoe.

Ke ’nete hore ho na le mathata ao ngoana oa hao a ke keng a khona ho a utloisisa hobane a sa le monyenyane, a kang ho felloa ke chelete kapa ke mosebetsi. Leha ho le joalo ho na le mathata ao u ka mo thusang ho a mamella, mohlala, haeba motsoalle oa hae a mo fetohetse kapa ho na le setho sa lelapa se hlokahetseng.a

Ha ngoana oa hao a khalemeloa.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Mamela keletso . . . e le hore u ka hlalefa bokamosong ba hao.”​—Liproverbia 19:20.

Ha motho e mong a khalemela ngoana oa hao ha se hore oa mo hlorisa empa o mo hlokomelisa phoso eo a tlamehang ho e lokisa.

Ha u ruta ngoana oa hao hore a lumele ha a khalemeloa, u qobisa uena le eena mathata. Ntate e mong ea bitsoang John o re: “Haeba bana ba sa lokise liphoso, ha ho na mohla ba tla ithuta. Ba ke ke ba lokisa liphoso tsa bona empa u tla lula u ba pata bohlasoa bophelo bohle ba bona. Taba ena e etsa hore motsoali le ngoana ba sulafalloe ke bophelo.”

U ka thusa ngoana oa hao joang ho hlokomela hore ke taba ea bohlokoa ha batho ba bang ba mo khalemela? Ha ngoana a u phetela hore ho na le motho ea mo khalemetseng, e bang ke sekolong kapa hohle moo a neng a le teng, u se ke oa potlakela ho tšoaea motho eo liphoso. Empa u ka botsa ngoana oa re:

  • “Ebe u nahana ke hobane’ng ha motho eo a ne a u khalemela?”

  • “U bona eka u ka lokisa hokae?”

  • “U bona eka u tla etsa’ng ha u ka hlaheloa ke ntho e tjee hape?”

U se ke oa lebala hore haeba ngoana oa hao a lumela ha a khalemeloa, taba eo e tla mo tsoalla namane e tšehali hona joale le ha a se a le moholo.

a Bala sehlooho se reng “Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa” se hlahang ho Molula-Qhooa oa July 1, 2008.

’Me o thusa ngoana oa hae ea nyahamisitsoeng ke hore cake eo a e bakileng ha ea tsoa hantle

QALELLA HO BA KOETLISA

Haeba ngoana a sa tele ka mor’a hore a etse liphoso, o tla khona ho ithuta ho etsa lintho tse ncha a be a ipabole ho tsona

Etsa Lintho ka Tsela e Khahlang Ngoana

  • Na kea amohela ha ke entse liphoso kapa ke lula ke beha batho ba bang molato?

  • Na kea cho ha ke entse liphoso ebe ke ithuta liphosong tseo?

  • Na ke bua ka liphoso tsa batho ba bang ka tsela e ba tlontlollang?

Mehlala ea Batsoali ba Bang

Ntate Jeff o re: “Ka linako tse ling re ne re tlohella bana ba rona hore ba ipone na ba tsoa le hokae haeba ba e-na le mathata, ho na le lintho tseo ba sa li tsebeng kapa ba entse liphoso. Le ’na ke ile ka tlameha ho mamella lintho tse tjena ha ke sa le monyenyane, ’me ho ile ha nthusa. Ke lumela hore bana ba rona ba hotse hantle hobane re ne re sa ba tefise.”

Ntate James eena o re: “ ’Na le mosali oa ka re ne re tloaetse ho kopa tšoarelo ho bana ba rona ha re ba foselitse. Ke utloa eka batsoali ba lokela ho phetela bana ba bona ka liphoso tseo ba kileng ba li etsa e le hore bana ba tsebe hore motho e mong le e mong o etsa liphoso.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela