Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 2 maq. 6-7
  • 1. Na ke Molimo ea re Bakelang Mathata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1. Na ke Molimo ea re Bakelang Mathata?
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Tseba Karabo
  • Nahana ka Taba Ena
  • Bibele e Re’ng?
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2020
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bohloko?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 2 maq. 6-7
Moruti o tšoere Bibele o tšelisa batho ba siameng ka kerekeng.

1. Na Ke Molimo Ea Re Bakelang Mathata?

Re Lokela ho Tseba Karabo

Batho ba bangata ha ba batle ho rapela Molimo hobane ba nka hore ke eena ea re bakelang mathata.

Nahana ka Taba Ena

Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ’nile bua ka ho toba kapa ba fana ka maikutlo a hore Molimo ke eena ea re bakelang lintho tse bohloko. Tse ling tsa lintho tseo ba li buang ke tsena:

  • Molimo o otla batho ka likoluoa tsa tlhaho.

  • Bana ba shoa hobane Molimo a batla mangeloi a eketsehileng leholimong.

  • Molimo o nka lehlakore lintoeng ’me lintoa tsena li baka mesarelo e meholo.

Na ho ka etsahala hore ebe lintho tsee tseo baeta-pele ba bolumeli ba li rutang ka Molimo li fosahetse? Haeba Molimo a sa ba amohele ka lebaka la hore ba ruta mashano ka eena, na re lokela ho kholoa seo ba se rutang?

ITHUTE HAHOLOANYANE

Shebella video e reng Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? e fumanehang ho jw.org/st.

Bibele e Re’ng?

Ha se Molimo ea re bakelang mathata.

Haeba re re ke eena ea re bakelang mathata, taba eo e ne e tla be e hanana le seo Bibele e se rutang. Mohlala:

“Litsela tsohle tsa hae ke toka. . . . O lokile ’me o khabane.”​—DEUTERONOMA 32:4.

“Ho ke ho be hole le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!”​—JOBO 34:10.

“Ea Matla ’Ohle ha a khopamise kahlolo.”​—JOBO 34:12.

Molimo ha a rate malumeli a rutang mashano ka eena.

Taba ena e akarelletsa malumeli a kenellang lintoeng le liqhoebeshanong le a reng ke Molimo ea re bakelang mathata.

“Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka [Molimo]. Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona. Ba bua le lona ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata . . . le ho qhekella ha lipelo tsa bona.”​—JEREMIA 14:14.

Jesu o ile a nyatsa boikaketsi bo teng bolumeling.

“Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’Musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ Leha ho le joalo ka nako eo ke tla ba bolella: ‘Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lona ba etsang tlolo ea molao.’ ”​—MATHEU 7:​21-23.

Na ke Molimo ea re bakelang Mathata?

Nahana ka ntate ea holisang bana ba hae ’me a ba hlokomela ka lintho tsohle tseo ba li hlokang. Hamorao e mong oa bara ba hae o fetoha lerabele ’me o tloha lapeng a il’o iphelela borata. Na ntate o ne a tla be a le molato ka boitšoaro ba mora oa hae? Na mora a ka beha ntate oa hae molato ha a kotula litholoana tse bosula tsa liketso tsa hae? Ka tsela e tšoanang re ke ke ra beha Molimo molato ha re hlaheloa ke mathata.

Empa, na see se bolela hore ke molato oa rona ha re hlaheloa ke mathata?

Sheba potso ea 2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela